Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 5/1 maq. 6-8
  • Na Bofelo bo Haufi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bofelo bo Haufi?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MEHLA E FETOHILE
  • Jesu o Ile a re Lefatše le Tla Felisoa Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Haufinyane Morero oa Molimo o Tla Phethahala
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Litaba Tse Molemo Tseo li Batlang Hore U li Utloe
    Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng?
  • Lipotso Tse ’Nè ka Bofelo Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 5/1 maq. 6-8

SEHLOOHO SE KA NTLE

Na Bofelo Bo Haufi?

Na Molimo o tla lumella batho hore ba tsoele pele ho busa ba bang le ho beha bokamoso ba bona tsietsing? Che, joalokaha re ithutile, o tla kenella ’me a felise mesarelo le khatello eo batho ba ’nileng ba ba ka tlas’a eona ka makholo a lilemo. ’Mōpi oa rōna o batla hore u tsebe hore nako ea hore a nke khato ea atamela. O re tsebisa taba ee ea bohlokoa joang?

Nahana ka mohlala ona: Pele u nka leeto ka koloi u ka ’na ua qala ka ho sheba tsela inthaneteng, limmapeng kapa libukeng. Ha u se u le leetong ’me u bona matšoao le libaka tse lumellanang le boitsebiso boo, ntle ho pelaelo u tla lumela hore u haufi le ho fihla moo u eang. Ka tsela e tšoanang, Molimo o re file Lentsoe la hae, ’me le re hlalosetsa lintho tse etsahalang lefatšeng ka bophara. Ha re ntse re bona liketsahalo tseo, re kholiseha le ho feta hore bofelo bo haufi.

Bibele e re pele bofelo ba lefatše bo fihla ho tla etsahala lintho tse ikhethang. Ka nako eo, lefatšeng ka bophara ho tla etsahala lintho tseo batho ba tla beng ba qala ho li bona. A re ke re bueng ka tse ling tsa liketsahalo tseo tse hlahang ka Lentsoeng la Molimo.

1. MERUSU LEFATŠENG LOHLE Boprofeta bo ho Mattheu khaolo ea 24 bo thathamisa liketsahalo tse lebisang bofelong. Liketsahalo tseo li tšoaea “qetello ea tsamaiso ea lintho” ’me li lebisa nakong eo ka eona “bofelo bo tla tla.” (Temana ea 3 le ea 14) Li akarelletsa lintoa tse khōlō, khaello ea lijo, litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng, ho eketseha ha tlōlo ea molao le boiteko ba baeta-pele ba bolumeli ba ho eka batho. (Temana ea 6-26) Ke ’nete hore tse ling tsa liketsahalo tseo li ’nile tsa etsahala ka tekanyo e itseng ka makholo a lilemo. Leha ho le joalo, ha bofelo bo ntse bo atamela, li ne li tla etsahala ka nako e le ’ngoe. Li ne li boetse li tla etsahalla hong le liketsahalo tse ling tse tharo.

2. BOITŠOARO BA BATHO Bibele e re “matsatsing a ho qetela,” e leng nakong ea pele ho bofelo, boitšoaro ba batho bo tla nyehla. E re: “Batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Timothea 3:1-4) Ke ’nete hore hase ntho e ncha hore batho ba se ke ba hlompha ba bang, empa ke “matsatsing a ho qetela” moo ho se hlomphe ho neng ho tla hloa mekoalaba hoo ho ka thoeng ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Na u hlokometse kamoo boitšoaro ba batho bo ntseng bo nyehla kateng?

3. LEFATŠE LEA SENNGOA Bibele e re Molimo o tla “felisa ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Batho ba ne ba tla senya lefatše joang? Ha Bibele e hlalosa lefatše la mehleng ea Noe e re: “Lefatše le ne le senyehile mahlong a Molimo oa ’nete ’me lefatše le ne le tletse pefo. Kahoo Molimo a bona lefatše ’me, bonang! le ne le senyehile.” Ka hona, ha Molimo a bua ka batho bao ba tsoileng tseleng o ile a re: “Ke tla ba felisa hammoho le lefatše.” (Genese 6:11-13) Na u hlokometse hore lefatše le ntse le tlala pefo? Ho hobe le ho feta ke hore hona joale batho ba se ba e-na le bokhoni ba ho timetsa batho bohle ba phelang lefatšeng. Ba na le libetsa tse kotsi. Hape lefatše le ntse le senngoa ka tsela e ’ngoe. Lintho tseo re li hlokang hore re phele tse kang moea oo re o hemang, liphoofolo, limela le maoatle li ntse li silafala butle-butle kaha batho ha ba li hlokomele hantle.

Ipotse, ‘Na lilemong tse ka bang lekholo tse fetileng batho ba ne ba e-na le bokhoni bo bokaale ba ho senya lefatše?’ Empa hona joale batho ba na le bona kaha ba ntse bokella libetsa tse kotsi ebile ba senya tikoloho. Khatelo-pele e potlakileng litabeng tsa theknoloji e etsa hore batho ba se ke ba utloisisa kapa ba laola liphello tsa tšenyo eo ba e bakang. Leha ho le joalo, bokamoso ba lefatše bo ke ke ba laoloa ke batho. Pele batho ba timetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang lefatšeng, Molimo o tla kenella ’me a timetse ba senyang lefatše. Ke sona seo a re tšepisang sona!

4. MOSEBETSI OA BOBOLELI O ETSOANG LEFATŠENG LOHLE Ha Bibele e bua ka mosebetsi oa motonanahali o ntseng o etsoa oo le oona e leng e ’ngoe ea lipontšo tsa hore bofelo bo haufi e re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Letšolo lena la ho ruta batho Bibele le fapane hōle le mekhoa eo malumeli a mangata a ’nileng a e sebelisa ka makholo a lilemo ho sokolla batho. Matsatsing a ho qetela ho ne ho tla phatlalatsoa molaetsa o ikhethang e leng “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.” Na ho na le bolumeli boo u bo tsebang bo phatlalatsang molaetsa oo? Haeba bo teng, na bo sebakeng sa heno feela kapa bo phatlalatsa molaetsa oo “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle”?

Lipaki Tsa Jehova tse peli tse pakelang motho lebōpong la leoatle li mo balla temana ea Bibele

’Muso oa Molimo o phatlalatsoa lefatšeng lohle ka lipuo tse makholo

Websaete ea www.jw.org e phatlalatsa “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.” E na le lingoliloeng tse hlalosang molaetsa ona ka lipuo tse fetang 700. Na ho na le bolumeli boo u bo tsebang bo ikitlaelletsang ho bolella batho litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle? Lilemo tse ngata pele Inthanete e ka ba teng, Lipaki Tsa Jehova li ne li se li ntse li tsebahala ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ho tloha ka 1939, leqephe le ka ntle la makasine ea Molula-Qhooa le ’nile la ba le mantsoe a reng, “O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova.” Buka e ’ngoe e buang ka bolumeli e ile ea re mosebetsi oa boboleli oa Lipaki Tsa Jehova “ha o na thaka.” Molaetsa ona o totobatsa hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla tlisa “bofelo.”

MEHLA E FETOHILE

Na u hlokometse hore liketsahalo tse ’nè tse hlahang ka Bibeleng tseo ho buuoeng ka tsona sehloohong see lia phethahala mehleng ee ea rōna? Ka lilemo tse ka holimo ho lekholo, makasine ena e ’nile ea lemosa babali ba eona ka liketsahalo tsa lefatše e le hore e ka ba kholisa hore bofelo bo haufi. Ke ’nete hore batho ba bang ba ’nile ba belaella litemoso tsa eona ka le reng motho e mong le e mong a ka hlalosa liketsahalo le lipalo-palo ho latela maikutlo a hae. Ba boetse ba re kaha mecha ea puisano lefatšeng lohle e ntlafetse, ho bonahala maemo a lefatše a ntse a mpefala. Leha ho le joalo, ho na le bopaki bo ntseng bo eketseha ba hore re phela nakong e ikhethang historing ea batho.

Litsebi tse ling li na le maikutlo a hore haufinyane ho tla ba le liphetoho tse khōlō lefatšeng. Ka mohlala, ka 2014, Boto ea Saense le Tšireletseho ea makasine e tlalehang litaba tsa lefatše tsa tšireletso e leng Bulletin of the Atomic Scientists e ile ea lemosa Lekhotla la Tšireletso la Machaba a Kopaneng ka lintho tse ka ’nang tsa beha bophelo ba batho kotsing. Bo-rasaense bao ba ile ba re: “Ka mor’a ho hlahloba lintho tseo, re fihletse qeto ea hore ruri bophelo ba batho bo kotsing.” Batho ba bangata baa lumela hore mehla e fetohile ’me bofelo bo haufi. Bahatisi ba makasine ena le babali ba eona ba bangata ha ba na pelaelo ea hore re phela matsatsing a ho qetela le hore bofelo bo haufi. Leha ho le joalo, ha u ua lokela ho tšoha hore na ke’ng se tla etsahala nakong e tlang. Hobane’ng? Hobane u ka pholoha ha bofelo bo fihla!

NA LIPAKI LI LULA LI TŠOSA BATHO KA BOFELO?

Lipaki Tsa Jehova ha li lule li bua ka bofelo. Li ’nile tsa bolela molaetsa o khothatsang o mabapi le bokamoso ka lilemo tse fetang lekholo. Ka mohlala, puo ea kopano ea 1958 e nang le sehlooho se reng, “’Muso oa Molimo oa Busa—Na Bofelo ba Lefatše bo Haufi?” e ile ea re “’Muso oa Molimo o ke ke oa timetsa lefatše leo re ahileng ho lona empa o tla timetsa Satane le batho ba mo tšehetsang. ’Muso oa Molimo ha o tlele ho tla chesa lefatše empa hore thato ea Molimo etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. Ka lebaka leo lefatše le ke ke la timetsoa empa Molimo o tla etsa hore le be teng ka ho sa feleng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela