Ke Hobane’ng ha Jesu a sa ka a Kenella Lipolotiking?
AK’U nahane ka se etsahetseng ka selemo sa 32 C.E. E se e le mantsiboea. Jesu, Mesia ea ileng a boleloa esale pele, o se a tsebahala haholo ka ho phekola ba kulang esita le ho tsosa bafu. Kajeno o makalitse letšoele la batho ba likete ka ho etsa lipontšo tse matla le ka ho ba ruta ka Molimo. Joale o arola batho bana ba lapileng lihlotšoana. O rapela Jehova ’me ka mohlolo o ba fepa kaofela. Ka mor’a moo o bokella tse setseng e le hore ho se ke ha senngoa letho. Batho ba etsa joang ha ba bona see?—Johanne 6:1-13.
Ka mor’a hore batho ba bone mehlolo ea Jesu le tsebo eo a nang le eona ea ho laola letšoele esita le ho fa batho seo ba se hlokang, ba etsa qeto ea hore Jesu ke eena ea loketseng hantle hore e ka ba morena. (Johanne 6:14) Hase ntho e makatsang hore ebe ba etsa qeto eo. Hopola hore ba ne ba labalabela ho ba le morena ea tla ba etella pele hantle, ea bileng a nang le matla, etsoe naha ea habo bona eo ba e ratang e ne e hateletsoe ke ’muso o mong. Kahoo, ba ile ba leka ho qobella Jesu hore a kenelle lipolotiking. Ha u ntse u nahanne ka litaba tsena, hlokomela hore na eena o etsa joang.
Johanne 6:15 e re: “Jesu, ka ho tseba hore ba haufi le ho mo tšoara hore ba mo etse morena, a boela a tloha a ea thabeng a le mong feela.” Jesu o ile a hlakisa boemo ba hae hantle. O ile a hana a tiile ho kenella lipolotiking tsa naha ea habo. Boemo boo ba hae ha ho mohla bo ileng ba fetoha. O ile a re balateli ba hae le bona ba lokela ho etsa se tšoanang. (Johanne 17:16) Ke hobane’ng ha a ile a hana?
Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Khetha ho se Kenelle Lipolotiking?
Lebaka la Jesu la ho se nke lehlakore lipolotiking tsa lefatše lena le ne le thehiloe ka ho toba melao-motheong ea Mangolo. Hlokomela e ’meli feela.
‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Ke tsela eo Bibele e akaretsang puso ea batho ka eona. Hopola hore Jesu o phetse maholimong e le sebōpuoa sa moea lilemo tse ngata pele a tla lefatšeng. (Johanne 17:5) Kahoo, o ne a tseba hore ho sa tsotellehe hore motho o na le sepheo se setle hakae, ha a na bokhoni ba ho hlokomela batho ba libilione ebile Molimo o ne a sa mo bōpela hore a etse joalo. (Jeremia 10:23) Jesu o ne a tseba hore tharollo ea mathata a batho e tsoa mohloling o mong, eseng mebusong ea batho.
“Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Na u utloa mantsoe aa a u makatsa? A makatsa ba bangata. Ba nahana ka batho ba lipelo li ntle ba kenellang lipolotiking tsa mebuso hobane feela ba batla ho fetola lefatše hore e be sebaka se hantle le se sireletsehileng. Esita le haeba babusi ba lipelo li ntle ba ka leka ka matla ba ke ke ba khona ho felisa tšusumetso ea motho eo Jesu a ileng a re ke “’musi oa lefatše lena.” (Johanne 12:31; 14:30) Ke kahoo Jesu a ileng a re ho ralipolotiki e mong: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.” (Johanne 18:36) Jesu ke eena eo e neng e tla ba Morena oa ’muso oa Molimo leholimong. Haeba Jesu a ne a ka kenella lipolotiking, o ne a tla be a tsoa ’muso oa Ntate oa hae fatše.
Na joale Jesu o ne a ruta hore balateli ba hae ha ba ikarabelle mebusong ea lefatše? Che, ho e-na le hoo, o ile a ba ruta hore na ba lokela ho lekanyetsa lintho joang ha ho tluoa tabeng ea boikarabelo boo ba nang le bona ho Molimo le boikarabelo boo ba nang le bona mebusong ea lefatše.
Jesu o ne a Hlompha Babusi
Ha Jesu a ntse a ruta ka tempeleng, bahanyetsi ba hae ba ile ba leka ho mo qhekella hore a bue ntho e fosahetseng ka ho mo botsa potso ea hore na batho ba lokela ho lefa lekhetho. Haeba Jesu a ne a ka re ha baa lokela ho le lefa, karabo eo e ne e ka ’na ea nkoa e hlohlelletsa batho hore ba fetohele ’muso ’me e ne e ka ’na ea kenya batho ba hateletsoeng ke ’muso oa Roma moea oa hore ba o fetohele e le hore ba itokolle ho oona. Le teng ha Jesu a ne a ka re ba lokela ho le lefa, ba bangata ba ne ba tla nka hore o lumellana le khatello eo ba neng ba le tlas’a eona. Karabo ea Jesu ha ea ka ea nka lehlakore ho hang. O ile a re: “Le lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Luka 20:21-25) Kahoo, balateli ba hae ba lokela ho mamela Molimo ’me ba mamele le Cesare—e leng mebuso ea lefatše.
Mebuso e etsa hore lintho li lule li laolehile ka tsela e itseng. E lebeletse hore baahi e be ba tšepahalang, ba patalang makhetho le ba mamelang molao. Jesu o ile a re behela mohlala ofe ka ho lefa “Cesare lintho tsa Cesare”? Jesu o hōlisitsoe ke batsoali ba neng ba hlompha molao le linakong tseo ho etsa joalo ho neng ho le thata ho bona. Ka mohlala, Josefa le mosali oa hae ea neng a imme ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse 150 ho ea Bethlehema hobane ho ne ho tsoile taelo ea hore ho baloe sechaba. (Luka 2:1-5) Jesu o ne a hlompha molao joaloka bona, a bile a patala le makhetho ao ha e le hantle a neng a sa tlameha ho a lefa. (Matheu 17:24-27) Hape o ne a qoba ho ikenya litabeng tse amanang le puso. (Luka 12:13, 14) Re ka bolela hore Jesu o ne a hlompha mokhoa oo ’muso o neng o o sebelisa ho busa le hoja a ne a sa kenelle mekhoeng eo. Leha ho le joalo, Jesu o ne a bolela’ng ka hore re lefe “Molimo lintho tsa Molimo”?
Kamoo Jesu a Ileng a fa “Molimo Lintho Tsa Molimo”
Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a botsoa hore na molao o moholo ka ho fetisisa oo Molimo a o fileng batho ke ofe. Kreste o ile a araba ka ho re: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele. Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’” (Matheu 22:37-39) Jesu o ile a ruta hore ha ho tluoa tabeng ea ho lefa “Molimo lintho tsa Molimo,” ntho ea pele eo re Mo kolotang eona ke lerato—le akarelletsang ho tšepahala ho eena ka pelo eohle.
Na lerato le joalo le ka aroloa? Na re ka tšepahala ho batho ba babeli, ka lehlakoreng le leng re tšepahale ho Jehova Molimo le ’muso oa hae oa leholimo ha ka lehlakoreng le leng re tšepahala ho babusi ba lefatše? Jesu o ile a bolela molao-motheo ona ka boeena: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; kaha o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong.” (Matheu 6:24) Mona Jesu o ne a bua ka ha motho a arola botšepehi ba hae pakeng tsa Molimo le maruo, empa ho hlakile hore o ne a nka hore molao-motheo ona o sebetsa le ka tsela e tšoanang tabeng ea ho kenella lipolotiking—joalokaha balateli ba hae ba lekholong la pele la lilemo le bona ba ne ba nka joalo.
Tlaleho ea khale ka ho fetisisa e ntseng e le teng e bontša hore balateli ba Jesu ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba sa nke karolo lipolotiking. Kaha ba ne ba rapela feela Eo Kreste a neng a mo rapela, ba ile ba hana ho itlama hore ba tla tšepahalla ’muso oa Roma le moemphera oa oona, ba hana ho kena sesoleng le ho ba boemong bo phahameng ’musong. Ka lebaka leo, ba ile ba hlokofatsoa ka litsela tsohle. Ka linako tse ling lira tsa bona li bile tsa ba qosa ka hore ba hloile batho. Na qoso eo e ne e le ’nete?
Bakreste ba ’Nete ba Tsotella Batho ba Bang
Hopola ha Jesu a ne a bua ka taelo ea bobeli ho tse khōlō ka ho fetisisa melaong ea Molimo, e reng “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” Ho hlakile hore ha ho molateli oa ’nete oa Kreste ea lokelang ho hloea batho ba bang. Jesu o ne a rata batho, o ne a sebetsa ka thata molemong oa bona, a bile a ba thusa le ka mathata a bona a letsatsi le letsatsi.—Mareka 5:25-34; Johanne 2:1-10.
Leha ho le joalo, Jesu o ne a tsebahala haholo ka ho etsa’ng? O ne a sa bitsoe Mofolisi, Ea Fepang Matšoele, kapa ea Tsosang Bafu—le hoja a ile a etsa lintho tseo tse tsotehang. Empa batho ba ne ba mo bitsa ka tsela e nepahetseng, ba re ke Mosuoe. (Johanne 1:38; 13:13) Jesu o ile a hlalosa hore lebaka le ka sehloohong leo a tlileng lefatšeng ka lona e ne e le ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo.—Luka 4:43.
Ke lona lebaka le etsang hore balateli ba ’nete ba Kreste ba inehele mosebetsing oo Mong’a bona a ileng a tšoareha ka oona ha a le lefatšeng—e leng oa ho ruta batho litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Jesu Kreste o laetse Bakreste bohle ba ’nete hore ba rute batho ka ’Muso oo oa Molimo lefatšeng lohle. (Matheu 24:14; 28:19, 20) ’Muso oo o ke keng oa senyeha oa leholimong o tla busa pōpo eohle ea Molimo ka lerato. O tla phethahatsa thato ea Molimo, o be o felise mahlomola le lefu. (Matheu 6:9, 10; Tšenolo 21:3, 4) Hase feela Bibele e reng molaetsa oa Kreste ke “litaba tse molemo”!—Luka 8:1.
Ka hona, haeba u batla balateli ba ’nete ba Jesu Kreste lefatšeng kajeno, u ka ba khetholla joang? Na e tla ba ba kenellang lipolotiking tsa lefatše lee? Kapa na e tla ba bao mosebetsi oa bona o moholo e leng o tšoanang le o neng o etsoa ke Jesu, e leng oa ho bolela le ho ruta ka ’Muso oa Molimo?
Na u ka rata ho tseba ho eketsehileng ka ’Muso oa Molimo le hore na o ka ama bophelo ba hao joang hona joale? Re u khothalletsa hore u ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tse lulang sebakeng sa heno kapa u ee Websaeteng ea tsona ho www.watchtower.org.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
Na Lipaki Tsa Jehova li Thusa Sechaba?
Lipaki Tsa Jehova ha li nke lehlakore lipolotiking. Leha ho le joalo, li sebetsa ka thata ho thusa batho ba merabe eohle le ba limelo tsohle ba ahileng le tsona. Hlokomela tse ling tsa lintho tseo li li etsang:
◼ Lipaki Tsa Jehova ke batho ba ithaopileng ba fetang limilione tse supileng ba qetang lihora tse fetang libilione tse 1,5 ka selemo ba ruta batho hore na Bibele e na le molaetsa ofe le hore na e ka ba thusa joang hore ba hlōle mekhoa e ka ba lematsang, ba be le malapa a thabileng le hore ba ntlafatse bophelo ba bona.
◼ Li hatisa libuka esita le ho li abela batho mahala ka lipuo tse fetang 500, tseo tse ling tsa tsona e leng libuka tsa Lipaki feela tse hatisoang ka puo eo.
◼ Li tšoarela batho lithupelo tsa ho bua ka pel’a batho ba bangata ’me li se li thusitse batho ba limilione hore ba ithute ho bua ka tsela e hlakileng le e bohlale.
◼ Li rupela batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola ’me sena se se se thusitse batho ba mashome a likete hore ba tsebe ho bala le ho ngola.
◼ Li hlophisitse hore ho be le Likomiti Tsa Kaho Tsa Mabatooa tse fetang 400 lefatšeng ka bophara hore li thuse baithaopi hore ba be le tsebo ea ho haha e le hore ba ka haha libaka tseo ho tla ithutoa Bibele ho tsona. Lilemong tse leshome tse fetileng, ho hahiloe libaka tsa borapeli kapa Liholo Tsa ’Muso tse fetang 20 000.
◼ Li thusa Lipaki tse ling haesita le batho bao e seng Lipaki lefatšeng ka bophara linakong tseo ho nang le likoluoa. Nakong ea lilemo tse peli ka mor’a hore maholiotsoana a hlasele United States, Lipaki tse ithaopileng li ile tsa haha Liholo Tsa ’Muso tse fetang 90 le matlo a fetang 5 500.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ha batho ba ne ba batla ho qobella Jesu hore a kenelle lipolotiking, o ile a tsoa har’a bona ’me “a ea thabeng a le mong feela”