Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 October maq. 6-11
  • Jehova o Etsa Hore re “Thabe Haholo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Etsa Hore re “Thabe Haholo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOHLOLI OA THABO EA ’NETE
  • U SE KE OA LUMELLA LETHO HORE LE U UTSOETSE THABO
  • U ka Etsa’ng Hore u Thabele ho Etsa Mosebetsi oa Boboleli?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Eketsa Thabo ea Hao ka Hore u be Motho ea Fanang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Molimo o re Thusa Hore re Thabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 October maq. 6-11

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 40

PINA EA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba

Jehova o Etsa Hore re “Thabe Haholo”

“Ke tla tla . . . ho Molimo ea etsang hore ke thabe haholo.”—PES. 43:4.

NTLHA-KHOLO

Ho re thusa hore re tsebe hore na ke lintho life tse ka utsoang thabo ea rona le hore na re ka etsa’ng hore re boele re thabe.

1, 2. (a) Batho ba bangata ba ikutloa joang mehleng ee? (b) Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

BATHO ba bangata mehleng ena ba leka mekhoa e mengata e le hore ba thabe. Leha ho le joalo, ha ba khone ho finyella thabo ea moshoelella. Ba ikutloa ba hlorile ebile ha ba na tšepo ea hore lintho li tla loka. Batho ba Jehova le bona ha se mekhelo tabeng ena. Kaha re phela “matsatsing a ho qetela,” re lebelletse ho kopana le maemo ao ‘ho leng thata ho sebetsana le ’ona.’—2 Tim. 3:​1, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.

2 Sehloohong sena, re tl’o bua ka lintho tse ka utsoang thabo ea rona le hore na re ka etsa’ng e le hore re boele re thabe. Empa pele ho moo, re lokela ho tseba hore na Mohloli oa thabo ea ’nete ke mang.

MOHLOLI OA THABO EA ’NETE

3. Popo e re ruta eng ka Jehova? (Sheba litšoantšo.)

3 Haesale Jehova e le Molimo ea thabileng. O batla hore le rona re thabe. Kahoo, ha ho makatse hore ebe popo ea hae e khona ho bontša hore ke Molimo ea thabileng. Re bona ka polanete ea rona e ntle, mebala e mengata e metle, mefuta e fapaneng ea liphoofolo ha e bapala ’me e re qabola le lijo tse ngata tse rothisang mathe. Kannete Jehova oa re rata ebile o batla hore re thabele bophelo.

Litšoantšo: Liphoofolo tse fapaneng lia bapala. 1. Tlou e nyenyane e ntse e tlola-tlola ka metsing. 2. Litsuonyana tsa penguin li tsamaea butle lehloeng. 3. Lipotsanyane li bapala li qhoma-qhoma tšimong. 4. Li-dolphin li bapala ka metsing.

Baby elephant: Image © Romi Gamit/Shutterstock; penguin chicks: Vladimir Seliverstov/500px via Getty Images; baby goats: Rita Kochmarjova/stock.adobe.com; two dolphins: georgeclerk/E+ via Getty Images

Tsela eo liphoofolo li bapalang ka eona e bontša hore Jehova ke Molimo ea thabileng (Sheba serapa sa 3)


4. (a) Jehova o khona ho lula a thabile joang ho sa tsotellehe lintho tse bohloko tseo a li bonang li etsahala? (b) Jehova o re file mpho efe? (Pesaleme ea 16:11)

4 Le hoja Jehova e le “Molimo ea thabileng,” o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e re tšoenyang le e re utloisang bohloko. (1 Tim. 1:11) Empa ha aa lumella hore taba ena e fokotse thabo ea hae. Oa tseba hore lintho tsohle tse re utloisang bohloko ke tsa nakoana. O li behetse nako ea hore na o tla li felisa neng. O ntse a letile ka mamello ho fihlela letsatsi leo ka lona a tlang ho felisa masoabi ’ohle le ho utloa bohloko ka ho felletseng. Empa hona joale, Jehova oa utloisisa hore na re feta maemong a joang ebile o batla ho re thusa. O re thusa joang? Tsela e ’ngoe eo a re thusang ka eona ke ka ho re fa mpho ea thabo. (Bala Pesaleme ea 16:11.) A re hlahlobeng kamoo a ileng a fa Mora oa hae Jesu mpho ena kateng.

5, 6. Ke hobane’ng ha Jesu a thabile?

5 Har’a lintho tsohle tseo Jehova a li bopileng, Jesu ke eena ea thabileng ka ho fetisisa. Hobane’ng? Nahana ka mabaka ana a mabeli. (1) “O tšoana le Molimo ea sa bonahaleng” ’me o bonahatsa ka ho phethahetseng hore na Ntate oa hae ke Molimo ea joang. (Bakol. 1:15) (2) Jesu o qetile nako e ngata le Ntate oa hae, e leng eena Mohloli oa thabo.

6 Haesale Jesu a thabisoa ke ho etsa lintho tseo Ntate oa hae a mo kopang hore a li etse. (Liprov. 8:​30, 31; Joh. 8:29) Ke kahoo Ntate oa hae a mo ratang hakana.—Mat. 3:17.

7. Re ka thaba e le kannete joang?

7 Le rona re ka thaba e le kannete ha re atamela haufi le Jehova, e leng eena Mohloli oa thabo. Ha re qeta nako e ngata re ithuta ka Jehova ebile re mo etsisa, re tla thaba le ho feta. Re tla boela re thabisoe ke ho etsa thato ea Molimo le ho tseba hore rea mo khahlisa.a (Pes. 33:12) Empa ho thoe’ng haeba ka linako tse ling kapa kamehla re ikutloa re sa thaba? Na taba ee e bolela hore ha re khahlise Molimo? Che! Ha rea phethahala ’me ka linako tse ling re utloa bohloko, rea hlora ebile re ba le khatello ea maikutlo. Jehova oa utloisisa. (Pes. 103:14) A re bueng ka hore na ke lintho life tse ka utsoang thabo ea rona le hore na re ka etsa’ng e le hore re boele re thabe.

Etsa Jehova Mohloli oa Hao oa Thabo

Rapella moea o halalelang oa Jehova. Re lokela ho etsa Jehova mohloli oa rona oa thabo hobane thabo ke e ’ngoe ea litholoana tse behoang ke moea oa hae o halalelang. (Bagal. 5:22) Ka thuso ea moea o halalelang oa Jehova, re ka ‘mamella lintho tsohle re tiiselitse ebile re thabile’ leha re e-na le mathata.—Bakol. 1:11.

Ameha ka ho sebeletsa Jehova. Bala Lentsoe la Molimo le lingoloa tsa rona kamehla. Sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolela “molaetsa o monate, o tla thabisa batho.” (Luka 2:10) Batho ba etsang hore ho sebeletsa Jehova e be ntho e tlang pele bophelong ba bona, ke bona ba thabileng ka ho fetisisa.—Pes. 65:4.

Mamela Jehova ka linako tsohle. Hopola hore melao ea Jehova e tsoela uena molemo. Ho mamela Jehova ha ho re nkele bolokolohi, ho e-na le hoo, ho etsa hore re thabe.—Luka 11:28.

U SE KE OA LUMELLA LETHO HORE LE U UTSOETSE THABO

8. Mathata a bophelo a ka re ama joang?

8 Lesholu la pele: Mathata a bophelo. Na u na le mathata ka lebaka la ho hlorisoa, koluoa ea tlhaho, bofutsana, bokuli kapa botsofali? Mathata ana a ka u utsoetsa thabo habonolo, haholo-holo haeba ho se na letho leo re ka le etsang. Bibele e re “pelo e utloileng bohloko e liha moea.” (Liprov. 15:13) Mor’abo rona Babis, eo e leng moholo ea ileng a hlokahalloa ke abuti oa hae le batsoali ba hae ka bobeli nakong ea lilemo tse ’nè, o re: “Ke ne ke utloa eka ke mong ebile ha ho na motho ea ka nthusang. Ka linako tse ling, ke ne ke ikutloa ke tšoenyehile haholo hobane le hoja ke ne ke batla ho qeta nako e ngata le batsoali ba ka le abuti oa ka pele ba hlokahala, ha kea ka ka khona.” Kannete mathata a bophelo a ka re imela nameng le maikutlong.

9. Re ka thusoa ke eng hore re boele re thabe? (Jeremia 29:​4-7, 10)

9 Re ka thusoa ke eng hore re boele re thabe? Re ka thabisoa ke ho amohela boemo kamoo bo leng kateng le ho bontša kananelo. Batho ba lumela hore bophelo bo lokela ho itsamaela bothebelele e le hore re thabe. Empa taba ena ha se ’nete. Ka mohlala, Jehova o ile a laela Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babilona hore ba amohele maemo a bona a macha a ho ba batlamuoa naheng e ’ngoe le hore ba etse sohle se matleng a bona hore ba thabe le tlas’a maemo ao a boima. (Bala Jeremia 29:​4-7, 10.) Re ithuta’ng? Re ka leka ho amohela maemo a rona kamoo a leng kateng ’me re ananele lintho tse molemo tseo re nang le tsona. Hopola hore Jehova o tla lula a e-na le uena le ho u thusa. (Pes. 63:7; 146:5) Morali oa bo rona Effie, ea ileng a holofala ka lebaka la kotsi ea koloi, o re: “Jehova, ba lelapa le phutheho ba ile ba ntšehetsa le ho nthusa haholo. Kahoo, ke ne ke utloa eka ke tla be ke sa ananele haeba nka tela. Ke batla ho bontša hore ke ananela thuso eo Jehova le metsoalle ea ka ba mphileng eona ka hore ke lule ke thabile.”

10. Ke hobane’ng ha re ka lula re thabile le hoja re e-na le mathata?

10 Re ntse re ka thaba le hoja bophelo ba rona bo sa thabise kapa ba lelapa ba hlaheloa ke lintho tse bohloko.b (Ps. 126:5) Hobane’ng? Hobane thabo ea rona ha ea itšetleha ka maemo a rona kapa lintho tse re etsahallang. Morali oa bo rona Maria oa pula-maliboho o re: “Taba ea hore u lula u thabile le hoja u na le mathata, ha e bolele hore u koalla maikutlo a hao ka hare. Ho e-na le hoo, e bolela hore ha oa lebala litšepiso tsa Jehova. Ntate oa rona o tla re thusa hore re sireletse thabo ea rona.” Hopola, ho sa tsotellehe hore na ho boima hakae hona joale, mathata ’ohle a rona ke a nakoana, a joaloka mehato ea motho lehlabatheng ha ho le moea. Haufinyane a tla nyamela ebe ha re sa a bona.

11. Mohlala oa moapostola Pauluse o u khothatsa joang?

11 Ho thoe’ng haeba u qala ho belaela hore mathata a hao ke bopaki ba hore ha u sa khahlisa Jehova? Ntho e ka u thusang ke ho nahana ka bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ileng ba tobana le maemo a boima haholo. Nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. O ile a khethoa ke Jesu ka boeena hore a bolele litaba tse monate ho “lichaba, marena le Baiseraele.” (Lik. 9:15) Eo e ne e le tokelo e kholo! Leha ho le joalo, Pauluse o ne a ntse a e-na le mathata a mangata. (2 Bakor. 11:​23-27) Na mathata a Pauluse a neng a bonahala eka ha a fele, a ne a bolela hore ha a sa khahlisa Jehova? Ho hang! Ho e-na le hoo, mamello ea hae e bontšitse hore Jehova o ntse a mo hlohonolofatsa. (Bar. 5:​3-5) Joale nahana ka boemo ba hao. U mamelletse ka botšepehi ho sa tsotellehe liteko tseo u tobanang le tsona. Le uena u ka kholiseha hore u khahlisa Jehova.

