Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 10/1 maq. 6-8
  • Thapelo e ka U Thusa Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thapelo e ka U Thusa Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho imoloha kelellong.
  • U ka fumana matšeliso le matla ha u e-na le mathata.
  • Bohlale bo tsoang ho Molimo.
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Rapela re sa Phetse?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lulang Haufi le Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • “Likōpo Tsa Lōna Tse Matla li ke li Tsebisoe Molimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Jesu o re Ruta ho Rapela
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 10/1 maq. 6-8
Mosali o rapela a nahanne ka ’mè oa hae ea kulang

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA HO RAPELA HO KA U TSOELA MOLEMO?

Thapelo—E ka U Thusa Joang?

Ho tloaelehile hore pele motho a etsa ntho efe kapa efe a ipotse hore na e tla mo tsoela molemo. Empa na ke boithati ho ipotsa seo mabapi le thapelo? Ha ho joalo. Hoa utloahala hore re batle ho tseba hore na e tla re thusa joang. Esita le Jobo ea lokileng o ile a botsa a re: “Haeba ke ne ke mo bitsitse, na o ne a tla nkaraba?”—Jobo 9:16.

Lihloohong tse fetileng, re hlahlobile bopaki ba hore ho rapela hase ho phetha molao feela kapa mofuta o itseng oa kalafo. Molimo oa ’nete o mamela thapelo. Haeba re rapela ka tsela eo a e amohelang re bile re rapella lintho tse nepahetseng, o tla re utloa. Ha e le hantle, o re khothalletsa ho atamela ho eena. (Jakobo 4:8) Kahoo, re ka rua molemo joang haeba re lula re rapela? A re ke re bueng ka melemo e seng mekae eo motho a ka e fumanang ha a rapela.

Ho imoloha kelellong.

Na ha u hlaheloa ke mathata bophelong u ferekana hoo u sa tsebeng hore na u nke eng u e kopanye le eng? Linakong tse joalo, Bibele e re khothalletsa hore re ‘rapele re sa phetse’ ’me re tsebise Molimo ‘likōpo tsa rōna tse matla.’ (1 Bathesalonika 5:17; Bafilipi 4:6) Bibele e re tiisetsa hore haeba re rapela Molimo, “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa [rōna] le matla a [rōna] a kelello.” (Bafilipi 4:7) Re ka ba le khotso ha re bolella Ntate oa rōna ea leholimong lintho tse re tšoenyang. Ha e le hantle, o re khothalletsa ho etsa joalo hobane Pesaleme ea 55:22 e re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.”

“Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.”—Pesaleme ea 55:22

Batho ba bangata lefatšeng lohle ba ile ba imoloha ka lebaka la ho etsa sena. Hee Ran oa Korea Boroa o re: “Le hoja ke e-na le mathata a tebileng, hang ha ke rapela, kea imoloha ebile ke ba le matla a ho a mamella.” Cecilia oa Philippines o re: “Kaha ke ’mè, ke lula ke tšoenyehile ka barali ba ka le ’mè oa ka, eo hona joale a nang le boloetse ba ho lebala hoo a seng a sa ntsebe. Empa thapelo e nthusa ho mamella matšoenyeho a letsatsi le letsatsi. Kea tseba hore Jehova o tla nthusa ho ba hlokomela.”

U ka fumana matšeliso le matla ha u e-na le mathata.

Na u imetsoe kelellong ka lebaka la mathata a behileng bophelo ba hao kotsing kapa a boima? Ho rapela “Molimo oa matšeliso ’ohle” ho ka u imolla. Bibele e re o “tšelisa ba matšoenyehong a mofuta leha e le ofe.” (2 Bakorinthe 1:3, 4) Ka mohlala, ka nako e ’ngoe ha Jesu a ne a tšoenyehile haholo, o ile “a khumama eaba o qala ho rapela.” Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? “Lengeloi le tsoang leholimong la bonahala ho eena ’me la mo matlafatsa.” (Luka 22:41, 43) Monna e mong ea tšepahalang, e leng Nehemia o ile a tšosoa ke batho ba babe ba ileng ba leka ho mo thibela ho etsa mosebetsi oa Molimo. O ile a rapela a re: “Joale matlafatsa matsoho a ka.” Se ileng sa etsahala ka mor’a moo se bontša hore Molimo o ile a mo thusa hore a khobe matšoafo ’me a etse mosebetsi o tsoileng matsoho. (Nehemia 6:9-16) Reginald oa Ghana o bolela kamoo thapelo e ileng ea mo thusa kateng, o re: “Ha ke rapela, haholo-holo ha ke e-na le mathata a boima, ke ba le maikutlo a hore ke a boleletse motho ea khonang ho nthusa le ea ntiisetsang hore ke se ke ka tšoha.” Ka sebele Molimo a ka re tšelisa ha re mo rapela.

Bohlale bo tsoang ho Molimo.

Liqeto tse ling tseo re li etsang li ka re ama ka ho sa feleng hammoho le batho bao re ba ratang. Kahoo, re ka thusoa ke eng ho etsa liqeto tse bohlale? Bibele e re: “Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale [haholo-holo ha a tobane le liteko], a ’ne a kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise; ’me o tla bo fuoa.” (Jakobo 1:5) Haeba re rapella bohlale, Molimo a ka sebelisa moea oa hae o halalelang ho re tataisa e le hore re etse liqeto tse bohlale. Ha e le hantle, re ka kōpa moea o halalelang ka ho toba hobane Jesu o re tiisetsa hore “Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang . . . ho ba mo kōpang.”—Luka 11:13.

Ntate ea rapelang

“Ke ile ka rapela Jehova ke sa phetse hore a ntataise e le hore ke etse qeto e nepahetseng.”​—Kwabena, Ghana

Esita le Jesu o ile a kōpa thuso ho Ntate oa hae pele a etsa liqeto tsa bohlokoa. Bibele e re pele a khetha baapostola ba 12, o ile “a hlola bosiu bohle a rapela Molimo.”—Luka 6:12.

Ho tšoana le Jesu batho ba bangata kajeno ba kholisehile hore Molimo o arabela lithapelo tsa bona ha ba mo kōpa hore a ba thuse ho etsa liqeto tse bohlale. Regina oa Philippines o bua ka mathata a mangata ao a bileng le ’ona ka mor’a lefu la monna oa hae, a kang ho phelisa lelapa, ho felloa ke mosebetsi le mathata a ho hōlisa bana. O thusitsoe ke’ng hore a etse liqeto tse bohlale? O re: “Ke lula ke rapela Jehova hore a nthuse.” Kwabena oa Ghana o bolela lebaka leo ka lona a ileng a kōpa thuso ho Molimo, o re: “Ke ile ka felloa ke mosebetsi konterakeng moo ke neng ke fumana chelete e ngata.” Ha a ntse a nahana ka hore na a etse’ng, o re: “Ke ile ka rapela Jehova ke sa phetse hore a ntataise e le hore ke etse qeto e nepahetseng.” O phaella ka ho re: “Ke kholisehile hore ke Jehova ea nthusitseng ho khetha mosebetsi o ’nolofalletsang ho mo sebeletsa le ho iphelisa.” Le uena Molimo a ka u tataisa hore u boloke kamano ea hao le eena e le matla.

Re buile ka lintho tse seng kae tseo thapelo e ka u etsetsang tsona. (Mehlala e meng e hlaha lebokoseng la sehlooho se reng, “Seo Thapelo e ka U Etsetsang Sona.”) Empa e le hore u fumane melemo ena, ho hlokahala hore u tsebe Molimo le thato ea hae. Haeba ke sona seo u se batlang, re u khothalletsa hore u kōpe Lipaki Tsa Jehova hore li u thuse ho ithuta Bibele.a E ka ’na eaba boo ke bohato ba pele bo tla u atametsa ho “Ea Utloang thapelo.”—Pesaleme ea 65:2.

a E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, iteanye le Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno kapa u kene websaeteng ea rōna ea www.jw.org/st.

Seo Thapelo e ka U Etsetsang Sona

E ka u imolla kelellong “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilipi 4:6, 7.

E ka u fa matšeliso a tsoang ho Molimo “Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.”—2 Bakorinthe 1:3, 4.

E ka u thusa hore u etse liqeto tse bohlale “Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise; ’me o tla bo fuoa.”—Jakobo 1:5.

E ka u thusa ho qoba moleko “Tsoelang pele ho rapela, hore le se ke la kena molekong.”—Luka 22:40.

E ka u thusa hore u tšoareloe libe Haeba “batho ba ka ba ’nileng ba bitsoa ka lebitso la ka ba ikokobetsa le ho rapela le ho batla sefahleho sa ka ’me ba furalla litsela tsa bona tse mpe, joale ke tla utloa ke le maholimong ’me ke tšoarele sebe sa bona.”—2 Likronike 7:14.

Ke tsela ea hore u thuse ba bang “Thapeli ea motho ea lokileng, ha e sebetsa, e na le matla a maholo.”—Jakobo 5:16.

U tla khothala ha lithapelo tsa hao li arabeloa “Jehova a tsoela pele ho re ho [Solomone]: ‘Ke utloile thapelo ea hao le kōpo ea hao ea mohau eo u kōpileng mohau ka eona ka pel’a ka.’”—1 Marena 9:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela