Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 9/1 leq. 4
  • Lipaki Tsa Jehova ke Batho ba Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipaki Tsa Jehova ke Batho ba Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo 5—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ke Hobane’ng ha re Buisana le Batho ka Bibele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ho Khutlela ho Molimo oa ’Nete
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • “Hase Karolo Ea Lefatše”
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 9/1 leq. 4
Lipaki Tsa Jehova tsa merabe e sa tšoaneng lia lumelisana Holong ea ’Muso

SEHLOOHO SE KA NTLE | LIPAKI TSA JEHOVA KE BO-MANG?

Lipaki Tsa Jehova ke Batho ba Joang?

Re mokhatlo oa lefatše lohle oa batho ba arohileng lihlopheng tse ling tsa bolumeli. Le hoja ntlo-khōlō ea rōna e le United States, Lipaki Tsa Jehova tse ngata li lula linaheng tse ling. Ha e le hantle, ho na le Lipaki tse ka bang limilione tse robeli tse rutang batho Bibele linaheng tse fetang 230. Li etsa seo hobane li mamela mantsoe a Jesu a reng: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.”—Matheu 24:14.

Ho sa tsotellehe hore na re lula hokae, re ikitlaelletsa ho boloka molao. Leha ho le joalo, ha re kenelle litabeng tsa lipolotiki, hobane re boloka taelo ea Jesu e reng Bakreste “hase karolo ea lefatše.” Kahoo ha re kene litabeng tsa lipolotiki ebile ha re tšehetse ntoa. (Johanne 15:19; 17:16) Ha e le hantle, nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa kenngoa literonkong, tsa hlokofatsoa tsa ba tsa tšoaroa hampe haholo hobane li sa koenehele tumelo ea tsona. Mobishopo oa mehleng oa Mojeremane o ile a re: “Li tla be li nepile ha li re ke tsona tse neng li le ngata har’a batho bao matsoalo a bona a neng a ba hanela ho nka lihlomo Pusong ea Bonazi.”

“[Lipaki Tsa Jehova] li itšoere hantle ka tsela e tsotehang. Ho ne ho ka ba hotle hore re sebelise batho bana ba itetseng litulong tse ka holimo-limo lipolotiking, empa ba ke ke ba lumela. . . . Ba hlompha babusi empa ba lumela hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o ka rarollang mathata ’ohle a batho.”—Koranta ea Nová Svoboda ea Czech Republic.

Leha ho le joalo, ha re itšehle thajana. Jesu o ile a rapella balateli ba hae a re: “Ha ke u kōpe hore u ba ntše lefatšeng.” (Johanne 17:15) Kahoo, re etsa lintho tse tloaelehileng tse kang ho ea mesebetsing, mabenkeleng le likolong.

LINAHA TSE NANG LE LIPAKI TSE NGATA HAHOLO

  • United States 1 190 000

  • Mexico 800 000

  • Brazil 770 000

  • Nigeria 330 000

  • Italy 250 000

  • Japane 220 000

Iseraele ea mehleng ena

Shebella video ea Kopano e Khethehileng Iseraele ho www.pr418.com, ’me u bone kamoo Lipaki tsa Baiseraele le tsa Mapalestina li hlōtseng lehloeo la morabe le bochaba kateng. (Sheba tlas’a MABAPI LE RŌNA > LIKOPANO)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela