Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 6/15 maq. 8-11
  • U ka Thusa ba Hlalaneng le Balekane ba Bona​—⁠Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Thusa ba Hlalaneng le Balekane ba Bona​—⁠Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOTHO O BA LE MAIKUTLO A LOANTŠANANG
  • HO LOANELA HORE LINTHO LI KHUTLELE SETLOAELING
  • HA BA JEOA KE BOLUTU LE HA BA IKUTLOA EKA BAA KHESOA
  • Ho Tsoela Pele ka Bophelo ka Mor’a Tlhalo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Tlhalo—Litholoana tsa Eona tse Babang
    Tsoha!—1992
  • Lintlha Tse ’Nè Tseo le Lokelang ho li Tseba ka Tlhalo
    Tsoha!—2010
  • Na Molimo o u Bilelitse ho tsa Khotso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 6/15 maq. 8-11

U ka Thusa ba Hlalaneng le Balekane ba Bona Joang?

Mosali ea tšelisang morali’abo rōna oa Mokreste ea hlaliloeng

Mohlomong ho na le motho eo u mo tsebang kapa u tseba ba ’maloa ba hlalaneng le balekane ba bona. Lebaka la seo ke hobane tlhalo e atile. Ka mohlala, phuputso e entsoeng Poland e bontša hore ho na le monyetla o moholo oa hore batho ba lilemo li 30 ba nang le lilemo tse tharo ho isa ho tse tšeletseng ba nyalane, ba hlalane.

Ha e le hantle, mokhatlo o mong o sebetsanang le litaba tsa malapa, Spain, o tlaleha hore “lipalo-palo li bontša hore halofo ea batho ba nyalanang [Europe] baa hlalana.” Boemo bo joalo le linaheng tse ling tse tsoetseng pele.

MOTHO O BA LE MAIKUTLO A LOANTŠANANG

Ke’ng se etsang hore boemo boo bo ate hakaale? Moeletsi e mong litabeng tsa lenyalo oa Europe Bochabela o re: “Tlhalo e totobatsa se seng se ntse se etsahetse—ho senyeha ha kamano ea bona le karohano e bakoang ke seo, e leng ho utloisang bohloko haholo maikutlong.” O phaella ka ho re, ka mor’a moo hangata motho “o tleloa ke maikutlo a bohloko a kang khalefo, ho ikoahlaea, ho soetseha, ho nyahama le ho hlajoa ke lihlong.” Ka linako tse ling, sena se etsa hore motho a batle ho ipolaea. “Ka mor’a hore lekhotla le fane ka lengolo la tlhalo, maikutlo aa fetoha. Motho ea hlalaneng le molekane oa hae a ka ’na a ikutloa a feletsoe ke matla a bile a tlalletsoe ’me a ka ’na a ipotsa: ‘Ha e le moo ke se ke se na molekane, ha e le hantle ke mang? Ke sa ntse ke phelela’ng?’”

Ha Ewa a hlalosa tsela eo a neng a ikutloa ka eona lilemong tse fetileng, o re: “Ha re qeta ho hlalana le molekane oa ka, ke ne ke hlajoa ke lihlong ha baahelani le batho bao ke sebetsang le bona ba re ke ‘hlaliloe.’ Ke ne ke tlallana ke bohale. Kaha ke ne ke setse le bana ba babeli, ke ile ka tlameha ho ba ’mè le ntate ho bona.”a Adam ea sebelelitseng e le moholo ka lilemo tse 12, ’me batho ba mo hlompha, o re: “Ke ikutloa ke le mosesaane hoo ka linako tse ling ke tlallanang ke bohale, ’me ke batle ho itšehla thajana.”

HO LOANELA HORE LINTHO LI KHUTLELE SETLOAELING

Batho ba bang ba tšoenyeha ka hore na bokamoso bo ba tšoaretse eng, hoo ba thatafalloang ho fumana botsitso esita le ka mor’a lilemo ba hlalane. Ba ka ’na ba etsa qeto ea hore batho ba bang ha ba na taba le bona. Ho feta moo, motlalehi e mong oa litaba o re joale ba lokela “ho fetola lintho tseo ba tloaetseng ho li etsa ’me ba ithute ho itharollela mathata.”

Stanisław o re: “Ha re qeta ho hlalana, mosali oa ka o ile a nthibela ho bona barali ba ka ba babeli. Seo se ile sa etsa hore ke nke hore ha ho na motho ea ntsotellang le hore e tlameha ebe Jehova le eena o mphuraletse. Ke ne ke se ke sa batle ho phela. Empa ha nako e ntse e ea, ke ile ka hlokomela hore ke bona lintho ka tsela e fosahetseng.” Mosali e mong ea hlaliloeng ea bitsoang Wanda o re: “Ke ne ke nahana hore ka mor’a nakoana, batho ba bang—ho akarelletsa balumeli-’moho le ’na—ha ba sa tla re tsotella, ’na le bana ba ka. Empa hona joale kea hlokomela kamoo barab’abo rōna ba ’nileng ba re tšehetsa kateng le ho nthusa ho hōlisa bana ba ka hore ebe barapeli ba Jehova.”

Sena se bontša hore ka mor’a tlhalo, batho ba apareloa ke maikutlo a sithabetsang. Ba ka ’na ba qala ho ikhalala, ba nka hore hase ba bohlokoa le hore ha ho na motho ea ba tsotellang. Ho feta moo, ba ka ’na ba nyatsa-nyatsa batho ba bang ba haufi le bona. Ka hona, ba ka ’na ba nahana hore litho tsa phutheho ha li na taba le bona ebile ha li ba utloele bohloko. Empa joalokaha phihlelo ea Stanisław le Wanda e bontša, qetellong batho ba hlaliloeng ba ka ’na ba hlokomela hore bara le barali babo bona baa ba tsotella. Ha e le hantle, Bakreste-’moho le bona ba ’nile ba ba tšehetsa haholo, esita le hoja qalong ba ne ba sa hlokomele seo.

HA BA JEOA KE BOLUTU LE HA BA IKUTLOA EKA BAA KHESOA

Hopola hore ho sa tsotellehe hore na re leka ka thata hakae, ka linako tse ling balumeli-’moho le rōna ba hlalaneng le balekane ba bona ba ka ’na ba jeoa ke bolutu. Ka ho khetheha, baralib’abo rōna ke bona ba ka ’nang ba nahana hore ke batho ba seng bakae feela ba ba tsotellang. Alicja o re: “Ho se ho fetile lilemo tse robeli ke hlalane le molekane oa ka. Empa ke ntse ke na le ho ikutloa ke le mosesaane. Ha ke ikutloa ka tsela eo, ke atisa ho itšehla thajana le ho bokolla ebe kea iqenehela.”

Le hoja batho ba hlalang ba atisa ho ikutloa ka tsela ena, Bibele e lemosa batho hore ba se ke ba itšehla thajana. Ha motho a sa latele keletso ena, o tla be a hana “bohlale bohle bo sebetsang.” (Liprov. 18:1) Empa motho ea jeoang ke bolutu o lokela ho lemoha hore hase bohlale ho batla keletso le khothatso ho motho oa bong bo fapaneng. Ka tsela eo, ho ke ke ha e-ba le se ka etsang hore ba be le maikutlo a sa lokelang a lerato.

Balumeli-’moho le rōna ba hlalaneng le balekane ba bona ba ka ’na ba tleloa ke maikutlo a sithabetsang, a kang ho tšoenyeha ka bokamoso, ho jeoa ke bolutu kapa ho ikutloa eka baa khesoa. Kaha rea elelloa hore ho tloaelehile hore ba ikutloe ka tsela eo le hore ho thata ho loantša maikutlo a joalo, re lokela ho etsisa Jehova ka hore re tšehetse bara le barali babo rōna ka botšepehi. (Pes. 55:22; 1 Pet. 5:6, 7) Re ka kholiseha hore ba tla ananela ntho leha e le efe eo re e etsang ho ba thusa. Ruri ka phuthehong ba tla fumana metsoalle ea sebele e tla ba thusa!—Liprov. 17:17; 18:24.

a Mabitso a mang a fetotsoe.

Pono e Loketseng ka Tlhalo

Bahlanka ba Jehova ba nka lenyalo ka ho teba. Lebaka la seo ke hobane re nka lintho ka tsela eo Mangolo a li hlalosang ka eona. Ka mohlala, Malakia 2:16 e bolela ka ho hlaka hore Molimo “o hloile tlhalo.” Lebaka feela la Mangolo leo motho a ka hlalang ka lona ke haeba molekane e mong a entse bohlola. Kahoo, e ka ba phoso e tebileng hore motho a batle ho hlala molekane oa hae ka mabaka ao eseng a Mangolo, mohlomong hobane a batla ho nyala e mong.—Gen. 2:22-24; Deut. 5:21; Mat. 19:4-6, 9.

Empa haeba Mokreste a hlala hobane molekane oa hae a sa tšepahala, bara le barali babo rōna ka phuthehong baa mo tšehetsa. Ba etsisa Jehova ka ho etsa sohle se matleng a bona ho thusa balumeli-’moho le bona “ba sithabetseng moeeng.”—Pes. 34:15, 18; Esa. 41:10.

U KA BA THUSA JOANG?

Na u ka ba mohloli oa khothatso eo ba e hlokang? U ka etsa’ng ho thusa motho ea nang le maikutlo a kang a boletsoeng pejana sehloohong see? Nahana ka seo Bibele e se buang, ’me u hlokomele kamoo Bakreste ba tšepahalang ba ’nileng ba fana ka thuso kateng.

E-ba momameli ea seli. (Liprov. 16:20, 23)

Ka ho utloahalang motho ea qetang ho hlalana le molekane oa hae a ka ’na a se ke a batla ho bua ka mabaka a entseng hore ba hlalane. Ke ’nete hore ho loloma ka bohale ho ke ke ha thusa ka letho ebile ho ke ke ha kokobetsa ho tšoenyeha. (Liprov. 12:25; Bar. 12:15) Michał ea ileng a thusa Adam, eo ho buuoeng ka eena pejana, o oa lumela hore motho e ka ba momameli ea nang le qenehelo le ea seli empa a sa batle ho utloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, o re: “Ke lekile ho hlokomelisa Adam hore nakong eo a ikutloang a sithabetse, a ka ’na a bua lintho tseo mohlomong hamorao a ka ’nang a ikoahlaela tsona.” Kahoo Michał o ile a mo hlakisetsa hore ha a batle ho tseba litaba tsohle tsa hae. Leha ho le joalo, o ile a mo mamela joaloka motsoalle oa sebele. Re ka ’na ra finyella ho hongata pele liboka li kena le ha li tsoa, ka hore mohlomong re re: “U ntse u ea joang? E tlameha ebe lintho ha li tsamaee hantle hakaalo. Ke lula ke nahana ka uena.”

Mo bontše hore u ua mo thahasella. (Bafil. 2:4)

Mirosław o re: “’Na le mosali oa ka re entse kemiso ea ho thusa morali’abo rōna e mong ea hlalaneng le molekane oa hae. Ka mohlala, re ile ra mo lokisetsa loko ea monyako. Hape ra mo isa ngakeng.” Lintho tseo li ka ’na tsa bonahala eka ha li re letho; empa re ile ra mo thusa ka ho li etsa. Butle-butle morali’abo rōna eo banyalani bana ba ileng ba mo thusa o ile a boela a tiea moko. Ho thabisang le ho feta ke hore o ile a qala ho bula maliboho ’me morali oa hae ea lilemo li 11 a kolobetsoa.

Banyalani ba bontša thahasello ho morali’abo rōna oa Mokreste ea hlaliloeng

Tiisetsa motho ea hlaliloeng hore Jehova o ntse a mo rata.

Haeba motho eo a ikhella tlaase, mo tiisetse hore Molimo o rata mohlanka e mong le e mong oa hae. Ka sebele re “ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata,” ke hore o re nka re le ba bohlokoa. (Mat. 10:29-31) “Jehova ke eena ea hlahlobang lipelo,” kahoo o khona ho utloisisa maikutlo a batho ba hlalaneng. A ke ke a lahla bahlanka ba hae ba tšepahalang. (Liprov. 17:3; Pes. 145:18; Baheb. 13:5) Ha u ntse u mo bontša hore u oa mo tsotella, mo tiisetse hore Molimo o ananela tsela eo a ratang ’nete ka eona le boiteko ba hae ba ho tšehetsa borapeli ba ’nete.—Bafil. 2:29.

Mo khothalletse hore a lule a le haufi le phutheho.

Ba bang ba ee ba fumane ho le thata ho ea libokeng ha ba e-na le maikutlo a loantšanang. Empa liboka li reretsoe ho re matlafatsa le ho re khothatsa ebile lia re haha. (1 Bakor. 14:26; Pes. 122:1) Baholo ba ka thusa haholo ntlheng ena. Wanda eo ho buuoeng ka eena pejana o re, “Re sa hopola tsela e lerato eo ba ileng ba re hlokomela ka eona.”

Mo khothalletse hore a matlafatse kamano ea hae le Molimo ka hore a rapele, a be le thuto ea botho le ka hore a thuise. (Jak. 4:8)

Le hoja Jehova a le matla ’ohle ebile a lula leholimong, o ela hloko “ea hlorileng le ea soabileng moeeng le ea thothometsoang ke lentsoe la [Hae].” Mo tiisetse seo, ’me u bontše ka ho hlaka kamoo e mong le e mong oa rōna a thusoang ke ho tsoela pele ho atamela ho Molimo ka thapelo le ka thuto ea botho.—Esa. 66:2.

Ithaopele ho sebetsa tšimo le ho lokisetsa liboka le eena.

Barab’abo rōna ba babeli ba Bakreste ba sebetsa ’moho tšebeletsong ea tšimo

Sena se tla mo fa matla a hore a tsoele pele ka bophelo. Marta, ea ileng a thusa morali’abo rōna ea chesehang ea neng a ikutloa a nyahame ka mor’a hore a hlalane le molekane oa hae o re: “Ke atisa ho sebetsa le eena tšimong. Rea thaba ha re finyella lipakane tseo re ipehetseng tsona. Ka linako tse ling re lokisetsa liboka hammoho ebe ka mor’a moo re etsa lijonyana tse hlabosang.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela