“Atamelang ho Molimo, ’me o Tla Atamela ho Lōna”
Pele le ka Morao—O Ile a Fumana Matla a ho Fetoha
MOSALI e mong oa Mexico ea bitsoang Sandra, o hlalosa hore o ne a khesoa lapeng labo. Ho khesoa ho ile ha senya bocha ba hae. O re: “Lilemong tsa bocha ke ne ke sa tsebe hore na ke phelela’ng ’me ke ne ke ipotsa lipotso ka ho phela le ka bophelo ka kakaretso.”
Ha Sandra a ntse a le sekolong se phahameng, o ile a qala ho noa veine ea ntat’ae lapeng. Ka mor’a nako, a qala ho ithekela joala ’me a fetoha lekhoba la tahi. Oa lumela, o re: “Ho ne ho se letho le nkhothalletsang ho phela.” Ka lebaka la ho tsieleha, Sandra o ile a qala ho sebelisa lithethefatsi. O re: “Ntho feela e neng e ntebatsa mathata a ka, ke e neng e lula ka mokotlaneng oa ka: e leng botlolo ea joala, lipilisi tse seng kae, kapa matekoane.”
Ka mor’a hore Sandra a qete ho ithutela bongaka, o ile a tetebela botahoeng. O ile a leka ho ipolaea, empa a phela.
Sandra o ile a ea malumeling a mangata a batla ho thusoa moeeng le maikutlong, empa ha aa ka a atleha. Kaha o ne a feletsoe ke tšepo a bile a nyahame, o ne a llela Molimo hangata a re: “U hokae? Ke hobane’ng ha u sa nthuse?” Nakong eo e mong oa Lipaki Tsa Jehova a neng a buisana le eena, o ne a ikhalala haholo. Puisano ena e ile ea etsa hore ho tšoaroe thuto ea Bibele le eena. Sandra o ile a thaba haholo ha a ithuta hore “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng.”—Pesaleme ea 34:18.
Paki e neng e ruta Sandra Bibele e ile ea mo thusa ho utloisisa hore Jehova Molimo oa tseba hore re hlaseleha habonolo hobane re futsitse sebe le ho se phethahale ho Adama. Sandra o ile a hlokomela hore Molimo oa utloisisa hore re ke ke ra phela ka melao e lokileng ka tsela e phethahetseng. (Pesaleme ea 51:5; Baroma 3:23; 5:12, 18) O ile a thabela ho tseba hore Jehova ha a sale bofokoli ba rōna morao le hore ha a batle hore re etse seo re ke keng ra se khona. Mopesaleme o ile a botsa: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema?”—Pesaleme ea 130:3.
’Nete ea bohlokoa ea Bibele e ileng ea thabisa Sandra ke sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste. Ka sona, ka mohau Jehova o re batho ba lokile, empa ba ntse ba sa phethahala. (1 Johanne 2:2; 4:9, 10) E, re ka ‘tšoareloa litšito tsa rōna’ ’me kahoo ra thusoa ho hlōla maikutlo ’ohle a ho ikhalala.—Baefese 1:7.
Sandra o ile a ithuta lintho tsa bohlokoa mohlaleng oa moapostola Pauluse. O ile a ananela haholo mosa oa Molimo oa ho mo tšoarela liphoso tsa hae tsa nakong e fetileng le ho mo tšehetsa ntoeng e boima ea hore a se ke a pheta liphoso. (Baroma 7:15-25; 1 Bakorinthe 15:9, 10) Pauluse o ile a lokisa tsela eo a neng a phela ka eona, ‘a teteka ’mele oa hae ’me a o tšoara joaloka lekhoba’ e le hore a tsoele pele a phela ka tsela e amoheloang ke Molimo. (1 Bakorinthe 9:27) Ha aa ka a lumella hore litakatso tsa hae tsa boetsalibe li mo fetole lekhoba.
Bofokoli ba Sandra bo ne bo hana ho mo tlohela, empa a ’na a bo loantša. Ka tieo o ile a rapella thuso ea Jehova hore a bo hlōle eaba o batla mohau oa hae. (Pesaleme ea 55:22; Jakobo 4:8) Sandra o ile a utloa hore Molimo oa mo thahasella, ’me a khona ho fetola bophelo ba hae. O re: “Ke thabela ho ruta ba bang Bibele ka nako eohle.” Sandra o bile le monyetla oa ho thusa ausi’ae le ngoan’abo oa ngoanana hore ba tsebe Jehova. Ha a ntse a ‘sebetsa se molemo,’ o boetse o ithaopela ho sebelisa tsebo ea hae ea bongaka likopanong tse khōlō tsa Lipaki Tsa Jehova.—Bagalata 6:10.
Ho thoe’ng ka lintho tseo Sandra a neng a li lemaletse? Ka kholiseho o re: “Kelello ea ka e hlaphohetsoe. Ha ke sa noa, ha ke sa tsuba leha e le hona ho sebelisa lithethefatsi. Ha ke li hloke. Ke fumane seo ke neng ke se batla.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
“Ke fumane seo ke neng ke se batla”
[Lebokose le leqepheng la 9]
Melao-motheo ea Bibele ea Sebetsa
Melao-motheo e meng ea Bibele e thusitseng ba bangata ho tsoela temalo e silafatsang ke ena:
“A re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo.” (2 Bakorinthe 7:1) Molimo o hlohonolofatsa ba itlhatsoitseng litšila, ba qobang mekhoa e sa hloekang.
“Ho tšaba Jehova ho bolela ho hloea bobe.” (Liproverbia 8:13) Ho tšaba Molimo ka tšabo e nang le tlhompho ho thusa motho ho tsoela mekhoa e mebe, ho akarelletsa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Ntle ho ho khahlisa Jehova, motho ea fetohileng o sireletsoa maloetseng a tšosang.
‘Ipeheng tlaase le ho mamela mebuso le balaoli joaloka babusi.’ (Tite 3:1) Libakeng tse ngata, ho ba le lithethefatsi tse itseng kapa ho li sebelisa, ke tlōlo ea molao. Bakreste ba ’nete ha ba na lithethefatsi tse sa lumelloeng ke molao ebile ha ba li sebelise.