Atamela ho Molimo
Oa Hopola Hore “re Lerōle”
“KE NE ke sa lumele hore Jehova a ka ntšoarela ka ho feletseng, ke ne ke nahana hore mojaro ona ke tla o jara bophelo bohle ba ka.” Sena ke se ileng sa ngoloa ke ’mè e mong oa Mokreste ka liphoso tsa hae tsa nakong e fetileng. Ka sebele ho ba le letsoalo le molato ke mojaro o boima haholo. Leha ho le joalo, Bibele e fana ka matšeliso a ka kokobetsang bohloko boo mofosi ea bakileng a bo utloang. Hlokomela mantsoe a mopesaleme Davida a Pesalemeng ea 103:8-14.
Davida o ne a tseba hore “Jehova o mohau” ebile “a ke ke a lula a fumana molato” ho rōna. (Temana ea 8-10) Ha Molimo a fumana se ka etsang hore a bontše mohau, o etsa joalo ka ho feletseng le ka pelo eohle. Davida, eo e neng e le khelekehali ea seroki, o sebelisa lipapiso tse tharo ho hlalosa mohau o moholohali oo Molimo a re bontšang oona.
“Joalokaha maholimo a phahame ho feta lefatše, mosa oa hae o lerato o phahame ho ba mo tšabang.” (Temana ea 11) Ha re lelala bosiu re sheba leholimo, re sitoa ho utloisisa hore na ho na le sebaka se sekae lipakeng tsa lefatše le leholimo le tletseng linaleli. Ka hona, Davida o etsa hore re utloisise hantle boholo ba mohau oa Jehova, e leng tšobotsi ea lerato la hae le tšepahalang. Mohau ona ke o bontšoang ‘ba tšabang’ Molimo, kapa joalokaha setsebi se seng se cho, o bontšoa ba “ikokobelitseng, ba hlomphang bolaoli ba hae ka ho feletseng.”
“Joalokaha bochaba-tsatsi bo le hōle le bophirima-tsatsi, ka ho tšoanang o suthiselitse litlōlo tsa rōna hōle le rōna.” (Temana ea 12) Liphetolelo tse ling li re, “joalokaha bochabela bo le hōle le bophirimela.” Ke bohōle bo bokae boo? Ke bohōle boo re sitoang le ho bo nahana. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Bibele e re: “Ha u fofa ’me u ntse u leba bochabela, seo se bolela hore u ntse u suthela hōle le ho feta le bophirimela.” Mona Davida o re bolella hore ha Molimo a re tšoarela libe tsa rōna, o li behella hōle haholo le rōna ka tsela eo re sitoang le ho e nahana.
“Joalokaha ntate a bontša mohau ho bara ba hae, Jehova o bontšitse mohau ho ba mo tšabang.” (Temana ea 13) Davida, kaha e ne e le ntate, o ne a tseba hantle hore na ntate ea lerato o ikutloa joang ka pelong. Ntate ea joalo o susumelletseha hore a qenehele bana ba hae, haholo-holo ha ba utloile bohloko. Davida o re tiisetsa hore Ntate oa rōna ea leholimong ea lerato o hauhela bana ba hae ba lefatšeng, haholo-holo ba bakileng ba lipelo li ‘robehileng le tse sithabetseng’ ka lebaka la libe tsa bona.—Pesaleme ea 51:17.
Ka mor’a ho etsa lipapiso tseo tse tharo, Davida o bontša hore na ke eng e susumelletsang Jehova hore a bontše batho ba sa phethahalang mohau: “O tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.” (Temana ea 14) Jehova oa tseba hore re entsoe ka lerōle, re na le moo re haelloang teng ’me re na le mefokolo. Kaha Jehova oa tseba hore re baetsalibe, o “itokiselitse ho [re] tšoarela”—hafeela re bontša hore re bakile ka pelo eohle.—Pesaleme ea 86:5.
Na mantsoe a Davida a buang ka mohau oa Jehova a u ama ka ho teba? ’Mè ea qotsitsoeng qalong o ile a ithuta hore Bibele e re Molimo o itokiselitse ho tšoarela ’me o ile a susumelletseha hore a re: “Joale ke se ke utloa hore nka khona ho atamela haufi le Jehova, ebile ke utloa ke imolotsoe mojaro oa ka.”a Ke hobane’ng ha u sa ithute se eketsehileng ka mohau oa Molimo le hore na u ka o fumana joang? Mohlomong le uena u tla utloa u imolotsoe mojaro o boima.
Litemana Tsa Bibele Tseo u ka li Balang ka August:
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba khaolo ea 26 e nang le sehlooho se reng, “Molimo ea ‘Itokiselitseng ho Tšoarela,’” bukeng ea Atamela ho Jehova, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
“Joale ke se ke utloa hore nka khona ho atamela haufi le Jehova, ebile ke utloa ke imolotsoe mojaro oa ka”