Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 11/1 leq. 4
  • Thuto e Iqapetsoeng ea 1: Moea ha o Shoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto e Iqapetsoeng ea 1: Moea ha o Shoe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moea ke Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Pono ea Hao ka Moea e Ama Bophelo ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Moea ho Latela Bibele
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Sephiri se Senotsoe!
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 11/1 leq. 4

Thuto e Iqapetsoeng ea 1: Moea ha o Shoe

Thuto ee e iqapetsoeng e qalile hokae?

“Bo-rafilosofi ba pele ba Bakreste ba ile ba sebelisa khopolo ea Bagerike ea hore moea ha o shoe, ba nahana hore moea (soul) ke ntho e entsoeng ke Molimo eaba o o kenya ’meleng oa mosali nakong eo a emolang.”—The New Encyclopædia Britannica (1988), Volume 11, leqepheng la 25.

Bibele e ruta eng?

“Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.”—Ezekiele 18:4, Bibele ea Sesotho.

Ha Bibele e bua ka ho bōptjoa ha motho oa pele e re: “Jehova Molimo a etsa motho ka lerōle la lefatše ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba moea [ka Seheberu, neʹphesh] o phelang.”—Genese 2:7.

Lentsoe la Seheberu, neʹphesh, le fetoletsoeng e le “moea,” le bolela ‘sebōpuoa se hemang.’ Ha Molimo a bōpa motho oa pele Adama, Ha aa ka a mo kenya moea (soul) o sa shoeng, empa o kentse matla a bophelo a etsang hore motho a lule a phela ka ho phefumoloha. Ka hona, ha Bibele e bua ka “moea” e bua ka ntho e phelang. Haeba moea o arohana le matla a bophelo ao Molimo a ileng a fana ka ’ona, oa shoa.—Genese 3:19; Ezekiele 18:20.

Thuto ea hore moea ha o shoe e ile ea etsa hore ho be le lipotso tse ling: Moea o ea hokae ka mor’a lefu? Ho etsahala joang ka moea oa batho ba khopo? Ha batho ba ipolelang hore ke Bakreste ba amohela thuto e iqapetsoeng ea hore moea ha o shoe, sena se ile sa etsa hore ba amohele thuto e ’ngoe e iqapetsoeng—e leng thuto ea mollo oa lihele.

Bapisa litemana tsena tsa Bibele: Moeklesia 3:19; Matheu 10:28; Liketso 3:23

THUTO EA ’NETE:

Ha motho a e-shoa o khaotsa ho phela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela