Maikutlo a Babali
Kankere ea Letlalo—Mokhoa oa ho Itšireletsa (June 8, 2005) Boitsebiso bo lihloohong tsena boa tsoteha. Ke ngaka e okamelang tleleniking ea mafu a letlalo. Nka rata ho fumana likopi tse eketsehileng e le hore ke tsebe ho li abela batho.
K. W., Denmark
Ka lebaka la sehlooho sena, ke ile ka etsa qeto ea hore hlahala e neng e ipōpile ka mokokotlong e hlahlojoe. Ngaka e ile ea mpolella hore e ne e ka ’na ea qetella e fetohile kankere e bitsoang lefu la Bowen. Ke ile ka sebetsoa hang-hang. Lihlooho tsena li nthusitse hore ke nke khato kapele.
S. M., Japane
Lebokose le leqepheng la 7 le ile la etsa hore ke ee ngakeng ho ea hlahlojoa leqhutsu leo ke nang le lona. E ile ea fumana hore ke kankere ea letlalo e kotsi ea melanoma, empa e ne e le boemong bo qalang. Joalokaha sehlooho sena se bontšitse, haeba mofuta ona oa kankere o sa phekoloe kapele, o ne o ka qetella o mpolaile. Ke leboha ngaka hammoho le lihlooho tsa Tsoha! ena, tseo e ka ’nang eaba li pholositse bophelo ba ka!
L. S., United States
Se ka Tšohloang ke Lelapa (May 8, 2005)a Ke ne ke tloaetse ho bala lihlooho tse ipiletsang ho ’na feela, empa ka mor’a ho bona sehlooho se reng “Se ka Tšohloang ke Lelapa,” ke ile ka bala makasine kaofela e le hore ke tsebe ho araba lipotso. E se khale, ke iphumane e se e le mokhoa ho bala makasine kaofela!
Y. Z., Russia
Ke ile ka thabela leqephe lena haholo. Ntle le hore le ile la ’natefela, le ile la etsa hore ke lemohe hore ke tlameha ho ela hloko ka ho eketsehileng seo ke se balang!
D. S., Brithani
Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha ke Khahloa ke Batho ba Fosahetseng? (August 8, 2005) Ho bonahala eka ka mor’a lilemo tse leshome ‘kamehla ke e-na le ho hongata hoo nka ho etsang mosebetsing oa Morena,’ ke ntse ke sitoa ho lokisa bofokoli bona bothong ba ka. (1 Bakorinthe 15:58) Ke ne ke lemoha hore ke ne ke sa hōle maikutlong, empa ke ne ke sa tsebe hore na ke sebetsane le bothata bona joang. Ke leboha Jehova ka lihlooho tse kang tsena tse re thusang hore re tsoele pele tsamaisong ena.
J. F., United States
Sehloohong sena ho builoe ka ‘ho se qobe ka ho feletseng batho ba sa tloaelanang le linnete tsa Bibele.’ Na le ka hlalosa see haholoanyane? Ho thoe’ng haeba Mokreste a e-na le setsoalle se haufi-ufi le motho ea sa lumelang? Na see ha sea lokela ho etsa hore ba bang ba amehe ka hona?
D. P., United States
Karabo ea “Tsoha!”: Sehlooho seo se ne se sa khothalletse Bakreste hore ba be le setsoalle se haufi le batho ba sa lumelang. Boemong leha e le bofe, ’nete ke hore molao-motheo ona oa Bibele oa sebetsa: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore re qoba batho ba sa lumelang ka ho feletseng. Joalokaha sehlooho seo se bontšitse, Bibele e re khothalletsa hore re ‘sebetse se molemo ho bohle’—eseng feela ho ba nang le tumelo e tšoanang le ea rōna. (Bagalata 6:10) Ka sebele tšebeletso ea rōna ea Bokreste e hloka hore re be le thahasello ea sebele ho batho, re ba tšoare ka seriti le ho ba hlompha. Jesu o behile mohlala o motle tabeng ena. Ha ho moo a ileng a ba le setsoalle se haufi le batho ba neng ba se na thahasello ea ho etsa thato ea Molimo. (Johanne 15:14) Ka nako e tšoanang, o ile a ea ho batho ’me o ne a tseba ho buisana le bona le ho sebetsana le bona. Ka lebaka leo, Jesu o ile a ba le monyetla oa ho fana ka bopaki bo atlehang. (Ka mohlala, bona tlaleho e ho Luka 7:36-50) Joaloka Jesu, re ka lula re e-na tlhompho ho ba sa lumelang. Sepheo sa rōna ke “ho ba le kahlolo e molemo, ho bontša bonolo bohle ho batho bohle.”—Tite 3:2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sehlooho sena ha sea fetoleloa ka Sesotho.