‘Ba Nang le Tšekamelo e Nepahetseng’ ba Nka Khato
“Bohle ba neng ba e-na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng ea e-ba balumeli.”—LIK. 13:48.
1, 2. Bakreste ba pele ba ile ba nka khato efe ka boprofeta ba Jesu ba hore litaba tse molemo li ne li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona?
BUKA ea Bibele ea Liketso e na le tlaleho e thabisang ea hore na Bakreste ba pele ba ile ba nka khato efe ka boprofeta ba Jesu ba hore litaba tse molemo tsa ’Muso li ne li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Mat. 24:14) Baboleli ba chesehang ba ile ba bula khoro bakeng sa bohle ba neng ba tla ba latela. Kaha barutuoa ba Jesu ba Jerusalema ba ile ba paka ka cheseho, batho ba likete ba akarelletsang “bongata bo boholo ba baprista,” ba ile ba kena ka bongata ka phuthehong ea lekholong la pele la lilemo.—Lik. 2:41; 4:4; 6:7.
2 Baromuoa ba pele-pele ba ile ba thusa batho ba bang ba bangata hore ba amohele Bokreste. Ho tea mohlala, Filipi o ile a ea Samaria moo bongata bo ileng ba mo mamela. (Lik. 8:5-8) Pauluse o ile a tsamaea haholo a e-na le batho ba ’maloa ba neng ba bolela molaetsa oa Bokreste le eena Cyprase, likarolong tsa Asia Minor, Macedonia, Greece le Italy. Matšoele a Bajuda le Bagerike a ile a fetoha balumeli metseng eo a neng a bolela ho eona. (Lik. 14:1; 16:5; 17:4) Tite o ile a bolela Kreta. (Tite 1:5) Petrose eena o ne a tšoarehile Babylona, ’me ka nako eo a neng a ngola lengolo la hae la pele hoo e ka bang ka 62-64 C.E. mosebetsi o etsoang ke Bakreste o ne o tsejoa haholo Pontase, Galatia, Kapadosia, Asia le Bithynia. (1 Pet. 1:1; 5:13) Ho ne ho le monate haholo nakong eo! Baboleli bao ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba cheseha hoo lira tsa bona li ileng tsa bolela hore ba ne ba ‘ferekantse lefatše leo ho ahiloeng ho lona.’—Lik. 17:6; 28:22.
3. Ke sefe se fihleloang ke baboleli ba ’Muso mosebetsing oa ho bolela, ’me seo se etsa hore u ikutloe joang?
3 Le mehleng ea kajeno, phutheho ea Bokreste e hōlile haholo. Na ha u khothale ha u bala tlaleho ea selemo le selemo ea Lipaki Tsa Jehova ’me u bona hore na ke sefe se fihleloang lefatšeng ka bophara? Na ha u thabe ha u utloa hore baboleli ba ’Muso ba ile ba khanna lithuto tsa Bibele tse fetang limilione tse tšeletseng selemong sa tšebeletso sa 2006? Ho feta moo, palo ea ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Jesu Kreste selemong se fetileng e bontša hore hoo e ka bang batho ba limilione tse leshome bao eseng Lipaki Tsa Jehova ba ile ba thabela litaba tse molemo hoo ba ileng ba bona ho hlokahala hore ba be teng ha ho ikhopotsoa ketsahalo ena ea bohlokoa. Sena se bontša hore ho sa ntse ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa.
4. Ke bo-mang ba amohelang molaetsa oa ’Muso?
4 Joaloka lekholong la pele la lilemo, kajeno, ‘bohle ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ ba amohela ’nete eo ba e bolelloang. (Lik. 13:48) Jehova o hulela batho ba joalo mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng. (Bala Hagai 2:7.) Re lokela ho ba le maikutlo afe ka tšebeletso ea Bokreste e le hore re lule re kopanela ka botlalo mosebetsing oo oa ho bokella batho?
Bolela Lentsoe Ntle ho Leeme
5. Jehova o rata batho ba mofuta ofe?
5 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba utloisisa hore “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Lik. 10:34, 35) Ha motho a batla ho ba le kamano e ntle le Jehova o lokela ho lumela sehlabelong sa Jesu sa thekollo. (Joh. 3:16, 36) Ka lebaka leo, ke thato ea Jehova hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Tim. 2:3, 4.
6. Baboleli ba ’Muso ba lokela ho etsa eng, hona hobane’ng?
6 E ne e ke ke ea e-ba ntho e nepahetseng hore baboleli ba litaba tse molemo ba ahlole batho ho ea ka morabe oa bona, hore na ke ba boemo bofe sechabeng, hore na ba shebahala joang, hore na ke ba bolumeli bofe kapa ho ea ka hore na ba fapane le batho ba bang joang. Ak’u nahane ka motsotsoana: Na ha u lebohe hore ebe motho oa pele ea ileng a buisana le uena ka Mangolo o ne a se leeme? Ka tsela e tšoanang, motho e mong le e mong ea ka ’nang a mamela molaetsa o ka pholosang bophelo, o lokela ho o bolelloa.—Bala Matheu 7:12.
7. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ahlola batho bao re ba bolellang litaba tse molemo?
7 Jehova o khethile Jesu hore e be Moahloli, kahoo, ha re na tokelo ea ho ahlola mang kapa mang. Seo se loketse hobane kaha rōna ha re tšoane le Jesu, re ka ahlola feela “ka se bonahalang mahlong a [rōna]” kapa “ho ea ka ntho e utloiloeng ke litsebe tsa [rōna],” athe Jesu eena o tseba mehopolo e tebileng le se nahanoang ke lipelo tsa rōna.—Esa. 11:1-5; 2 Tim. 4:1.
8, 9. (a) Saule e ne e le motho oa mofuta ofe pele e e-ba Mokreste? (b) Se etsahetseng ho moapostola Pauluse se lokela ho re ruta eng?
8 Batho ba mefuta eohle ba fetohile bahlanka ba Jehova. Mohlala o ka sehloohong tabeng ena ke oa Saule oa Tarsase, eo hamorao a ileng a tsejoa e le moapostola Pauluse. Saule oa Mofarisi, e ne e le mohanyetsi ea mabifi oa Bakreste. Kaha o ne a kholisehile ka ho feletseng hore e ne e se barapeli ba ’nete ba Jehova, o ile a hlorisa phutheho ea Bokreste. (Bagal. 1:13) Motho o ne a ka ’na a nahana hore ho hang e ne e ke ke ea e-ba Mokreste. Leha ho le joalo, Jesu o ile a bona ntho e ’ngoe ea bohlokoa pelong ea Saule eaba o mo khethela hore a etse mosebetsi o khethehileng. Ka lebaka leo, Saule e ile ea e-ba e mong oa ba mafolofolo le ba chesehang ka ho fetisisa phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo.
9 Se ileng sa etsahala ho moapostola Pauluse se re rutang eng? E ka ’na eaba tšimong ea rōna ho na le batho bao ho bonahalang ba sa batle letho ka molaetsa oo re o bolelang. Le hoja ho ka ’na ha bonahala eka ha ho le ea mong ho bona eo e ka bang Mokreste oa ’nete, ha rea lokela ho khaotsa ho ’na re bua le bona. Ka linako tse ling esita le batho bao ho neng ho bonahala eka ha ba rate molaetsa oa rōna ba ka ’na ba mamela. Mosebetsi oa rōna ke ho tsoela pele re bolella batho bohle litaba tse molemo re “sa khaotse.”—Bala Liketso 5:42.
Ba Bolelang Litaba Tse Molemo “ba sa Khaotse” ba Tla Hlohonolofatsoa
10. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khaotsa ho pakela batho ba bonahalang ba le mabifi? Pheta liketsahalo tsa sebakeng sa heno.
10 Chebahalo e ka thetsa. Ho tea mohlala, Ignacio,a o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ha a ntse a le teronkong naheng e ’ngoe ea Amerika Boroa. O ne a tšajoa kaha e ne e le motho ea mabifi. Ka lebaka leo, batšoaruoa ba neng ba etsa thepa ba bile ba e rekisetsa batšoaruoa ba bang, ba ne ba re Ignacio e be eena ea ba latelang chelete ho batho ba liehang ho lefa. Leha ho le joalo, ha motho enoa eo e neng e kile ea e-ba ’mampoli ea mabifi a ntse a tsoela pele thutong ea hae ea Bibele, e ile ea e-ba motho ea mosa. Ha ho sa na motho ea mo sebelisetsang ho lata mekoloto, leha ho le joalo, Ignacio o khotsofaletse hore linnete tsa Bibele le moea oa Molimo li fetotse botho ba hae. O boetse o leboha hore ebe baboleli ba ’Muso ba ileng ba etsa boiteko ba ho ithuta le eena ba ne ba sa ee ka tšobotsi.
11. Ke hobane’ng ha re lula re khutlela ho batho?
11 Le leng la mabaka ao ka ’ona re lulang re ntse re khutlela ho batho bao re seng re ile ra buisana le bona ka litaba tse molemo, ke hore maemo a bona le maikutlo a bona a ka fetoha ebile a hle a fetohe. Mohlomong ha re ne re qetela ho bua le bona, ba bang ba ile ba kula hampe, ba felloa ke mosebetsi kapa ba shoeloa ke eo ba mo ratang. (Bala Moeklesia 9:11.) Mathata a lefatše a ka ’na a etsa hore batho ba nahane ka thata ka bokamoso ba bona. Mathata a joalo a ka ’na a etsa hore motho ea neng a sa rate molaetsa—kapa ea neng a bile a o hanyetsa—a mamele. Kahoo, ha maemo a lumela ha rea lokela ho khaotsa ho bolella batho ba bang litaba tse molemo.
12. Re lokela ho ba le maikutlo afe ka batho bao re ba bolellang litaba tse molemo, hona hobane’ng?
12 Ho bonahala batho ba tloaetse ho khetholla batho ba bang ka maemo le ho ba ahlola. Empa Jehova eena o bona batho ka bomong. O bona seo motho ka mong a ka khonang ho se etsa. (Bala 1 Samuele 16:7.) Re lokela ho loanela ho etsa se tšoanang ha re le tšebeletsong. Lintho tse ngata tse etsahalang li bontša litholoana tse ntle tse bang teng ha re e-na le maikutlo a matle ka batho bohle bao re ba bolellang litaba tse molemo.
13, 14. (a) Ke hobane’ng ha pula-maliboho e mong a sa ka a bontša thahasello ho mosali eo a ileng a kopana le eena ha a le tšebeletsong? (b) Re ka ithuta eng ketsahalong ee?
13 Ha Sandra, e leng morali’abo rōna oa pula-maliboho a ne a etsa tšebeletso ea ntlo le ntlo sehlekehlekeng se seng sa Caribbean o ile a kopana le Ruth, ea neng a ikakhetse ka setotsoana meketeng ea boithabiso. Ka makhetlo a mabeli, Ruth o ne a ile a roesoa moqhaka oa ho ba mosali ea ipabotseng meketeng ea boithabiso ea sechaba. O ile a bontša thahasello e sa tloaelehang ho seo Sandra a neng a se bua, ’me ho ile ha lokisetsoa hore a khanneloe thuto ea Bibele. Sandra o re: “Ha ke kena ka kamoreng ea hae ea ho phomola, ke ile ka bona setšoantšo se seholo sa Ruth a apere liaparo tse feletseng tsa mokete oa boithabiso, ka ba ka bona le mehope eo a neng a e hapile. Ka phoso ke ile ka nahana hore motho ea neng a hlaheletse ka mahetla joalo le ea neng a ikakhetse ka setotsoana joalo moketeng oa boithabiso, o ne a ke ke a tsoela pele a ntse a thahasella ’nete. Kahoo ke ile ka khaotsa ho mo etela.”
14 Hamorao, Ruth o ile a tla Holong ea ’Muso, ’me eitse ha seboka se fela, a botsa Sandra, “Ke hobane’ng ha u se u khaolitse ho ithuta le ’na?” Sandra o ile a kōpa tšoarelo eaba o etsa litokisetso tsa ho tsoela pele ka thuto. Ruth o ile a tsoela pele kapele, a tlosa litšoantšo tsa hae tsa mokete oa boithabiso, a qala ho kopanela linthong tsohle tse etsoang ka phuthehong, eaba o inehela ho Jehova. Ho hlakile hore Sandra o ile a hlokomela hore tsela eo a ileng a sebetsa litaba ka eona qalong e ne e fosahetse.
15, 16. (a) Ho ile ha etsahala’ng ha mohoeletsi e mong a ne a pakela mong ka eena? (b) Ke hobane’ng ha semelo sa mong ka rōna se sa lokela ho re thibela hore re mo pakele?
15 Batho ba bangata le bona ba bile le litholoana tse ntle ka lebaka la ho pakela litho tsa lelapa tse sa lumelang, esita leha ho ne ho bonahala eka li ke ke tsa amohela molaetsa. Mohlala ke Joyce, e leng morali’abo rōna oa Mokreste oa United States. Monna oa ngoan’abo o ne a kena a tsoa chankaneng ha e sa le mocha. Joyce o re: “Batho ba ne ba re ha a tsebe seo a se phelelang, hobane o ne a rekisa lithethefatsi, e le lesholu a bile a etsa lintho tse ling tse ngata tse mpe. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mathata ao, ke ile ka tsoela pele ke mo bolella linnete tsa Bibele ka lilemo tse 37.” Boiteko ba Joyce bo ileng ba etsoa ka mamello ba ho thusa mong ka eena bo ile ba putsoa haholo ha qetellong monna oa ngoan’abo a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me a etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba hae. Monna oa ngoan’abo Joyce o sa tsoa kolobetsoa kopanong ea setereke ea California, U.S.A. a le lilemo li 50. Joyce o re: “Ke ile ka lla ke thabo. Ke thabile haholo hore ebe ha kea ka ka mo fella pelo!”
16 U ka ’na ua tsilatsila ho bua le beng ka uena ba bang ka linnete tsa Bibele ka lebaka la semelo sa bona. Leha ho le joalo, Joyce eena ha aa ka a tsilatsila ho bua le monna oa ngoan’abo. Hopola hore ha ho kamoo re ka tsebang se ka pelong ea motho e mong kateng. Ho ka etsahala hore ebe motho eo o batla bolumeli ba ’nete ka tieo. Kahoo, u se ke ua mo tima monyetla oa ho bo fumana.—Bala Liproverbia 3:27.
Buka e Atlehang ho Ruta Bibele
17, 18. (a) Litlaleho tse tsoang lefatšeng lohle li bontša eng ka bohlokoa ba buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? (b) Ke liphihlelo life tse khothatsang tseo u bileng le tsona ha u ne u sebelisa buka ee?
17 Litlaleho tse tsoang linaheng tse ngata lefatšeng lohle li bontša hore batho ba lipelo li ntle ba nka khato ha ba rutoa Bibele ka buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Morali’abo rōna oa pula-maliboho ea bitsoang Penni, oa United States, o ile a qala lithuto tse ngata tsa Bibele ka buka ena. Tse peli tsa tsona e ne e le batho ba seng ba hōlile ba neng ba inehetse likerekeng tsa bona. Penni o ne a sa tsebe hantle hore na ba ne ba tla etsa’ng ha ba utloa linnete tsa Mangolo tse bukeng ea Seo Bibele e se Rutang. Leha ho le joalo, o ile a ngola a re, “Kaha litaba tsa eona li ngotsoe ka tsela e hlakileng, e utloahalang le e tobang taba, ho ile ha e-ba bonolo hore ba lumele hore seo ba neng ba ithuta sona ke ’nete, ba sa etse khang kapa ba sa phahamisa maikutlo.”
18 Mohoeletsi e mong oa Brithani ea bitsoang Pat, o ile a qala ho ithuta Bibele le mosali e mong oa mophaphathehi ea neng a tsoa naheng ea Asia. Mosali eo o ile a tlameha ho baleha naheng ea habo ka mor’a hore monna oa hae le bara ba hae ba hapuoe ke masole a marabele, ’me ha aa ka a hlola a ba bona hape. O ile a tšosoa ka hore o tla bolaoa, ntlo ea hae e ile ea chesoa a ba a betoa ke sekhakhatha sa banna. Sena sohle se ile sa etsa hore a ikutloe eka ha a tsebe hore na o phelela’ng, ’me ka makhetlo a mangata o ’nile a nahana ho ipolaea. Leha ho le joalo, thuto ea Bibele e ile ea mo fa tšepo. Pat o ile a ngola a re: “Litlhaloso tse bonolo le lipapiso tse bonolo tse bukeng ea Seo Bibele e se Rutang li ile tsa mo khahla haholo. Seithuti sena se ile sa tsoela pele ka potlako, sa tšoanelehela ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me sa bolela hore se batla ho kolobetsoa kopanong e latelang. Ho thabisa hakaakang ho thusa batho ba lipelo li ntle ho utloisisa le ho ananela tšepo eo Mangolo a fanang ka eona!
“A re se Keng ra Tela ho Etsa se Setle”
19. Ke hobane’ng ha mosebetsi oa boboleli o potlakile hakaale?
19 Letsatsi le leng le le leng mosebetsi oa rōna oa ho bolela le oa ho etsa barutuoa o ntse o potlaka le ho feta. Selemo se seng le se seng, batho ba likete ba sekametseng ho lokeng ba nka khato ka seo re ba bolellang sona. Leha ho le joalo, “letsatsi le leholo la Jehova le haufi,” e leng ho bolelang hore ba sa tsebeng Molimo ‘ba thekesella polaong.’—Sof. 1:14; Liprov. 24:11.
20. E mong le e mong oa rōna o lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?
20 Re ntse re ka thusa batho ba joalo. Empa e le hore re etse joalo, ke habohlokoa hore re etsise Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ba ileng “ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.” (Lik. 5:42) Latela mohlala oa bona ka hore u mamelle ho sa tsotellehe mathata, ka hore u ele hloko ‘tsebo ea hao ea ho ruta,’ le ka ho bolella batho bohle litaba tse molemo ntle ho leeme! “A re se keng ra tela ho etsa se setle,” hobane haeba re mamella, re tla fumana mahlohonolo a mangata a ho amoheloa ke Molimo.—2 Tim. 4:2; bala Bagalata 6:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
U ka Araba Joang?
• Ke bo-mang ba nkang khato ha ba bolelloa litaba tse molemo?
• Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ahlola batho bao re ba bolellang litaba tse molemo?
• Ke litholoana life tse fumanoang ha ho sebelisoa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
[Litšoantšo leqepheng la 13]
Batho ba likete ba lipelo li ntle ba nka khato
[Litšoantšo leqepheng la 15]
Re ka ithuta eng liphetohong tse ileng tsa etsoa ke moapostola Pauluse?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Baboleli ba litaba tse molemo ha ba ahlole batho