Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 2/1 leq. 16
  • Na Kannete Bibele ke Lentsoe la Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Kannete Bibele ke Lentsoe la Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Ruri Litaba Tse Molemo li Tsoa ho Molimo?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Bibele ke Buka e Tsoang ho Molimo
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Bibele ke Buka e Tsoang ho Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 2/1 leq. 16
Moqolo oa Bibele oa khale

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Na Kannete Bibele ke Lentsoe la Molimo?

Bibele ke Lentsoe la Molimo hobane e fapane le libuka tse ling. Ho se ho hatisitsoe Libibele tse libilione ka lipuo tse makholo. Keletso e bohlale eo re e fumanang ka Bibeleng e na le matla a ho fetola batho.—Bala 1 Bathesalonika 2:13; 2 Timothea 3:16.

Rea tseba hore Bibele e tsoa ho Molimo hobane e re bolella ka bokamoso. Ha ho na motho ea ka re bolellang ka bokamoso. Ka mohlala, nahana ka buka ea Esaia. Buka ena e ile ea ngoloa lilemo tse fetang tse lekholo pele Jesu a hlaha ’me e ile ea fumanoa lehaheng le haufi le Leoatle le Shoeleng. E bolela hore motse oa Babylona o ne o tla hloka baahi. Seo se ile sa qala ho phethahala lilemo tse ngata ka mor’a hore Jesu a phele lefatšeng.—Bala Esaia 13:19, 20; 2 Petrose 1:20, 21.

Bibele e ngotsoe joang?

Bibele e ile ea nka lilemo tse ka bang tse 1 600 e ntse e ngoloa. E ngotsoe ke batho ba ka bang 40 ’me ba ile ba ngola ka sehlooho se le seng ho se na moo ba hanyetsanang teng. Seo se ile sa khoneha joang? Molimo ke eena ea neng a ba tataisa hore na ba ngole eng.—Bala 2 Samuele 23:2.

Ka linako tse ling Molimo o ne a bua le bangoli ba Bibele a sebelisa mangeloi, lipono kapa litoro. Hangata Molimo o ne a kenya mohopolo oa hae ka kelellong ea mongoli ebe o mo lumella hore a khethe mantsoe a tla a sebelisa ha a ngola molaetsa oa Molimo.—Bala Tšenolo 1:1; 21:3-5.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng sheba khaolo ea 2 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova

U ka ikopiletsa eona Inthaneteng ho www.jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela