Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 12/1 leq. 3
  • Na Ebe Molimo oa re Otla?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ebe Molimo oa re Otla?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e Re’ng ka Likoluoa Tsa Tlhaho?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Likoluoa Tsa Tlhaho—Ke Hobane’ng ha li le Ngata Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na Likoluoa Tsa Tlhaho ke Kotlo e Tsoang ho Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na Molimo o Sebelisa Likoluoa Tsa Tlhaho ho Otla Batho Kajeno?
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 12/1 leq. 3

Na Ebe Molimo oa re Otla?

Ka mor’a hore ho be le tšisinyeho ea lefatše e boholo ba 9,0 sekaleng sa Richter, Japane, hammoho le tsunami ka March 2011, ralipolotiki e mong naheng eo o ile a re: “Ke nahana hore ke tembatsu (kotlo e tsoang ho Molimo), le hoja ke utloela ba hlahetsoeng ke koluoa ena bohloko.”

Ka mor’a hore batho ba fetang 220 000 ba bolaoe ke tšisinyeho ea lefatše Haiti ka January 2010, moruti e mong ea tsebahalang, ha a rera thelevisheneng o ile a re e bakiloe ke hore ba “ikanetse ho sebeletsa diabolose” ’me ba lokela ho “khutlela ho molimo.”

Ka mor’a hore batho ba 79 ba shoe ka lebaka la ho hatana holimo ke tšubuhlellano ea batho Manila, Philippines, moruti oa K’hatholike o ile a re: “Molimo o batla ho tsosa matsoalo a rōna a shoeleng le a seng a sa tsotelle.” Koranta ea moo e ile ea tlaleha hore “batho ba baholo ba liphesente tse 21 ba lumela hore Molimo o ntša bohale ba hae ka ho ba otla ka ho ritsa ha seretse, maholiotsoana le likoluoa tse ling” tse atisang ho oela naha eo.

TUMELO ea hore Molimo o otla batho ba sa lokang ka likoluoa ha e qale hona joale. Ka 1755, ka mor’a hore batho ba ka bang 60 000 ba bolaoe ke tšisinyeho ea lefatše, mollo le tsunami tse ileng tsa otla motse oa Lisbon, Portugal, rafilosofi e mong ea tsebahalang haholo ea bitsoang Voltaire, o ile a tletleba, a re: “E le hore batho ba moo Lisbon e ripitliloeng ba ne ba hlephile hakaalo boitšoarong ho feta ba Paris, moo boetsalibe e leng monyaka oa letsatsi le letsatsi?” Ka sebele batho ba limilione ba ’nile ba ipotsa hore na ebe Molimo o sebelisa likoluoa tsa tlhaho ho otla batho. Linaheng tse ling, ha e le hantle likoluoa tseo ho thoe ke liketso tsa Molimo.

Ka lebaka la sena, ho ka ba molemo hore re botse: Na ehlile Molimo esale a otla batho ka likoluoa tsa tlhaho? Na likoluoa tse ngata hakaale tsa morao tjee ke kotlo e tsoang ho Molimo?

Moo ba ipatlelang ho beha Molimo molato, ba bang ba qotsa liketsahalo tse tlalehiloeng ka Bibeleng moo Molimo a ileng a timetsa batho ka lintho tsa tlhaho. (Genese 7:17-22; 18:20; 19:24, 25; Numere 16:31-35) Leha ho le joalo, ha ho hlahlojoa litlaleho tsena tsa Bibele hantle, ho hlokomeloa hore ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe ho na le lintho tse tharo tse ka sehloohong tse ikhethang. Ea pele, batho ba ile ba lemosoa e sa le pele. Ea bobeli, ho fapana le likoluoa tsa tlhaho tsa mehleng ena tse bolaeang li sa khethe batho ba lokileng le ba khopo, Molimo eena o ne a khetha bao a ba timetsang. Ho ne ho timetsoa feela ba neng ba se ba le khopo hoo ba ke keng ba fetoha kapa ba neng ba hana ho mamela litemoso. Ea boraro, Molimo o ile a fa batho ba se nang molato mokhoa oa hore ba pholohe.—Genese 7:1, 23; 19:15-17; Numere 16:23-27.

Likoluoeng tse se nang palo tse ileng tsa bolaea batho ba limilione ka sehlōhō mehleng ena, ha ho na bopaki ba hore Molimo ke eena ea neng a li baka. Joale ke eng e bakang hore likoluoa li be ngata hakaale? Re ka sebetsana le tsona joang? Hona na ho tla ke ho be le nako eo ka eona ho sa beng le likoluoa? U tla fumana likarabo lihloohong tse hlahlamang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela