JESÚS MARTÍN | PALE EA BOPHELO
“Jehova o Mpholositse Nakong e Thata ka ho Fetisisa Bophelong ba Ka”
Ke hlahetse toropong ea Madrid ka selemo sa 1936. Ke selemo seo batho ba neng ba phela Spain ba ke keng ba se lebala. E bile selemo seo ntoa e sehloho ea lehae e ileng ea qala Spain.
Ntoa ena ea lehae e ile ea sotla batho ba Spain hoo e ka bang ka lilemo tse tharo ’me e ile ea siea batho ba bangata ba lemetse ’meleng le maikutlong. Ntate oa ka e ne e le e mong oa batho ba lemetseng. O ne a lumela ho Molimo empa o ile a koata haholo ha a bona hore baruti ba K’hatholike ba ne ba kenelletse ntoeng ena. O ile a etsa qeto ea hore ’na le ngoan’eso re se ke ra kolobetsoa kerekeng ea K’hatholike.
Francisco Franco o ne a e-na le tšebelisano e matla le Kereke ea K’hatholike
Ka 1950, Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa kokota lapeng. Ntate oa ka o ile a ba mamela ’me a lumela ho ithuta Bibele le bona. Ka nako eo, ke ne ke le lilemo li 14 ’me ke ne ke rata ho bapala bolo haholo. Ntate oa ka o ile a mpha lingoloa tseo Lipaki Tsa Jehova li neng li mo siela tsona hore ke li bale empa ke ne ke sa batle ho li bala. Ka letsatsi le leng ha ke tsoa bolong, ke ile ka botsa ’mè oa ka hore na batho bane ba rutang Bibele ba teng hape, eaba o re: “Ba teng, ba ntse ba bala le ntate oa hao.” Ke ile ka tsoa ka khutlela seterateng.
Hoa thabisa ho bona hore ntate oa ka o ne a sa lumelle taba ea hore ha ke batle ho ithuta e mo nyahamise. Ha e le hantle, o ne a rata seo a ithutang sona haholo. Kahoo, ka 1953 o ile a kolobetsoa ’me ea e-ba Paki ea Jehova. Ke ile ka batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha a ile a kolobetsoa eaba ke mo botsa lipotso tse ngata. Ke ile ka ba ka kopa hore a mphe Bibele. O ile a kopa mor’abo rona Máximo Murcia hore a ithute Bibele le ’na. Lilemo tse peli ka mor’a moo, ha ke le lilemo li 19 ke ile ka kolobetsoa Nokeng ea Jarama e ka bochabela ho toropo ea Madrid ’me ka ba Paki ea Jehova.
Ho Ruta Batho Bibele Nakong ea Puso ea Bohatelli ea Franco
Lilemong tsa bo-1950 ho ne ho le thata ho kopana le balumeli-’moho le ho ruta batho Bibele. Mohatelli Francisco Franco e ne e le eena ea neng a busa Spain ka nako eo ’me o ne a batla hore batho bohle ba lulang Spain e be Mak’hatholike. Ka lebaka leo, hangata mapolesa a ne a hlorisa Lipaki Tsa Jehova. Re ne re kopana matlong a bara ba bo rona ’me re etsa bonnete ba hore baahisane ha ba re hlokomele e le hore ba se ke ba bolella mapolesa. Ha re ne re ea ka ntlo le ntlo re il’o bolella batho litaba tsa Bibele, re ne re khetha matlo a mabeli kapa a mararo a sa bapang ebe hang ha re qeta ho bua le bona ka Bibele re ea seterateng se seng e le hore batho ba se ke ba bona hore re ntse re bua le batho ka Bibele. Batho ba bangata ba ne ba re mamela empa ha se batho bohle ba neng ba thabela seo re se buang.
Mor’abo rona F. W. Franz o ne a bua ho e ’ngoe ea likopano tsa rona tsa lekunutu
Ke hopola ke kopana le moruti e mong oa K’hatholike ntlong e ’ngoe. Ha ke mo hlalosetsa lebaka leo re mo etetseng ka lona o ile a re: “Ke mang ea le fileng tokelo ea ho ruta batho Bibele? Na lea tseba hore nka bitsa mapolesa?” Ke ile ka mo bolella hore re ne re lebelletse hore ntho e joalo e etsahale. Ke ile ka boela ka re ho eena: “Bahanyetsi ba Jesu Kreste ba ile ba leka ho mo hanyetsa. Na ha se ntho e utloahalang hore le balateli ba hae ba etsahalloe ke ntho e tšoanang?” Ha aa ka a thabela tsela eo ke ileng ka mo araba ka eona eaba o kena ka tlung o founela mapolesa. Ke ile ka tsoa hang-hang ka tsamaea.
Le hoja re ne re kopana le maemo a sa thabiseng, bahoeletsi ba bangata Spain ba ile ba fumana batho ba bangata ba neng ba thabela molaetsa oa bona. Ka February 1956, ha ke ntse ke le lilemo li 19, ke ile ka ba pula-maliboho e khethehileng.a Bongata ba rona re ne re le bopula-maliboho ba bacha le ba se nang boiphihlelo empa re leboha baromuoa ba ileng ba re koetlisa le ho re khothatsa. ’Na le pula-maliboho e ’ngoe re ile ra khetheloa ho il’o sebetsa Alicante, moo Lipaki Tsa Jehova li neng li e-s’o ka li ruta batho molaetsa oa Bibele. Likhoeling tse ’maloa feela re ile ra fana ka lingoloa tse ngata ’me batho ba bangata ba ile ba thabela ho ithuta Bibele le rona.
’Nete ke hore batho ba ile ba hlokomela hore re ntse re bolella batho ba bang molaetsa oa Bibele. Ka mor’a likhoeli tse ’maloa re le Alicante, mapolesa a ile a re tšoara ’me a nka Libibele tsa rona. Re ile ra koalloa matsatsi a 33 teronkong ’me ka mor’a moo re ile ra isoa Madrid moo re ileng ra lokolleloa teng. Ho koalloa hoo ka nakoana e ne e sa le linyane, likholo li ne li sa tla.
Nako e Thata ka ho Fetisisa Bophelong ba Ka
Ha ke le lilemo li 21, ho ile ha thoe ke kenele sesole. Ke ile ka lokela ho ea likampong tsa sesole Nador e leng motse oo ka nako eo e neng e le karolo ea Spain ’me o ne o le ka leboea ho Morocco. Ke ile ka re ho mookameli oa sesole: “Nke ke ka ba lesole kapa ka apara liaparo tsa masole.” Mapolesa a sesole a ile a nkisa teronkong ea Rostrogordo e Melilla, moo ke ileng ka emela hore nyeoe ea ka e tl’o tšoareloa lekhotleng la sesole.
Teronko ea Rostrogordo, e toropong ea Melilla
Pele ho nyeoe ea ka, molaoli oa sesole oa Mosepanishe ea neng a le naheng ea Morocco o ile a laela masole hore a nkotle ho fihlela ke fetola monahano. Kahoo, masole ao a ile a nthohaka, a nchapa ka sephali metsotso e ka bang 20 ba ba ba nkenya lieta ho fihlela ke oela fatše ke se ke sa khone ho etsa letho. Ha hoa ka ha fella moo, mookameli oa teronko o ile a nkhata hloohong ka rifi ea hae ’me a emisa ha a bona ke se ke tsoa mali. Ka mor’a moo, ba ile ba nkisa ofising ea hae ’me a re ho ’na: “U se ke oa nahana hore ke qetile ka uena. U lebelle se fetang sena letsatsi le letsatsi.” O ile a laela balebeli hore ba nkoalle ka seleng e mokatong o ka tlase. Ho ne ho le lefifi ebile ho le mongobo ka moo, eaba ke felloa ke tšepo.
Ke ntse ke hopola hantle ke le ka seleng eo, ke robetse fatše ka hlooho e mali. Ke ne ke e-na le tjalenyana eo ke neng ke e apara ’me litoeba li ne li khona ho kena ka seleng eo. Ke ne ke lula ke rapela Jehova ke kopa hore a mphe matla a be a nthuse hore ke mamelle. Ka seleng eo e lefifi le e batang ke ne ke lula ke rapela bosiu le motšehare.b
Letsatsing le hlahlamang, ke ile ka otloa hape, lekhetlong lena ke ne ke otloa ke ofisiri e ’ngoe. Mookameli o ne a shebelletse ha ke ntse ke otloa e le ho etsa bonnete ba hore ke shapuoa ho fihlela a khotsofala. Ho bua ’nete feela ke ne ke se ke ipotsa hore na ebe ke tla khona ho mamella ho feta mona. Bosiung bona boo ha ke se ke le ka seleng ea ka, ke ile ka kopa Jehova hore a nthuse.
Ka letsatsi la boraro, ke ile ka bitsetsoa ka ofising ea mookameli hape. Ke ne ke tšohile ke nahana hore ke tl’o otloa hape. Ha ke ea ke lebile ofising ke ile ka rapela Jehova. Mongoli oa lekhotla la toka oa sesole Don Estebanc o ne a nkemetse. O ne a tl’o mpulela nyeoe.
Ha Don Esteban a bona libandeije hloohong ea ka o ile a mpotsa hore na ho etsahetse’ng. Ke ne ke tšaba ho mo joetsa hobane ke tšohile hore ke tl’o otloa hape empa ke ile ka mo bolella ’nete. Ha Don Esteban a utloa se etsahetseng o ile a re: “Nke ke ka thibela hore u se ke oa ea khotla empa ke u tšepisa hore ha ho na motho ea tla boela a u otle hape.”
Ho tloha ka nako eo ho fihlela ke tsoa teronkong, ha ho na motho ea ileng a nkotla le ka mohla. Ha ke tsebe hore na ke hobane’ng ha Don Esteban a ile a khetha letsatsi leo hore a tl’o bua le ’na. Seo ke se tsebang ke hore Jehova o ile a arabela lithapelo tsa ka ka tsela e hlollang. Ke ile ka bona ha Jehova a mpholosa nakong e thata ’me ha aa ka a lumella hore ke hlorisoe ho feta kamoo nka mamellang kateng. (1 Bakorinthe 10:13) Ke ile ka ea khotla ke tšepile Jehova ka ho felletseng.
Ha ke le teronkong ea Ocaña
Ke ile ka ahloleloa ho qeta lilemo tse 19 teronkong ’me hamorao ka ekelletsoa ka tse tharo hobane ho thoe ke “manganga.” Ka mor’a likhoeli tse 15 ke le naheng ea Morocco, ke ile ka isoa Teronkong e Ocaña haufi le Madrid hore ke il’o qetella kahlolo ea ka teng. Eo e ne e le tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova. E ne e le sebaka se setle ho fapana le Rostrogordo. Sele ea ka e ne e e-na le bethe, leterase le lilakane. Ka mor’a nako ke ile ka khethoa hore ke be motšoari oa matlotlo oa teronko. Empa ke ne ke hlorile. Ntho e neng e nkimela haholo e ne e le hore ha ke khone ho kopana le Bakreste-’moho le ’na e le hore re rorise Jehova hammoho.
Ka linako tse ling batsoali ba ka ba ne ba nchakela empa ke ne ke utloa eka ke hloka likhothatso tse fetang tseo. Batsoali ba ka ba ile ba mpolella hore ho na le bara ba bang ba bo rona ba ileng ba hana ho kenela sesole. Kahoo, ke ile ka rapela Jehova ka mo kopa hore bonyane ha mor’abo rona a le mong a tšoaroa a tlisoe teronkong ena. Le lekhetlong lena, Jehova o ile a arabela lithapelo tsa ka ka tsela eo ke neng ke sa e lebella. Haufinyane bara ba bo rona ba bararo e leng Alberto Contijoch, Francisco Díaz le Antonio Sánchez ba ile ba tlisoa teronkong eo ke neng ke le ho eona. Ka mor’a lilemo tse ’nè ke le mong, ke ile ka thabela ho ba le bara ba bo rona. Re ne re ithuta hammoho ’me re bolella batšoaruoa-’moho le rona molaetsa oa Bibele.
Ka mor’a ho Lokolloa ke Ile ka Khutlela Mosebetsing
Qetellong ka 1964 ke ile ka lokolloa teronkong ka parola. Ho e-na le hore ke qete lilemo tse 22 teronkong, ke ile ka qeta tse tšeletseng le halofo. Ke ile ka ea libokeng letsatsing leo ke lokollotsoeng ka lona teronkong. Le hoja ke ne ke se na chelete e lekaneng ho patala tekesi e le hore ke khutlele Madrid, ke ile ka fihla libokeng ka nako. E ne e le tlhohonolofatso ho ba le Bakreste-’moho hape. Ke ne ke sa thabele ho ba le Bakreste-’moho feela empa ke ne ke batla ho ba pula-maliboho hape. Ho sa tsotellehe ho hlorisoa ke mapolesa, batho ba ne ba thabela ho ithuta Bibele hape ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata o lokeloang ho etsoa.
Nakong eona ena, ke ile ka kopana le Mercedes eo e neng e le pula-maliboho e khethehileng. Mercedes e ne e le morali oa bo rona ea ikokobelitseng ea neng a batla ho pakela motho e mong le e mong eo a neng a kopana le eena. O ne a le mosa ebile e le motho ea fanang ’me sena se ile sa etsa hore e be motho oa bohlokoa ho ’na. Re ile ra ratana ’me ka mor’a selemo ra nyalana. Ho nyala Mercedes e bile tlhohonolofatso ho ’na.
Na le Mercedes ka mor’a lenyalo la rona
Likhoeli ka mor’a hore re nyalane re ile ra khetheloa ho etsa mosebetsi oa potoloho. Beke e ’ngoe le e ’ngoe ha re ne re chakela phuthehong e ’ngoe, re ne re ea libokeng le mosebetsing oa ho bolela litaba tse monate le bana ba bo rona. Ho ne ho e-na le liphutheho tse ngata tse ncha Spain ’me Bakreste-’moho ba ne ba hloka ho thusoa le ho khothatsoa. Ke ile ka fumana monyetla oa ho sebetsa ka matsatsi a itseng ofising ea Lipaki Tsa Jehova e Barcelona ka sephiri ho thusa ka mosebetsi o neng o etsoa moo.
Ka 1967 lintho li ile tsa fetoha, re ne re se re lumelletsoe ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi. Ka nako eo, ’muso o ile oa fana ka molao o lumellang batho ba Spain ho ba le bolokolohi ba bolumeli. Ka 1970, bolumeli ba Lipaki Tsa Jehova bo ile ba ba molaong. Re ile ra ba le bolokolohi ba ho kopana le barapeli-’moho, ra khona ho ba le Liholo Tsa ’Muso, ra ba ra khona le ho bula ofisi ea lekala.
Likabelo Tse Ncha
Ka 1971, ’na le Mercedes re ile ra memeloa ho il’o sebetsa ofising e ncha ea lekala e Barcelona. Selemo hamorao, Mercedes o ile a ima ’me ra ba le morali ea motle Abigail. Re ile ra tlameha ho tloha Bethele hobane re ne re se re e-na le mosebetsi o mocha e leng oa ho holisa morali oa rona.
Ha Abigail e se e le mocha, ofisi ea lekala e ile ea re botsa hore na re ka khutlela mosebetsing oa potoloho. Re ile ra rapella taba ena ’me ra kopa keletso ho Bakreste-’moho. Moholo e mong o ile a re: “Jesús, haeba baa le hloka mosebetsing oa potoloho le lokela ho ea.” Kahoo, re ile ra tsoela pele mosebetsing oa potoloho. Qalong re ile ra etela liphutheho tse haufinyane le moo re lulang teng e le hore re ka khona ho tsoela pele re hlokomela Abigail. Ha Abigail a se a khona ho itlhokomela, re ile ra ba le monyetla oa ho ba tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng.
Re bile mosebetsing oa potoloho ka lilemo tse 23. Ke ne ke thabela mosebetsi oo haholo, o ne o mpha monyetla oa hore ke sebelise boiphihlelo ba ka ho khothatsa bacha. Nakong eo ke neng ke le morupeli oa baholo le oa basebeletsi ba nako e tletseng, re ne re lula Bethele e Madrid. Ho thahasellisang ke hore lik’hilomithara tse tharo ho tloha Bethele, ho na le Noka ea Jarama eo ke kolobelelitsoeng ho eona ka 1955. Ke ne ke sa nahana hore ka mor’a lilemo tse ngata hakana ke tla khutlela sebakeng sena ho thusa bacha ho ba le boikarabelo bo eketsehileng tšebeletsong ea Jehova.
Ha ke ntse ke ruta tlelaseng ea sekolong sa puso ea Molimo
Ka selemo sa 2013 re ile ra boela ra ba bopula-maliboho ba khethehileng. Bonneteng feela ho ne ho se bonolo ho tloha mosebetsing oa potoloho empa e ne e le ntho e nepahetseng. Morao tjena kea kula ebile ke se ke entsoe le opereishene ea pelo. Linakong tsena, ke ile ka tsoela pele ke tšepile Jehova ’me o ne a ntse a tsoela pele ho nthusa. Ka lilemo tse 56 haesale mosali oa ka a ntse a ntšehelitse ’me o ne a ntšehetsa haholo mesebetsing eo ke neng ke e fuoa ka mokhatlong.
Ke lula ke nahana ka nako eo ke neng ke le morupeli ka eona. Ke ntse ke hopola lifahleho tsa baithuti ba neng ba le bacha ba bile ba le mahlaha-hlaha. Cheseho ea bona e nkhopotsa ha ke ntse ke le mocha le kamoo ke neng ke cheseha kateng ha ke ne ke qala ho sebeletsa Jehova. Ke ithutile lintho tsa bohlokoa mathateng ao ke neng ke e-na le ’ona empa ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo ke ithutileng eona, ke hore le ka mohla ha kea lokela ho tšepa matla a ka. Mathata ao a nthusitse ho bona ha Jehova a ntšehetsa le ho ’matlafatsa nakong e neng e le thata ka ho fetisisa bophelong ba ka.—Bafilipi 4:13.
Na le Mercedes ha re se re le bopula-maliboho ba khethehileng
a Pula-maliboho e khethehileng ke motho ea ithaopelang ho ea sebakeng se seng ho il’o ruta batho Bibele. Sebaka seo a tla ea ho sona ke se khethiloeng ke ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ho ea ka hore na ho hlokahala batho ba tla ruta batho Bibele sebakeng seo.
b Ke ne ke lula ka seleng e se nang ntloana, e bolelele ba limithara tse peli le bophara ba limithara tse peli ka likhoeli tse supileng. Ke ne ke robala moo ho leng litšila ka tjalenyana feela.
c Lentsoe “Don” le sebelisoa e le tlotla linaheng tseo ho buuoang Sepanishe e le ho bontša tlhompho ho motho ea nang le matla a itseng. Le tla pele ho lebitso la motho.