Ke Ile ka Fumana Morero oa Bophelo
Joalokaha ho boletse Gaspar Martínez
Ka litsela tse itseng, pale ea ka ke ea moshanyana oa mofutsana ea neng a e-tsoa mahaeng, ea ileng a rua ha a fihla toropong. Empa u tla hlokomela hore leruo leo ke ileng ka le fumana hase leo ke neng ke hlile ke le lebeletse.
KE HŌLETSE Rioja karolong e ka leboea ea Spain, e leng sebakeng sa mahaeng se letsoatlare, lilemong tsa bo-1930. Ha ke le lilemo li leshome, ke ile ka tlameha ho tlohela sekolo, empa ke ne ke se ke ithutile ho bala le ho ngola. ’Na le banab’eso ba tšeletseng, re ne re lisa linku kapa re lema masimo abo rōna a manyenyane.
Bofutsana bo ile ba etsa hore re rate leruo. Re ne re khalla batho ba neng ba e-na le lintho tse ngata ho re feta. Leha ho le joalo, ka nako e ’ngoe mobishopo o kile a re motsana oa habo rōna e ne e le “oona o ratang bolumeli ka ho fetisisa dioceseng ea hae.” O ne a sa hlokomele hore ha nako e ntse e e-ea batho ba bangata ba ne ba tla tlohela Bok’hatholike.
Ke Batla Ntho e ’Ngoe e Molemo
Ke ile ka nyala Mercedes, e leng ngoanana ea neng a tsoa motseng oa heso. Ka mor’a nako e seng kae, re ile ra ba le ngoana oa moshanyana eo re neng re lokela ho mo hlokomela. Ka 1957 re ile ra fallela motseng o haufi oa Logroño, ’me qetellong litho tsohle tsa lelapa leso li ile tsa fallela teng. Ho e-s’o ee kae, ke ile ka hlokomela hore kaha ke ne ke se na tsebo ea mosebetsi, menyetla ea hore ke fumane moputso o ka re phelisang e ne e fokola. Ke ile ka ipotsa hore na ke ne ke tla fumana thuso hokae. Ke ile ka qala ho etsa lipatlisiso laebraring ea moo ke neng ke lula teng, le hoja ke ne ke hlile ke sa tsebe hore na ke lokela ho batla eng.
Hamorao, ke ile ka utloela ka lenaneo la seea-le-moea le neng le fana ka thupelo ea Bibele ka ngollano. Nakoana ka mor’a hore ke e qete, litho tse ling tsa bolumeli ba Baprostanta ba Evangeli li ile tsa buisana le ’na. Ka mor’a ho ea sebakeng seo li rapellang ho sona ka makhetlonyana, ke ile ka hlokomela qhoebeshano e neng e le teng har’a litho tsa sehlopha seo tse neng li hlaheletse ka mahetla. E ile eaba ha ke sa le beha, ka etsa qeto ea hore e tlameha ebe malumeli ’ohle aa tšoana.
Makhakhapha aa oa Mahlong a Ka
Ka 1964 mohlankana ea bitsoang Eugenio o ile a re etela. E ne e le Paki ea Jehova, e leng bolumeli boo ke neng ke qala ho utloa ka bona. Empa ke ne ke hlile ke thahasella ho bua ka Bibele. Ke ne ke nahana hore ke tseba Mangolo haholo. Ke ile ka mo araba ka litemana tse seng kae tsa Bibele tseo ke neng ke ithutile tsona ka thuto ka ngollano. Le hoja ke ile ka leka ho emela lithuto tse itseng tsa Boprostanta, botebong ba pelo ke ne ke hlile ke sa li lumele.
Ka mor’a ho buisana le eena ka makhetlo a mabeli ka nako e telele, ke ile ka tlameha ho lumela hore Eugenio o ile a sebelisa Lentsoe la Molimo ka tsela e tsoileng matsoho. Ke ile ka hlolloa ha ke bona kamoo a neng a tseba ho fumana mangolo kateng le ho a hlalosa, le hoja ke ne ke mo feta ka thuto. Eugenio o ile a mpontša ka Bibeleng hore re phela matsatsing a ho qetela le hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla tlisa lefatše la paradeise. Ke ile ka hlolloa.—Pes. 37:11, 29; Esa. 9:6, 7; Mat. 6:9, 10.
Ntle ho tikatiko ke ile ka lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. Hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke ileng ka ithuta eona e ne e le ncha, ’me e ile ea nkama haholo. Ke ile ka ba le tšepo ’me sena sa etsa hore ke be le seo ke se phelelang. Ke ne ke fumane seo ke neng ke se batla. Joale boiteko ba ka ba ho ntlafatsa boemo ba ka sechabeng bo ile ba bonahala e se e se ba bohlokoa, ’me tsela eo ke neng ke sokola ka eona ho loantšana le mathata a mosebetsi ha ea ka ea hlola e e-ba ea bohlokoa hakaalo. Esita le ho kula le lefu li tla felisoa.—Esa. 33:24; 35:5, 6; Tšen. 21:4.
Hang-hang ke ile ka qala ho bolella beng ka ’na seo ke neng ke ithuta sona, ka mafolofolo ke ba hlalosetsa hore Molimo o tšepisa hore o tla tlisa lefatše la paradeise leo ho lona batho ba tšepahalang ba tla phela ka ho sa feleng.
Lelapa Leso le Amohela ’Nete ea Bibele
Ka mor’a nakoana, ba ’maloa ba rōna ba ile ba etsa qeto ea hore re bokane Sontaha se seng le se seng thapama ha rangoane, e le hore re tšohle litšepiso tsa Bibele. Re ne re qeta lihora tse peli kapa tse tharo beke le beke re etsa joalo. Ha Eugenio a bona hore sehlopha se seholo hakaalo sa beng ka ’na se ne se thahasella Bibele, o ile a lokisetsa hore a thuse lelapa ka leng.
Ke ne ke e-na le beng ka ’na ba bang Durango, e leng motsaneng o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 120, oo ho neng ho se na Lipaki tse lulang ho oona. Kahoo ka mor’a likhoeli tse tharo, ke ile ka nka phomolo ea matsatsi a ’maloa mosebetsing ’me ka ba etela e le hore nka ba hlalosetsa tumelo ea ka e ncha. Nakong eo, re ne re bokana mantsiboea a mang le a mang re ka ba leshome, ebe ke bua le bona ho fihlela ka meso. Kaofela ha bona ba ne ba thabela ho mamela. Ha leeto la ka le lekhutšoanyane le fela, ke ile ka ba siela Libibele le lingoliloeng tsa Bibele. Ka mor’a moo, re ile ra ’na ra tsoela pele re buisana.
Ha Lipaki li fihla Durango—moo ho neng ho se motho ea kileng a bolela litaba tse molemo teng—li ile tsa fumana batho ba 18 ba labalabelang ho ithuta Bibele. Lipaki tseo li ile tsa thabela ho hlophisa hore lelapa ka leng le khanneloe thuto.
Ho fihlela ka nako eo, Mercedes o ne a sa rate ho ithuta ’nete; lebaka le leholo e ne e le ho tšaba batho, eseng hobane a ne a le leqe ho amohela lithuto tsa Bibele. Ka nako eo mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ne o thibetsoe Spain, kahoo o ne a tšaba hore ba boholong ba ne ba tla leleka bana ba rōna ba babeli sekolong le hore kaofela ha rōna re ne re tla ba melahloa. Empa eitse ha a bona hore lelapa lohle le ne le amohela ’nete ea Bibele, le eena o ile a batla ho ithuta.
Pele ho feta lilemo tse peli, litho tse 40 tsa lelapa leso e ile ea e-ba Lipaki ’me tsa kolobetsoa e le ho tšoantšetsa hore li inehetse ho sebeletsa Molimo. Lelapa leso le ile la e-ba le morero o tšoanang le oa ka bophelong. Ke ile ka utloa ke finyeletse ntho ea bohlokoa e le kannete. Molimo o ne a re hlohonolofalitse ka maruo a mangata a moea.
Bophelo bo Ile ba Khotsofatsa le ho Feta ha ke Ntse ke Hōla
Lilemong tse latelang tse 20, ke ile ka tsepamisa maikutlo tabeng ea ho hōlisa bashanyana ba rōna ba babeli le ho thusa phutheho ea sebakeng sa habo rōna. Ha ’na le Mercedes re ne re fallela Logroño, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 20 feela motseng oo oa baahi ba ka bang 100 000. Ho e-s’o ee kae, ke ile ka fumana boikarabelo bo bongata ka phuthehong.
Joale eare ha ke le lilemo li 56, ka tšohanyetso k’hamphani eo ke neng ke e sebeletsa ea koala fektheri eo ke neng ke sebetsa ho eona ’me ka iphumana ke feletsoe ke mosebetsi. Kamehla ke ne ke ntse ke e-na le takatso e matla ea ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng, kahoo ke ile ka sebelisa monyetla oo ka hore ke be pula-maliboho. Ke ne ke fumana penshene e nyenyane, ’me ho ne ho se bonolo ho iphelisa ka eona. Mercedes o ile a tlatsetsa ka ho etsa mosebetsi oa ho hloekisetsa batho. Re ne re tsoella hantle ’me le ka mohla re ne re sa haelloe ke lintho tseo re li hlokang. Ke sa ntse ke le pula-maliboho, ’me eena o nka bopula-maliboho bo thusang nako le nako, ebile o thabela mosebetsi oa boboleli haholo.
Lilemong tse seng kae tse fetileng, Mercedes o ne a atisa ho siela mosetsana e mong ea bitsoang Merche ea neng a kile a ithuta Bibele e sa le ngoana, limakasine tsa rōna. Merche o ne a thahasella ho bala lingoliloeng tsa rōna, ’me Mercedes o ile a hlokomela hore Merche o ne a ntse a ananela ’nete ea Bibele. Qetellong, Merche o ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele ’me a qala ho hatela pele hantle. Empa monna oa hae, Vicente, o ne a noa haholo ’me o ne a lula a lahleheloa ke mosebetsi. Ka lebaka leo, o ne a sa hlokomele Merche ka lichelete; ’me lenyalo la bona le ne le ka ’na la qhalana ka lebaka la ho noa ha hae ho feteletseng.
Mosali oa ka o ile a botsa Merche hore na ho ka ba joang ha Vicente a ka bua le ’na, ’me qetellong o ile a bua le ’na. Ka mor’a hore ke mo etele ka makhetlo a ’maloa, o ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. Vicente o ile a qala ho fetoha, ’me ka nako e itseng o ne a qeta matsatsi a ’maloa a sa noe. Ha nako e ntse e e-ea, o ne a se a qeta beke kapa ho feta moo a sa noe. Qetellong, o ile a tlohela ho noa joala ka ho feletseng. Tsela eo a shebahalang ka eona e ile ea ntlafala haholo ’me lelapa la hae le ile la momahana. Lelapa la hae lohle, ho akarelletsa mosali le morali, le tšehetsa phutheho e nyenyane ea Canary Islands haholo, e leng moo ba seng ba lula teng.
Ke Nahana ka Bophelo bo Nang le Morero Boo ke bo Phetseng
Le hoja beng ka ’na ba bang ba ileng ba ithuta lithuto tsa Bibele lilemong tse fetileng ba se ba hlokahetse, beng ka rōna ba ’nile ba eketseha, ’me Molimo o re hlohonolofalitse haholo. (Liprov. 10:22) Ruri hoa khotsofatsa ho bona hore hoo e ka bang batho bohle ba ileng ba qala ho ithuta Bibele lilemong tse 40 tse fetileng—hammoho le bana ba bona le litloholo—ba ’nile ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi!
Hona joale ke na le beng ka ’na ba bangata bao e leng Lipaki, ’me bongata ba bona ke baholo, bahlanka ba sebeletsang le bo-pula-maliboho. Mora oa ka e moholo le mosali oa hae ba sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Madrid, Spain. Ha ke ne ke e-ba Paki, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 3 000 Spain. Hona joale ho na le tse fetang 100 000. Ke thabela tšebeletso ea nako e tletseng haholo, ’me ke leboha Molimo haholo ka bophelo bo monate boo ke bo qetileng ke mo sebeletsa. Le hoja ke sa ruteha hakaalo, nako le nako ke khona ho sebeletsa ke le molebeli oa potoloho ea tšoereng molepo.
Lilemong tse seng kae tse fetileng, ke ile ka fumana hore hoo e ka bang batho kaofela ba ne ba se ba tlohile motseng oo ke hōletseng ho oona. Qetellong bofutsana bo ile ba qobella baahi bohle hore ba tlohele masimo le mahae a bona kherehloa ho ea batla makhulo a matala. Ho thabisang ke hore bongata ba batho bao ba faletseng—ho akarelletsa le ’na—ba fumane matlotlo a moea. Re ithutile hore bophelo bo hlile bo na le morero, le hore ho sebeletsa Jehova ho etsa hore motho a thabe ka ho fetisisa.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Hoo e ka bang batho bohle ba amanang le Mor’abo rōna Martínez bao e leng Lipaki