Na U ka Fallela Moo ho Hlokahalang Bahoeletsi ba ’Muso?
“Re ne re phela hamonate United States empa re ne re khathatsehile ka hore ho phelela maruo ho neng ho atile moo, qetellong ho ne ho ka ’na ha susumetsa bara ba rōna ba babeli. ’Na le mosali oa ka re ne re kile ra sebetsa re le baromuoa ’me re ne re boetse re batla ho phela bophelo boo bo sa rarahanang empa e le bo thabisang.”
KA LEBAKA la takatso eo, ka 1991, Ralph le Pam ba ile ba etsa qeto ea ho ngolla liofisi tsa makala tse ’maloa ba bolela hore ba lakatsa ho sebetsa moo ho hlokahalang bahoeletsi ba ’Muso. Ofisi ea lekala ea Mexico e ile ea ba araba ea bolela hore bahoeletsi ba ’Muso ba neng ba ka bolella batho ba buang Senyesemane litaba tse molemo naheng eo, ba ne ba hlokahala ka potlako. Lekala leo le ile la bolela hore ha e le hantle, tšimo eo e ne e “soeufetse bakeng sa kotulo.” (Joh. 4:35) Ho e-s’o ee kae, Ralph le Pam, hammoho le bara ba bona bao ka nako eo e mong a neng a le lilemo li 8 e mong li le 12, ba ile ba amohela memo eo ’me ba qala ho etsa litokisetso tsa ho fallela Mexico.
Tšimo e Khōlō
Ralph o re: “Pele re tloha United States, ba bang ba bara le baralib’abo rōna ba neng ba nahana hore ba re tsoela khomo, ba ile ba re ho rōna: ‘Ho fallela naheng e ’ngoe ho kotsi haholo!’ ‘Le tla etsa joang haeba le ka kula?’ ‘Ke hobane’ng ha le il’o bolela tšimong ea batho ba buang Senyesemane? Batho ba buang Senyesemane moo ba ke ke ba thabela ho ithuta ’nete!’ Leha ho le joalo, re ne re se re entse qeto. Ha e le hantle, re ne re sa etsa qeto ena ea ho falla ka tšohanyetso. Re ne re ile ra itokisetsa eona ka lilemo tse ngata. Re ne re ile re ile ra qoba ho etsa likoloto tseo ho neng ho tla nka nako e telele hore re li lefe, ra boloka chelete ra ba ra buisana halelele re le lelapa ka mathata ao re neng re ka ’na ra thulana le ’ona.”
Ralph le ba lelapa la hae ba ile ba qala ka ho etela lekala la Mexico. Ha ba le moo, barab’abo rōna ba ile ba ba bontša ’mapa oa naha eo kaofela eaba ba re, “Tšimo ea lōna ke ena!” Lelapa leo le ile la lula San Miguel de Allende, e leng toropo e nang le bajaki ba bangata, e lik’hilomithara tse 240 ka leboea bophirimela ho Mexico City. Lilemo tse tharo ka mor’a hore ba fihle moo, ho ile ha thehoa phutheho ea batho ba buang Senyesemane ea bahoeletsi ba 19 toropong eo. Eo e ne e le phutheho ea pele ea batho ba buang Senyesemane Mexico—empa mosebetsi o ne o sa le mongata.
Ho na le baahi ba United States ba lulang Mexico ba ka bang milione. Ho phaella moo, Mexico ho na le barutehi ba bangata le bana ba sekolo ba buang Senyesemane e le puo ea bona ea bobeli. Ralph o re: “Re ile ra rapella hore ho eketsoe basebetsi. Kamehla re ne re e-ba le kamore e sa sebelisoeng bakeng sa bara le baralib’abo rōna bao ho neng ho ka boleloa hore ba tla Mexico ho tla ‘hloela naha.’”—Num. 13:2.
Ba Nolofalitse Bophelo ba Bona e le Hore ba Eketse Nako ea Bona Tšebeletsong
Ka potlako bara le baralib’abo rōna ba bangata ba neng ba batla ho eketsa nako ea bona tšebeletsong, ba ile ba fihla. Ba bang ba bona e ne e le Bill le Kathy ba neng ba tsoa United States. Ka lilemo tse 25 ba ne ba se ba ’nile ba sebetsa libakeng tseo ho neng ho hlokahala bahoeletsi ho tsona. Ba ne ba batla ho ithuta Sepanishe, empa ba ile ba fetola maikutlo ka mor’a hore ba fallele toropong ea Ajijic e lebōpong la Lake Chapala, e leng sebaka seo batho ba United States ba pensheneng ba ratang ho lula ho sona. Bill o re, “Ha re le Ajijic re ile ra phathahana haholo ka ho batla batho ba buang Senyesemane ba neng ba batla ho ithuta ’nete.” Pele ho feta lilemo tse peli Bill le Kathy ba fihlile toropong eo, ba ile ba thabela ho bona ha ho thehoa phutheho ea bobeli ea Senyesemane Mexico.
Ken le Joanne ba tsoang Canada ba ne ba batla ho nolofatsa bophelo ba bona e le hore ba be le nako e ngata ea ho bolela ka ’Muso. Le bona ba ile ba fallela Mexico. Ken o re, “Ho ile ha nka nako hore re tloaele ho lula sebakeng seo ho sona ho ka etsahalang hore motho a se ke a ba le metsi a chesang, motlakase, kapa litšebeletso tsa thelefono ka matsatsi a mangata.” Leha ho le joalo, ho etsa mosebetsi oa boboleli ho ne ho re thabisa. Kapele-pele Ken o ile a khethoa hore e be mohlanka ea sebeletsang ’me lilemo tse peli hamorao e ile ea e-ba moholo. Qalong, morali oa bona Britanny o ne a imeloa ke ho kopanela phuthehong e nyenyane ea Senyesemane e neng e e-na le bacha ba seng ba kae feela. Leha ho le joalo, ka mor’a hore a kopanele mosebetsing oa kaho ea Liholo Tsa ’Muso, o ile a ba le metsoalle e mengata e metle naheng eo eohle.
Patrick le Roxanne, ba tsoang profinseng ea Texas, United States, ba ile ba thaba ha ba utloa hore ho na le tšimo ea boromuoa e seng hōle hakaalo moo ho nang le batho ba buang Senyesemane. Patrick o re: “Ka mor’a ho etela Monterrey, e leng toropo ea Mexico e ka boroa bochabela, re ile ra hlokomela hore Jehova o ne a re tataisetsa hore re e’o thusa moo.” Matsatsi a mahlano ka mor’a moo, ba ile ba atleha ho rekisa ntlo ea bona e Texas eaba ka tsela ea tšoantšetso ba “tšelela Macedonia.” (Lik. 16:9) Ha ho bonolo ho fumana chelete ea ho iphelisa Mexico, empa ka lilemo tse peli feela, ba ile ba thabela ho bona ha sehlopha se senyenyane sa Lipaki tse 17 se hōla e e-ba phutheho ea bahoeletsi ba 40.
Jeff le Deb ke banyalani ba bang ba nolofalitseng bophelo ba bona e le hore ba eketse nako ea bona ea tšebeletso. Ba ile ba rekisa ntlo ea bona e khōlō United States eaba ba fallela foleteng e nyenyane Cancún, e leng motse o lebōpong le ka bochabela la Mexico. Nakong e fetileng, ba ne ba tloaetse ho ea likopanong haufi le moo ba lulang teng, libakeng tseo ba neng ba lula hamonate ho tsona tse nang le mechine e fehlang moea o chesang kapa o batang. Hona joale ba lokela ho nka leeto la lihora tse robeli ho ea kopanong e haufinyane ea Senyesemane, e tšoareloang lebaleng la lipapali le sa ruleloang. Empa ba ile ba thaba haholo ha ba bona ho thehoa phutheho ea bahoeletsi ba 50 Cancún.
Ba bang ba bara le baralib’abo rōna ba Mexico ba ile ba qala ho thusa ho etsa mosebetsi oa boboleli ka Senyesemane. Ka mohlala, ha Rubén le ba lelapa la hae ba utloa hore ho ne ho thehiloe phutheho ea pele ea Senyesemane San Miguel de Allende le hore tšimo ea phutheho eo e ne e le Mexico eohle, hang-hang ba ile ba etsa qeto ea ho ea thusa moo. Sena se ile sa bolela hore ba ne ba lokela ho ithuta Senyesemane, ho tloaela mekhoa e mecha, ho tsamaea sebaka se selelele sa lik’hilomithara tse 800 beke le beke ha ba e-ea libokeng. Rubén o re: “Re ile ra thabela ho pakela bajaki ba lutseng Mexico lilemo tse ngata empa e le lekhetlo la pele ba utloa molaetsa oa litaba tse molemo ka puo ea habo bona. Ba bang ba bona ba ne ba bile ba lla ha ba bontša hore ba ananela seo re se etsang.” Ka mor’a hore ba thuse phutheho ea San Miguel de Allende, Rubén le ba lelapa la hae ba ile ba sebetsa e le bo-pula-maliboho toropong ea Guanajuato, e bohareng ba Mexico, moo ba ileng ba kenya letsoho hore ho thehoe phutheho ea batho ba buang Senyesemane ea bahoeletsi ba fetang 30. Hona joale, ba sebetsa le sehlopha se buang Senyesemane sa Irapuato, e leng toropo e haufi le Guanajuato.
Ho Pakela Batho Bao ho Leng Thata ho ba Fumana
Ntle ho bajaki, ho na le batho ba bangata ba Mexico ba buang Senyesemane. Hangata ho thata ho ba bolella molaetsa oa ’Muso hobane ba lula libakeng tsa batho ba hafang ka nkatana moo basebeletsi ba malapeng e leng bona ba bulelang batho menyako. Haeba ho etsahala hore beng ba matlo e be bona ba bulang menyako, ba ka ’na ba se ke ba rata ho mamela molaetsa oa rōna hobane ba nahana hore Lipaki Tsa Jehova ke lequloana la sebakeng seo sa habo bona feela. Leha ho le joalo, haeba Lipaki tse tsoang naheng e ’ngoe li bua le bona, ba bang baa mamela.
Nahana ka mohlala oa Gloria ea lulang toropong ea Querétaro, Mexico bohareng. O re: “Pele ke ne ke ile ka eteloa ke Lipaki tse buang Sepanishe empa ha kea ka li mamela. Leha ho le joalo, ha lelapa la ka le metsoalle ba qala ho ba le mathata, ke ile ka nyahama haholo eaba ke rapela Molimo, ke mo kōpa hore a nthuse hore ke fumane hore na mathata ana a ka rarolloa joang. Nakoana ka mor’a moo, mosali e mong ea buang Senyesemane o ile a fihla lapeng la ka. O ile a botsa hore na ho na le motho ea buang Senyesemane lapeng moo. Kaha e ne e le mojaki, ke ile ka ba le tjantjello eaba ke mo bolella hore ke bua Senyesemane. Ha a ntse a bua, ke ile ka ipotsa, ‘Ebe Moamerika eo o etsa’ng moo?’ Empa ke ne ke ile ka kōpa thuso ho Molimo. Joale, mohlomong Molimo o ne a arabela thapelo ea ka ka mojaki enoa.” Gloria o ile a lumela ho ithuta Bibele eaba o tsoela pele kapele haholo a ba a kolobetsoa, le hoja lelapa le ne le mo hanyetsa. Hona joale, Gloria ke pula-maliboho oa kamehla, ’me monna oa hae hammoho le mora oa hae le bona ba sebeletsa Jehova.
Moputso o Fumanoang ke ba Eketsang Nako ea Bona ea Tšebeletso
Ke ’nete hore ho sebetsa moo ho hlokahalang bahoeletsi ba ’Muso, ho ka ba le mathata a mangata, empa meputso ea teng le eona e mengata. Ralph, eo ho builoeng ka eena qalong, o re: “Re ne re ithuta Bibele le batho ba tsoang Brithani, China, Jamaica, Sweden esita le linkokonono tsa Ghana. Tse ling tsa liithuti tsena tsa Bibele e ile ea e-ba basebeletsi ba nako e tletseng. Ha lilemo li ntse li feta, lelapa la rōna le bone ha ho thehoa liphutheho tsa Senyesemane tse supileng. Bara ba rōna ka bobeli ba ile ba qala ho bula maliboho le rōna ’me hona joale ba sebetsa Bethele ea United States.”
Hona joale, Mexico ho na le liphutheho tsa Senyesemane tse 88 le lihlopha tse ngata. Ke eng e entseng hore ho be le keketseho ka potlako hakaalo? Ho ne ho se mohla batho ba bangata ba buang Senyesemane Mexico ba kileng ba bua le Lipaki. Ba bang ba ne ba mamela hantle kaha mona ba ne ba sa be le khatello e neng e ka ba thibela ho mamela e kang eo ba neng ba ka ba le eona haeba ba ne ba le linaheng tsa habo bona. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba lumela ho ithuta Bibele hobane ba ne ba se ba le pensheneng ’me ba ne ba e-na le nako ea ho ithuta Bibele. Ho phaella moo, ho feta karolo ea boraro ea bahoeletsi ba liphutheho tse buang Senyesemane, ke bo-pula-maliboho, e leng se etsang hore ho be le cheseho le keketseho liphuthehong tseo.
Le Tla Fumana Mahlohonolo
Ha ho pelaelo hore batho ba bangata lefatšeng lohle ba tla nka khato ha ba utloa molaetsa oa ’Muso oo ba o bolelloang ka lipuo tsa habo bona. Kahoo, ke ho khothatsang ho hlokomela hore bara le baralib’abo rōna ba bangata ba ratang lintho tsa moea—ba baholo le ba banyenyane, ba masoha le ba lenyalong—ba ikemiselitse ho fallela libakeng tseo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ho tsona. Ke ’nete hore ba ka ’na ba thulana le mathata, empa mathata ana hase letho ha a bapisoa le thabo eo ba bang le eona ha ba fumana batho ba lipelo li ntle ba amohelang ’nete ea Bibele. Na u ka etsa liphetoho bophelong ba hao tse tla u thusa hore u fallele sebakeng se seng naheng ea heno kapa naheng esele moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso?a (Luka 14:28-30; 1 Bakor. 16:9) Haeba u ka etsa joalo, u ka kholiseha hore u tla fumana mahlohonolo a mangata.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, leqepheng la 111-112, ho fumana boitsebiso bo batsi mabapi le ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane.
[Lebokose le leqepheng la 21]
O Khahloa ke Batho ba Pensheneng ba Thabileng
Beryl o ile a falla Brithani a ea Canada. Ha a le moo, o ile a sebeletsa e le mookameli oa lik’hamphani tse ngata tsa machaba. Hape e ile ea e-ba sepalami sa lipere se hloahloa ’me o ile a ba a khetheloa ho emela Canada lipapaling tsa Liolimpiki ka 1980. Ha ba se ba lula Chapala, Mexico, ka mor’a hore ba ee pensheneng, hangata Beryl le monna oa hae ba ne ba ja lireschorenteng tsa sebaka seo. Ha a ne a bona batho ba pensheneng ba buang Senyesemane bao ho neng ho bonahala ba thabile, o ne a ee a itsebise bona ebe oa ba botsa hore na ba etsa’ng moo Mexico. Hangata ho ne ho ee ho fumanehe hore batho bao ba thabileng ke Lipaki Tsa Jehova. Beryl le monna oa hae ba ile ba nahana hore haeba ho tseba Molimo ho etsa hore batho ba thabe ba be ba be le morero bophelong, le bona ba ne ba batla ho mo tseba. Ka mor’a ho ea libokeng tsa Bokreste ka likhoeli tse ’maloa, Beryl o ile a lumela ho ithuta Bibele ’me ea e-ba Paki. Beryl e ile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla ka lilemo tse ’maloa.
[Lebokose le leqepheng la 22]
“Boteng ba Bona bo re Tsoetse Molemo”
Batho ba fallelang linaheng tseo ho tsona ho hlokahalang bahoeletsi ba ’Muso ba ratoa haholo ke barab’abo rōna ba libakeng tseo. Ofisi e ’ngoe ea lekala ea lihlekehlekeng tsa Caribbean e ile ea ngola ea re: “Haeba bajaki ba bangata ba sebetsang mona ba ne ba ka tsamaea, sena se ne se tla ama botsitso ba liphutheho. Boteng ba bona bo re tsoetse molemo.”
Lentsoe la Molimo le bolela hore “basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.” (Pes. 68:11) Kahoo, ha ho makatse hore ebe har’a batho ba sebeletsang linaheng tse ling ho na le baralib’abo rōna ba bangata ba masoha. Barali bao babo rōna ba itetseng ba thusa haholo. Ofisi e ’ngoe ea lekala ea Europe Bochabela e re: “Liphuthehong tse ngata tsa habo rōna, ho na le baralib’abo rōna ba bangata, ka linako tse ling ba bile ba feta halofo ea bahoeletsi ba phutheho. Boholo ba bona hase khale e le Lipaki, empa baralib’abo rōna ba bo-pula-maliboho bao e leng masoha, ba tsoang linaheng tse ling, ba thusa haholo ka ho ba koetlisa. Barali bana babo rōna ba tsoang linaheng tse ling ruri ke mpho eo re e filoeng!”
Barali bao babo rōna ba ikutloa joang ka ho sebeletsa linaheng tse ling? Angelica, e leng morali oabo rōna ea ka bang lilemo li 35 ea ’nileng a sebeletsa ka lilemo tse ngatanyana linaheng tse ling e le pula-maliboho oa lesoha o re: “Mathata a mangata. Sebakeng se seng seo ke neng ke abetsoe ho ea sebetsa ho sona, letsatsi le leng le le leng, ke ne ke qhafutsa mebileng e liretse ke bile ke utloisoa bohloko ke ho bona mahlomola a batho. Empa ke ile ka khotsofatsoa ke ho thusa batho tšimong. Ke ile ka boela ka angoa ka ho teba ke mantsoe a kananelo ao baralib’abo rōna ba mona ba neng ba atisa ho a bua ha ba nteboha hore ebe ke tletse ho tla ba thusa. Morali e mong oabo rōna o ile a mpolella hore mohlala oa ka oa hore ke tlohe sebakeng se hōle ho tla sebetsa naheng ea habo ke le pula-maliboho o ile oa mo susumetsa hore le eena a etse tšebeletso ea nako e tletseng.”
Sue eo e leng pula-maliboho ea sa tsoa ba lilemo li 50, o re: “Ha ho pelaelo hore u thulana le mathata, empa mathata ana hase letho ha a bapisoa le mahlohonolo ao u a fumanang. Tšimo e monate! Kaha ke qeta nako e ngata tšimong le baralib’abo rōna ba banyenyane, ke ba phetela seo ke ithutileng sona Bibeleng le libukeng tsa rōna mabapi le hore na re ka hlōla mathata joang. Hangata ba mpolella hore mohlala oa ka oa ho mamella mathata ka lilemo tse ngata ha ke ntse ke sebeletsa ke le pula-maliboho oa lesoha o ba thusa ho bona kamoo le bona ba ka hlōlang mathata kateng bophelong. Ho thusa barali bana babo rōna ho etsa hore ke khotsofale haholo.”
[’Mapa o leqepheng la 20]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
MEXICO
Monterrey
Guanajuato
Irapuato
Ajijic
Chapala
Lake Chapala
San Miguel de Allende
Querétaro
MEXICO CITY
Cancún
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ba bang ba thabela ho pakela bajaki ba qalang ho utloa litaba tse molemo