12. Ha lintho tseo re li lebelletseng li sa phethahale, seo se ka re utsoetsa thabo joang?

12 Lesholu la bobeli: Ha lintho tseo re li lebelletseng li sa phethahale. (Liprov. 13:12) Ho rata Jehova le ho ananela lintho tseo a re etselitseng tsona, ho re susumelletsa ho ipehela lipakane tšebeletsong ea hae. Leha ho le joalo, re ka nyahama haeba re ipehela lipakane tse ka holimo ho matla a rona. (Liprov. 17:22) Morali oa bo rona Holly oa pula-maliboho o re: “Ke ne ke batla ho ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso, ke batla ho ea sebeletsa naheng e ’ngoe kapa ke ee projekeng ea kaho ea Ramapo. Empa maemo a ka a ile a fetoha ’me ha kea ka ka khona ho finyella lipakane tseo. Ke ne ke soetsehile. Ho utloisa bohloko ho se finyelle lintho tseo u ipehetseng tsona.” Bahlanka ba bangata ba Jehova ba ikutloa ka tsela ena.

13. Haeba maemo a hao a sa u lumelle ho etsa se eketsehileng, u ka ipehela lipakane life tseo u ka li finyellang?

13 Ke eng e ka re thusang hore re boele re thabe? Hopola hore Jehova haa lebella hore re etse se ka holimo ho matla a rona, kapa hona hore o re nka re le ba bohlokoa a ipapisitse le lintho tseo re khonang ho li finyella tšebeletsong ea hae. Jehova o batla hore re tšepahale re be re ikokobetse. (Mik. 6:8; 1 Bakor. 4:2) O tsotella motho eo re leng eena ka hare ho feta seo re khonang ho se etsa. Na e ne e tla ba taba e utloahalang hore re lebelle ho etsa lintho tseo Jehova eena a sa lebellang hore re li etse?c Ho hang! Kahoo, haeba maemo a hao a sa u lumelle ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova, leka ho etsa lintho tseo u ka khonang ho li etsa. Ka mohlala, u ka koetlisa ba bacha kapa oa khothatsa ba holileng. U ka ipehela pakane ea ho khothatsa motho e mong ka ho mo etela, ka ho mo founela kapa ka ho mo romella molaetsa. Jehova o tla u hlohonolofatsa ka hore u thabe ha u ntse u sebetsa ka thata ho finyella lintho tseo u khonang ho li etsa. Hopola hore haufinyane re tla be re e-na le menyetla e mengata lefatšeng le lecha ea hore re sebeletse Jehova ka litsela tseo re sa nahaneng hore re ka mo sebeletsa ka tsona. Morali oa bo rona Holly, eo re buileng ka eena pejana, ha a lihela likhala o re: “Ha ke utloa eka kea nyahama, ke ema hanyane ebe ke hopola hore ke tl’o phela ka ho sa feleng. Jehova o tla nthusa hore ke finyelle tse ling tsa lipakane tsa ka lefatšeng le lecha.”

14. Ke eng hape e ka re utsoetsang thabo?

14 Lesholu la boraro: Ho icheba bouena. Batho ba bang ba sebelisa Inthanete ho etsa hore batho ba nahane hore ba tla fumana thabo ea ’nete ebile ba tla khotsofala haeba ba icheba bobona. Batho ba khothalletsoa ho etsa lintho tse ba thabisang, ho reka lintho tseo ba li batlang le ho etela libaka tse fapaneng, e le hore ba fumane thabo ea ’nete. Ha se phoso ho thabela lintho tsena. Jehova o re bopile ka tsela eo re khonang ho thabela lintho tse ntle. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba bone hore lintho tseo ba neng ba nahana hore li tla ba fa thabo, ha e le hantle ke tsona tse e utsoang. Morali oa bo rona Eva oa pula-maliboho, o re: “Ha u phelela ho etsa lintho tse thabisang uena feela, ha ho mohla u khotsofalang.” Ho icheba bouena feela, ho ka etsa hore u ikutloe u nyahame ebile u se na thuso.

15. Re ka ithuta eng mohlaleng oa Morena Solomone?

15 Mohlala oa Morena Solomone o re ruta li-tla-morao tse bohloko tsa ho icheba borona. O ile a leka ho fumana thabo ka hore a etse lintho tse mo thabisang, joaloka ho thabela lijo tse monate, ’mino o mathe-maloli le ho reka lintho tse ntle tseo chelete e neng e ka li reka mehleng ea hae. Empa o ile a sala a ntse a sa thaba. O re: “Leihlo ha le khotsofalle ho bona le tsebe ha e tlale ke ho utloa.” (Moek. 1:8; 2:​1-11) Lintho tseo batho ba nahanang hore li tlisa thabo ea sebele li tšoana le chelete ea maiketsetso. Li bonahala eka li na le boleng, empa ha e le hantle li ke ke tsa etsa hore motho a thabe e le kannete.

16. Ho thusa batho ba bang ho ka etsa hore re boele re thabe joang? (Sheba litšoantšo.)

16 Ke eng e ka re thusang hore re boele re thabe? Jesu o ile a re ruta hore “ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuoa.” (Lik. 20:35) Mor’abo rona oa moholo ea bitsoang Alekos o re: “Ke leka ho thusa batho ba bang ka lintho tse nyenyane. Ha ke lula ke fana, seo se etsa hore ke se ke ka icheba bonna ’me kea thaba.” U ka etsetsa batho ba bang eng? Ka mohlala, haeba u hlokomela hore motho e mong o utloile bohloko, leka ho mo khothatsa. U ka ’na oa se ke oa khona ho rarolla mathata a hae, empa u ka mo khothatsa ka hore u mo mamele ka qenehelo, u mo utloele bohloko le hore u mo khothalletse hore a lahlele moroalo oa hae ho Jehova. (Pes. 55:22; 68:19) U ka boela oa mo thusa hore a ananele taba ea hore Jehova ha a e-s’o mo lahle. (Pes. 37:28; Esa. 59:1) U ka boela oa mo thusa ka lintho tseo a li hlokang, joaloka ho mo phehela kapa ho otlolla maoto le eena. Mo kope hore a ee tšimong le uena ’me seo se tla mo tsosa molota. Lumella Jehova hore a u sebelise ho khothatsa ba bang. Ho thusa batho ba bang ho e-na le ho icheba borona, ho tla etsa hore re thabe e le kannete.—Liprov. 11:25.

Litšoantšo: 1. Morali oa bo rona o lutse a le mong shopong ea kofi o ntse a penya fono ea hae. Ho na le mekotla e mengata pel’a hae ea lintho tseo a tsoang ho li reka. 2. O thabile ha a etetse morali oa bo rona ea holileng ’me o mo iselitse lipalesa.

Ho e-na le ho ameha ka lintho tseo u li batlang, ameha ka lintho tseo batho ba bang ba li hlokang (Sheba serapa sa 16)d


17. Haeba re batla ho thaba e le kannete, re lokela ho etsa’ng? (Pesaleme ea 43:4)

17 Re ka thaba e le kannete haeba re tsoela pele ho atamela haufi le Ntate oa rona ea leholimong. Bibele ea re tiisetsa hore Jehova o ‘etsa hore re thabe haholo.’ (Bala Pesaleme ea 43:4.) Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re tobane le eng bophelong, ha ho hlokahale hore re tšohe kapa re tšoenyehe. A re tsoeleng pele ho ba metsoalle ea Jehova, e leng eena Mohloli o sa feleng oa thabo ea rona.—Pes. 144:15.

U KA RE’NG?

  • Ke hobane’ng ha Jehova le Jesu ba thabile?

  • Ke eng e ka re utsoetsang thabo?

  • Re ka etsa’ng e le hore re boele re thabe?

PINA EA 155 Thabo e sa Feleng

a Sheba lebokose le reng “Etsa Jehova Mohloli oa Hao oa Thabo.”

b E le mohlala feela, sheba puisano ea Mor’abo rona Dennis le Morali oa bo rona Irina Christensen ho jw.org/st videong ea Tlaleho ea Bohlano ea 2023 ea Sehlopha se Busang.

c Sheba sehlooho se reng “Iketsetse Lipakane Tseo U ka li Finyellang, U Tle U Thabe” ho Molula-Qhooa oa July 15, 2008, e le hore u fumane lintlha tse eketsehileng.

d TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Morali oa bo rona o rekile lintho tse ngata tseo a li batlang empa o thabisoa haholo ke ho rekela morali oa bo rona ea holileng ea hlokang ho khothatsoa lipalesa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela