Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 10/15 maq. 3-6
  • Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Naheng ea Brazil

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Naheng ea Brazil
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “KE NE KE SA KHOLOE SEO KE SE UTLOANG”
  • O SUSUMETSOA HORE A HLAHLOBISISE MOSEBETSI OA HAE OA BOBOLELI
  • SEBINI KAPA ’MOLELI?
  • “KE ILE KA TLAMEHA HO LULA”
  • Ho Amohela Memo ea Jehova Hoa Putsa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Naheng ea Ecuador
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Pele le ka Morao—O Ile a Fumana Matla a ho Fetoha
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Jehova o Hlohonolofalitse Boikemisetso ba ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 10/15 maq. 3-6

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Naheng ea Brazil

LILEMONG tse ’maloa tse fetileng, Rúbia, e leng morali’abo rōna eo hona joale a leng lilemo li 30, o ile a etela Sandra, eo e leng pula-maliboho ea sebeletsang phuthehong e nyenyane karolong e ka boroa ea Brazil. Nakong ea leeto lena ho na le ntho e ileng ea etsahala e ileng ea thabisa Rúbia haholo eaba ea fetola bophelo ba hae. Ho ile ha etsahala’ng? E-re Rúbia a ke a re phetele.

“KE NE KE SA KHOLOE SEO KE SE UTLOANG”

Sandra le Rúbia ba thutong ea Bibele

“Sandra o ile a ea le ’na ho ’mè e mong eo a neng a ithuta Bibele le eena. Nakong ea thuto ’mè eo o ile a re: ‘Sandra, ho na le banana ba bararo bao ke sebetsang le bona ba batlang ho ithuta Bibele, empa ke ile ka ba bolella hore ba lokela ho leta ho fihlela nako ea bona e fihla. Kea tseba hore selemong sena ho se ho ntse ho e-na le batho bao u lokelang ho ithuta le bona.’ Ke ne ke sa kholoe seo ke se utloang. Batho ba batlang ho ithuta ka Jehova ba tlameha ho behoa lenaneng la batho ba letetseng ho rutoa! Phuthehong ea heso ke ne ke thatafalloa ke ho fumana le thuto e le ’ngoe feela. Ka oona motsotso oo, hona lelapeng la motho eo ea ithutang Bibele, ke ile ka utloa ke e-na le takatso e matla ea hore ke tl’o thusa batho ba torotsoaneng eo. Ho e-s’o ee kae, ke ile ka tloha motseng o moholo oo ke neng ke lula ho oona ka ea toropong eo Sandra a neng a bula maliboho ho eona.”

Lintho li ile tsa tsamaela Rúbia joang? O re: “Nakong ea likhoeli tse peli, ke ne ke se ke khanna lithuto tsa Bibele tse 15—u ke ke ua kholoa ha ke re ho e-s’o ee kae, le ’na joaloka Sandra ke ne ke se ke e-na le lenane la batho ba letetseng hore ke tl’o ithuta le bona!”

O SUSUMETSOA HORE A HLAHLOBISISE MOSEBETSI OA HAE OA BOBOLELI

Diego

Diego, e leng mor’abo rōna eo hona joale a sa tsoa feta lilemo tse 20, o ile a etela bo-pula-maliboho ba bang ba neng ba sebeletsa Prudentópolis, e leng motsana o mong o karolong e ka boroa ea Brazil. Leeto leo le ile la mo susumetsa haholo; ha e le hantle, le ile la mo susumetsa hore a ke a hlahlobisise tšebeletso ea hae. O re: “Ke ne ke etsa lintho tsa phutheho feela ho phetha molao, ke sebetsa lihora tse fokolang feela ka khoeli tšimong. Empa ha ke ne ke etetse bo-pula-maliboho bao ’me ke utloa liphihlelo tsa bona, ke ile ka bapisa thabo eo ba neng ba e-na le eona le maikutlo ao ke neng ke e-na le ’ona a ho se nkele mosebetsi oa boboleli hloohong. Ha ke bona kamoo ba neng ba thabile kateng, ke ile ka khalla eka bophelo ba ka bo ka be bo tšoana le ba bona.” Ka mor’a leeto leo, Diego o ile a qala ho bula maliboho.

Na u mocha oa Paki eo joaloka Diego a etsang mosebetsi oa boboleli le ea eang libokeng tsa Bokreste, empa ka nako e tšoanang a utloa eka mosebetsi oa boboleli oa bora? Haeba ho joalo, na u ka etsa liphetoho tse tla u thusa hore u thabele ho sebeletsa moo ho hlokahalang bahoeletsi ba bangata ba ’Muso teng? Ke ntho e utloahalang hore ho furalla bophelo bo monate boo u neng u bo phela ho ka ’na ha bonahala ho le boima. Ho ntse ho le joalo, bacha ba bangata ba khethile ho etsa sona seo hantle. Ba ile ba e-ba sebete sa hore ba fetole lipakane tsa bona le takatso ea bona e le hore ba eketse tšebeletso ea bona ho Jehova. Mohlala o mong oo u ka nahanang ka oona ke oa Bruno.

SEBINI KAPA ’MOLELI?

Bruno o ruta batho ho letsa katara

Lilemong tse ’maloa tse fetileng, Bruno, eo hona joale a leng lilemo li 28, o ile a ithutela ’mino sekolong se tummeng sa ’mino ’me sepheo sa hae e ne e le hore e be motsamaisi oa sehlopha sa ’mino oa liletsa. Ha e le hantle, o ile a sebetsa hantle lithutong tsa hae hoo ka makhetlo a mangata a ileng a kōptjoa hore a tsamaise sehlopha sa ’mino oa liletsa. Ho ne ho bonahala eka o tla atleha mosebetsing oa hae. Bruno o re: “Leha ho le joalo, ke ne ke utloa hore ho na le ntho e haellang bophelong ba ka. Ke ne ke inehetse ho Jehova, empa ke ne ke tseba hore ha ke mo sebeletse ka matla a ka oohle ’me seo se ne se ntšoenya. Ke ile ka rapela Jehova ka mo bolella hore na ke ikutloa joang ’me ke ile ka boela ka bua le bara babo rōna ba nang le boiphihlelo ka phuthehong. Ka mor’a hore ke nahanisise ka taba ena, ke ile ka etsa qeto ea hore ke etelletse mosebetsi oa ka oa boboleli pele ho ’mino ’me ke ile ka tlohela sekolo sa ’mino eaba ke il’o sebeletsa moo ho neng ho hlokahala baboleli ba bangata ba ’Muso.” Na qeto ee ea hae e ile ea atleha?

Bruno o ile a fallela motseng oa Guapiara (o nang le baahi ba ka bang 7 000), o ka bang lik’hilomithara tse 260 ho tloha motseng oa São Paulo. Ena e ne e le phetoho e khōlō. O re: “Ke ile ka lula ntlong e nyenyane e se nang foriji, TV kapa Inthanete. Leha ho le joalo, ntlo eo e ne e e-na le lintho tseo ho seng mohla nkileng ka ba le tsona—e leng serapa sa meroho le sa litholoana!” Ha Bruno a ntse a sebeletsa sebakeng seo, se neng se e-na le phutheho e nyenyane, hanngoe ka beke o ne a paka mokotla, a tšela lijo, metsi le libuka ebe o palama sethuthuthu sa hae o il’o bolela litaba tse molemo libakeng tsa mahaeng. Batho ba bangata sebakeng seo ba ne ba e-s’o ka ba utloa litaba tse molemo. O re: “Ke ne ke khanna lithuto tsa Bibele tse ka bang 18. Ha ke bona liphetoho tseo liithuti tsena li neng li li etsa bophelong ba tsona, sena se ne se nthabisa haholo!” O phaella ka ho re: “Nakong ena ke ile ka hlokomela hore ke ne ke fumane ntho eo esaleng e haella bophelong ba ka—khotsofalo e tlisoang ke ho etelletsa ’Muso pele bophelong. Haeba ke ne ke ile ka phehella lintho tse bonahalang, nka be ke sa fumana thabo ena.” Bruno o ile a iphelisa joang ha a ne a le Guapiara? O bua a ntse a bososela ’me o re: “Ke ruta batho ho letsa katara.” Ka tsela e itseng ho ka boleloa hore e ntse e le sebini.

“KE ILE KA TLAMEHA HO LULA”

Bianca le Juliana ba mosebetsing oa boboleli

Mariana, ea habileng lilemo tse 30, o ile a iphumana a le boemong bo tšoanang le ba Bruno. O ne a sebetsa e le ’muelli oa molao, empa le hoja a ne a sebetsa mosebetsi oo o hlamatsehang, o ne a sa thaba e le kannete. O re: “Ke ne ke utloa eka ke ‘lelekisa moea.’” (Moek. 1:17) Bara le barali babo rōna ba bangata ba ile ba mo khothalletsa hore a ke a nahane ka ho ba pula-maliboho. Ka mor’a hore a nahanisise ka taba eo, Mariana hammoho le metsoalle ea hae e leng Bianca, Caroline le Juliana, ba ile ba etsa qeto ea hore ba ke ba e’o thusa phutheho e ’ngoe ea Barra do Bugres, e leng motsana oa mahaeng, haufi le Bolivia, o lik’hilomithara tse likete hōle le ha habo bona. Ka mor’a moo ho ile ha etsahala’ng?

Mariana le Caroline ba tšohla Bibele le motho e mong

Mariana o re: “Ke ne ke ikemiselitse ho lula moo likhoeli tse tharo. Empa qetellong ea likhoeli tseo, ke ne ke khanna lithuto tsa Bibele tse 15! Ho hlakile hore liithuti tseo li ne li hloka ho thusoa haholo e le hore li tsebe ho tsoela pele ’neteng. Ka lebaka leo, ke ne ke tšaba ho ba bolella hore kea tsamaea. Ke ile ka tlameha ho lula.” Bone ba rōna re ile ra lula. Joale, na mosebetsi o mocha oa Mariana o ile oa etsa hore a phele bophelo bo nang le morero? O re: “Ke thabela hore ebe Jehova o ntšebelisa hore ke thuse batho ba bang hore ba etse liphetoho tse etsang hore bophelo ba bona bo ntlafale. Ke thabela hore ebe hona joale ke sebelisa nako ea ka le matla a ka ho etsa mosebetsi o tsoelang batho molemo e le kannete.” Caroline o akaretsa tsela eo kaofela ha bona ba ikutloang ka eona ka mantsoe ana: “Ha ke robala bosiu, ke khotsofala haholo kaha ke sebelisitse matla a ka ho etelletsa ’Muso pele. Ntho e tlang pele bophelong ba ka ke hore na nka thusa batho bao ke ithutang Bibele le bona joang. Hoa hlolla ho bona ba tsoela pele moeeng. Ke bona ha mantsoe a latelang a phethahala: ‘Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo.’”—Pes. 34:8.

E tlameha ebe Jehova o thaba haholo ha a bona bara le barali babo rōna ba bacha ba bangata lefatšeng lohle ba “itlhahisa ka ho rata” ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae libakeng tsa mahaeng! (Pes. 110:3; Liprov. 27:11) Jehova o boetse o hlohonolofatsa basebetsi bao bohle ba etsang mosebetsi ka ho rata.—Liprov. 10:22.

“Ha Rea ka ra Hloka Letho”

João Paulo le Noemi ba khanna thuto ea Bibele

Ha João Paulo le mohats’a hae Noemi ba bolella batho ba bang hore ba ne ba batla ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo, ba bang ba ile ba bua lintho tse ba nyahamisang. Batho ba bang ba phuthehong ea habo bona ba ne ba re: “Le ipeha kotsing ea ho ba le mathata a lichelete ha le fallela toropong e nyenyane.” “Ke hobane’ng ha le batla ho falla? Ho ntse ho e-na le mosebetsi o mongata o ka etsoang phuthehong ea habo rōna mona.” João Paulo o re: “Le hoja batho bao ba ne ba fana ka keletso eo e khathatsang matla ka moea o motle, e ne e re nyahamisa.” Leha ho le joalo, kajeno, ka mor’a ho sebetsa sebakeng sena se hlokang bahoeletsi ba bangata ka lilemo tse ngata, João Paulo le Noemi ba thabela hore ebe ba ile ba khomarela qeto ea bona ea ho eketsa seo ba se etsang tšebeletsong. João Paulo o re: “Nakong ena eohle eo ’na le mohats’aka re ’nileng ra sebeletsa mona, ha rea ka ra hloka letho. Lintho tseo re hlileng re li hlokang, re na le tse ngata ho feta tseo re neng re e-na le tsona pele.” Noemi o re: “Seo re se entseng hase tšenyo ea nako.”

Ha ho bonolo ho fumana mokhoa oa ho iphelisa litoropong tse nyenyane. Batho ba sebeletsang libakeng tse joalo tsa mahaeng ba iphelisa joang? Ka hore ba leke malebaleba ’ohle. Ba bang ba ruta batho Senyesemane kapa lipuo tse ling, ba thusa bana lithutong tsa bona, baa rōka, baa penta kapa ba etsa mesebetsi e meng ea boipheliso ea nakoana. Batho ba sebeletsang moo ho hlokahalang bahoeletsi teng ba lumellana ka eng? Mahlohonolo ao ba a fumanang a mangata ho feta mathata ao ba thulanang le ’ona!

Mathata a ho Hloloheloa Hae

Tiago o tšebeletsong ea phatlalatsa

Tiago: “Nakoana ka mor’a hore ke fihle phuthehong e ncha, ke ile ka qala ho sithabela maikutlong. Bahoeletsi ba toropong eo ba ne ba fokola ka palo ’me ho se na libaka tsa boikhathollo. Ke ile ka hloloheloa hae. Ke ile ka hlokomela hore ke ne ke lokela ho etsa ho hong ho ikhothatsa. Kahoo, ke ile ka qala ho etsa boiteko ba hore ke tsebe bara le barali ba babo rōna ba ka phuthehong haholoanyane—’me sena se ile sa nthusa! Ke ile ka ba le metsoalle e mecha, ’me ho e-s’o ee kae ke ile ka boela ka thaba ka ba ka phutholoha.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela