Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 12/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Na Molimo o Tla Tlisa ’Muso o Tla Busa Lefatše Lohle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ka ’Muso oa Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 12/1 leq. 16

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Ke hobane’ng ha Kreste a khutla?

Pele Jesu Kreste a nyolohela leholimong ka selemo sa 33 C.E., o ile a tšepisa hore o tla khutla. O ile a itšoantša le monna ea hlomphehang, ea ileng a tsamaea nako e telele ’me a khutla e se e le morena. Lebaka la ho khutla ha Jesu ke hore a tlisetse batho puso e molemo.—Bala Luka 19:11, 12.

Jesu o tla tlisetsa batho puso e molemo

Kreste o tla khutla ka ’mele ofe? O ile a tsosoa e le motho oa moea ea sa bonahaleng. (1 Petrose 3:18) Kahoo, o ile a nyolohela leholimong ’me a lula ka letsohong le letona la Molimo. (Pesaleme ea 110:1) Ka mor’a nako e telele, Jesu o ile a tlisoa ka pel’a Jehova Molimo, “Moholo-holo oa Matsatsi,” ea ileng a fa Jesu matla a ho busa batho. Ka hona, Jesu o tla khutla e le Morena ea sa bonahaleng, eseng e le motho.—Bala Daniele 7:13, 14.

Jesu o tla etsa’ng ha a fihla?

Jesu o tla fihla a sa bonahale le mangeloi a hae ’me o tla ahlola batho. O tla felisa batho ba khopo empa ba mo amohelang e le Morena, o tla ba fa bophelo bo sa feleng.—Bala Matheu 25:31-33, 46.

Puso ea Morena Jesu e tla fetola lefatše paradeise. Jesu o tla tsosa ba shoeleng e le hore ba phele hamonate lefatšeng leo la Paradeise.—Bala Luka 23:42, 43.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba leqepheng la 73-85 bukeng ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova

U ka ikopiletsa eona Inthaneteng ho www.jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela