Ho ba Maphathaphathe le ho Thaba Tšebeletsong ea Molimo
JEHOVA o batla hore u thabe. (Pes. 100:2) Kaha u e mong oa bahlanka ba hae, ho ka ’na ha etsahala hore ebe u boetse u maphathaphathe. E ka ’na eaba u ne u se maphathaphathe ka tsela ena ha u ne u nehela bophelo ba hao ho Molimo, empa hona joale ho ka ’na ha etsahala hore ebe u ikutloa u imetsoe ka lebaka la lintho tse amanang le borapeli ba hao le mosebetsi oa boipheliso. Mohlomong u ka ba ua ikutloa u le molato ha u sa khone ho phetha lintho tsohle tseo u neng u li rerile. U ka etsa lintho joang ka teka-tekano e le hore u lule u e-na le “thabo ea Jehova”?—Neh. 8:10.
U phela linakong tse mahlonoko ’me u hatelloa ke lintho tse ngata, ka lebaka leo, u lokela ho hlophisa lintho tsa hao hantle. Mabapi le taba ena, keletso e ’ngoe ea moapostola Pauluse e bululetsoeng e loketse haholo, ha e re: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo.”—Baef. 5:15, 16.
U nahanne ka keletso eo e bohlale, u ka iketsetsa lipakane tseo u ka li finyellang joang u be u arole nako hantle bakeng sa ho ithuta, ho hlokomela lelapa, ho ea tšimong le ho etsa mosebetsi oa boipheliso hammoho le lintho tse ling tse hlokahalang?
Na u sa hopola hore na u ile ua thaba hakaakang ha u ne u inehela ho Molimo ’me u kolobetsoa? U ile ua thabisoa ke ho tseba Jehova le merero ea hae. E ka ’na eaba u ile ua fumana kutloisiso le thabo e joalo ka mor’a hore u ithute ka matla ka likhoeli tse ’maloa. Empa ho hang ha u ikoahlaee. Bophelo ba hao bo ile ba ntlafala ka lebaka la ho ithuta hoo.
E le hore u lule u thabile, u lokela ho tsoela pele u iphepa moeeng. Haeba u thatafalloa ho fumana nako ea ho bala le ho ithuta Bibele, hlahloba kemiso ea hao. Esita le haeba u nka metsotso e seng mekae feela ka letsatsi u ithuta ebile u nahanisisa ka seo u ithutang sona, seo se tla etsa hore u be le kamano e haufi le Jehova, ’me ka sebele se tla etsa hore u thabe.
Bahlanka ba bangata ba Molimo ba ka fumana nako ea hore ba etse lintho tsa bohlokoa ka hore ba fokotse nako eo ba e sebelisang ba etsa lintho tseo e seng tsa bohlokoa haholo. Ipotse, ‘Ke qeta nako e kae ke bala limakasine kapa likoranta tsa lefatše, ke shebeletse TV, ke mametse ’mino kapa ke etsa lintho tse tlosang bolutu?’ Lintho tse joalo lia thabisa empa li lokela ho behoa sebakeng sa tsona. (1 Tim. 4:8) Haeba u hlokomela hore ha u sebelise nako hantle, nka bohato ba ho lokisa kemiso ea hao.
Adam o nyetse, o na le bana ba bararo ebile ke moholo, ’me ha a hlalosa se mo thusang o re: “Ke etsa boiteko ba hore ke phele bophelo bo sa rarahanang. Ke qoba ho etsa lintho tse tlosang bolutu tse jang nako e ngata le ho ba le thepa e hlokang ho hlokomeloa haholo. Hase hore kea itšotla—ke mpa ke thabela boithabiso bo lekaneng.”
Ha u nahanisisa ka litholoana tse molemo tsa liqeto tseo u li entseng, seo se ka etsa hore u thabe u be u lule u sheba lintho ka tsela e nepahetseng. Ho etsa mohlala, Mariusz, e leng moholo ea nang le bana ba bararo o re: “Ha ke qala ho ithuta Bibele, ke ile ka ba le tšepo. Nako le nako ke ntse ke thulana le mathata ao boholo ba ’ona a tsejoang ke Jehova feela. Leha ho le joalo, ka lebaka la thuso ea hae, ke lebeletse bokamoso ka thabo.”
Joaloka tabeng ea Mariusz, ho ba le maikutlo a matle ho ke ke ha felisa ho tšoenyeha hohle. Empa ho ka u thusa hore u khobe matšoafo ha ba ha etsa hore u sebetsane hantle le mathata ao u thulanang le ’ona bophelong. Bibele e re: “Matsatsi ’ohle a ea hlorileng a mabe; empa ea pelo e ntle o ba le mokete kamehla.” (Liprov. 15:15) Hape, nahana kamoo Molimo a seng a bontšitse kateng hore oa u rata. Ho nahanisisa ho joalo ho ka u thusa hore u matlafatse lerato leo u mo ratang ka lona ha ba ha eketsa thabo ea hao ea bomolimo.—Mat. 22:37.
Ha lelapa le etelletsa Jehova le lintho tseo a li hlokang pele bophelong ba lona, thabo ea lona ea eketseha. Ho bontša litšobotsi tsa Bokreste ho fokotsa likhohlano ebile ho etsa hore lelapa le momahane le be le sebelisane hantle. Kahoo, ho tla rena khotso le bonngoe har’a litho tsohle tsa lelapa.—Pes. 133:1.
Ha lelapa le etsa lintho tsa moea le le ’moho seo se etsa hore le thabe e le kannete. Mariusz o re: “Ke nka nako eo re e qetang ’moho re le lelapa e le ea bohlokoa haholo. Mosali oa ka o ntšehetsa haholo. Nako le nako ha ho khoneha, o tsamaea le ’na ha ke e-ea tšebeletsong ea tšimo kapa ke il’o hloekisa lebala la lipapali pele ho kopano, ebile oa mphelehetsa ha ke il’o fana ka puo ea phatlalatsa phuthehong e ’ngoe. Sena sea nkhothatsa.”
Mangolo a laela Bakreste hore ba hlokomele ba malapa a bona ka lintho tseo ba li hlokang nameng. (1 Tim. 5:8) Empa haeba mosebetsi oa boipheliso o u jella nako e ngata ebile o u qeta matla, seo se ka etsa hore u se ke ua thaba tšebeletsong ea Molimo. Rapela Jehova ka taba ena. (Pes. 55:22) Batho ba bang ba entse qeto ea hore ba lokela ho batla mosebetsi o mong e le hore ba tsebe ho batla ’Muso oa Molimo pele. Ha ho Mokreste ea lokelang ho lumella hore mosebetsi o mo jellang nako ebile o mo qeta matla, o mo sitise ho hlokomela lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa moea, hobane feela a shebile melemo eo a e fumanang licheleteng.—Liprov. 22:3.
U ka ’na ua fumana ho le molemo hore u ngole melemo le mathata ’ohle a mosebetsi oo u o etsang hona joale kapa oo u ka ’nang ua o fumana. Ke ’nete hore batho ba rata mosebetsi o lefang hantle le o khotsofatsang. Leha ho le joalo, na mosebetsi oo u o etsang hona joale o u thusa hore u ntlafatse boemo ba moea ba lelapa la hao? Ka botšepehi, nahanisisa ka lintho tsohle ’me u etse liqeto tse etelletsang kamano ea hao le Jehova pele.
Haeba mosebetsi oo u o etsang hona joale o sa u lumelle hore u hōle moeeng, u lokela ho lokisa boemo. Bakreste ba bangata ba entse liphetoho tse khōlō e le hore ba tsebe ho fumana nako ea lintho tsa moea. Mora e mong oabo rōna oa Poland o re: “Ka lekhetlo le leng ke ile ka fumana ke se na boikhethelo ha e se hore ke tlohele mosebetsi k’hamphaning eo ke neng ke e sebeletsa hobane ke ne ke tsamaea ka mosebetsi hangata. Ke ne ke se na nako e lekaneng ea hore ke hlokomele lintho tsa moea hantle kapa ke hlokomele lelapa la ka.” Hona joale o sebetsa mosebetsi o sa mo jelleng nako le o sa mo qeteng matla.
Fumana Thabo ka ho Thusa ba Bang
Jesu o ile a bolela hore “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Lik. 20:35) Bakreste ba na le menyetla e mengata ea ho fana. Ka linako tse ling ho bososela ka mofuthu, ho tšoara motho ka letsoho kapa ho mo leboha e le kannete ka mosebetsi o boima oo a o etsang ha a phetha likabelo tsa hae tsa phutheho, e ka ’na ea e-ba sona feela se hlokahalang ho u thabisa le ho thabisa motho eo.
Moapostola Pauluse o ile a khothatsa Bakreste-’moho le eena a re: “Le bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo, le tšehetse ba fokolang.” (1 Bathes. 5:14) Meea e tepeletseng maikutlo e ka ’na ea utloa eka ha e na matla a ho loantša mathata. Na u ka thusa batho ba joalo? Haeba u hlokomela hore e mong oa barab’eno o felloa ke thabo ha a ntse a sebeletsa Jehova, leka ho mo khothatsa. Ha u etsa joalo le uena u tla khothala. Mathata a mang a ke ke a rarolloa ke motho. Leha ho le joalo, u ka bontša kutloelo-bohloko e le kannete ua ba ua khothalletsa mor’eno hore a itšetlehe ka matla a Jehova a sa hlōloeng ke letho. Ba etsang joalo, ba ke ke ba soetseha le ka mohla.—Pes. 27:10; Esa. 59:1.
Tsela e ’ngoe e molemo eo u ka thusang ka eona ke ka hore u meme motho ea bonahalang a feletsoe ke thabo hore a tsamaee le uena tšimong. Ha Jesu a ne a roma barutuoa ba hae ba 70, o ile a ba roma “ka bobeli.” (Luka 10:1) Mohlomong ua hlokomela hore Jesu o ne a batla hore ba khothatsane. Na kajeno u ka sebelisa oona mokhoa oo ho thusa batho ba bang hore ba boele ba thabe?
Re na le mabaka a utloahalang a ho tšoenyeha. Leha ho le joalo, Pauluse oa re khothatsa o re: “Kamehla thabang Moreneng. Ke tla boela ke re, Le thabe!” (Bafil. 4:4) Kaha u rata Molimo, ua mo mamela ebile u etsa mosebetsi oo a u fileng oona ka cheseho, u tseba seo u se phelelang. Seo sea u thabisa. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore Jehova o u thusa hore u sebetsane le likhatello le mathata ao u thulanang le ’ona.—Bar. 2:6, 7.
Rea lumela hore re haufi haholo le lefatše le lecha leo Jehova a le tšepisitseng. Le tla re tlisetsa mahlohonolo a mangata hakaakang le mabaka a hore re thabe! (Pes. 37:34) Kahoo, re ka thaba, re sa lebale hore na le hona joale Jehova o re hlohonolofatsa hakae. Ka lebaka leo, re ka ‘sebeletsa Jehova ka thabo.’—Pes. 100:2.
[Setšoantšo leqepheng la 8]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ho ka ’na ha hlokahala hore u fetole tsela eo u arolang nako ea hao ka eona e le hore u lule u thabile
BOIKHATHOLLO le BOITHABISO
HO HLOKOMELA LEHAE le LELAPA
MOSEBETSI
LIBOKA TSA BOKRESTE
THUTO EA BOTHO
TŠIMO
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Na u ka thusa ba bang hore ba boele ba thabe?