Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp18 no. 1 maq. 12-13
  • Bibele e ka re Thusa ho Mamella Mathata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e ka re Thusa ho Mamella Mathata
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO TŠOAROA KE LEFU LE SA FOLENG
  • HO UTLOA BOHLOKO KA MOR’A HO HLOKAHALLOA
  • Ho Tloha ho Tepelleng Maikutlo ho ea Thabong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Thapelo e ka U Thusa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Kamoo ba Bang ba Fumaneng Likarabo Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
wp18 no. 1 maq. 12-13
Mѐ o llela moratuoa oa hae ea hlokahetseng. O bua le ’mѐ e mong ea lutseng ka har’a wheel chair ka Bibele

3 Bibele e ka re Thusa ho Mamella Mathata

Ho na le mathata a mang ao re ke keng ra khona ho a qoba kapa hona ho a rarolla, a kang ho hlokahalloa ke motho eo u mo ratang kapa ho tšoaroa ke lefu le sa foleng. Ka linako tse ling ha re hlaheloa ke mathata a kang ana, ha ho letho leo re ka le etsang haese hore feela re mamelle. Na Bibele e ka re thusa ho a mamella?

HO TŠOAROA KE LEFU LE SA FOLENG

Rorisang ea lilemo li 20 o re: “Ke lula ke nyahame hobane ke futsitse lefu le etsang hore ke lule ke opeloa haholo.” Ntho e neng e mo tšoenya haholo ke hore ka linako tse ling o ne sa khone ho bala Bibele le ho etsa lintho tse ling tsa borapeli ba hae tseo a neng a tloaetse ho li etsa. Empa lengolo la Matheu 19:26 le ile la mo thusa haholo. Le re: “Lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” Kaha ho opeloa ha Rorisang ho ne ho mo sitisa ho bala, o ile a ithuta Bibele a sebelisa likhatiso tse mameloang tsa Bibele le tsa lingoliloeng tse thehiloeng ho eona.a O re : “Ho etsa joalo ho nthusitse hore ke lule ke rata Jehova haholo.”

Ka linako tse ling Rorisang o utloa bohloko hobane kaha oa kula, ha aa sa khona ho etsa lintho tse ngata tseo a neng a khona ho li etsa. Empa o tšelisoa ke mantsoe a hlahang lengolong la 2 Bakorinthe 8:12 le reng: “Etsoe haeba ho itokisa ho le teng pele, ho amoheleha ka ho khethehileng ho ea ka seo motho a nang le sona, eseng ho ea ka seo motho a se nang sona.” Lengolo lena le ile la mo hopotsa hore Jehova o ntse a mo rata haholo hobane o etsa sohle se matleng a hae ho mo sebeletsa le hoja a thefutsoe ke ho kula.

HO UTLOA BOHLOKO KA MOR’A HO HLOKAHALLOA

’Mè ’Mathabo, eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng, o re: “Ka mor’a hore ngoana oa ka oa ngoanana a hlokahale a le lilemo li 18, ke ne ke utloile bohloko hoo ke neng ke utloa hantle hore ke tl’o shoa.” O ile a tšelisoa haholo ke lengolo la Pesaleme ea 94:19 le reng: “Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.” O tsoela pele ho re: “Ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse ho bona hore na nka etsa eng e le hore bohloko ba ka bo kokobele.”

’Mè ’Mathabo o ile a phathahana ka ho etsa mosebetsi oa ho ithuta Bibele le batho. Ha nako e ntse e ea, a hlokomela hore le hoja a ne a utloile bohloko haholo, o ntse a ka etsa ho hong ho molemo bakeng sa batho. O re: “Ke ile ka hlokomela hore Jehova o ne a nthusa hobane ha ke ne ke balla batho bao ke ithutang Bibele le bona mangolo a Bibele ho ba tšelisa, le ’na ke ne ke tšeliseha haholo.” Eaba o ngola lethathamo la mabitso a batho ba hlahang ka Bibeleng ba ileng ba feta har’a mathata a boima. A hlokomela hore kaofela ha bona ba ne ba rapela Jehova ha ba le mathateng le hore re ka khona ho mamella mathata hafeela re bala Bibele.

Ha ’Mè ’Mathabo a ntse a ithuta Bibele, o ile a bona hore o lokela ho nahana haholo ka litlhohonolofatso tseo a tla li fumana, eseng ka mathata a mo hlahetseng. Lengolo la Liketso 24:15 le ile la mo tšelisa haholo ha le re: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” Oa tseba hore Jehova o tla fela a tsose morali oa hae. O re: “Ke nahana ka nako eo ka eona Jehova a tla tsosa bafu hobane ke mohlang ke tla bona ngoana oa ka. Ekare kea mo bona a qeta ho tsosoa bafung, ke se ke lutse le eena ka jareteng. Ka kelellong ea ka, ke mo bona hantle feela joaloka ha ke ne ke qala ho mo bona ha a qeta ho hlaha.”

a Likhatiso tsena tse mameloang lia fumaneha websaeteng ea jw.org.

Bibele e ka u tšelisa ha u oele ka phatla

Molimo O Thusa Batho Joang?

Bibele e re: “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena, bohle ba ipiletsang ho eena ka ’nete. O tla khotsofatsa takatso ea ba mo tšabang, o tla utloa mohoo oa bona o kōpang thuso, ’me o tla ba pholosa.” (Pesaleme ea 145:18, 19) Mantsoe ana a khothatsa haholo. Empa Molimo o thusa batho ba mo tšepileng joang?

OA RE MATLAFATSA:

Re ka iphumana re nyahame re bile re se na matla ka lebaka la mathata a re hlahelang. (Liproverbia 24:10) Empa Jehova “o fana ka matla ho ea khathetseng; ’me o etsa hore matla a feletseng a atele ea se nang matla.” (Esaia 40:29) Moapostola Pauluse o ile a hlaheloa ke mathata a boima, empa a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafilipi 4:13) Moea o halalelang o ile oa mo matlafatsa. Molimo a ka u fa oona ha u mo kopa.—Luka 11:13.

OA RE ELETSA:

Na Molimo a ka u eletsa? Morutuoa Jakobo o ile a re: “Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise; ’me o tla bo fuoa.” (Jakobo 1:5) U lokela ho etsa lintho tse tumellanong le lithapelo tsa hao ka hore u ithute Bibele le ho etsa thato ea Molimo. (Jakobo 1:23-25) Ha u etsa joalo, u tla bona kamoo keletso e ka Bibeleng e leng molemo kateng.

O RE THUSA HO BA LE KHOTSO:

Jehova a ka u thusa ho ba le khotso le haeba ho e-na le lintho tse u tšoenyang. Lentsoe la hae le re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) E ka ba hantle ho kopa Jehova hore a u thuse ho ba le khotso.

Leha u ka bona eka Molimo o nka nako ho araba lithapelo tsa hao, u se ke oa nahana hore o u lebetse kapa ha a utloe. A ka u fa matla le sebete hore u mamelle mathata. (1 Bakorinthe 10:13) Bibele e re tšepisa hore nakong e tlang, re tla phela re se na mathata ho hang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela