U ka Etsa’ng Hore ho Ithuta Bibele ho U Tsoele Molemo ho be ho U Natefele?
JOSHUA o ne a tlameha ho tataisetsa sechaba sa Iseraele Naheng e Tšepisitsoeng. Bona e ne e le boikarabelo bo boima haholo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a mo khothatsa ka hore a be sebete ’me a be matla. A mamele melao ea Hae ’me a e bale bosiu le motšehare e le hore lintho li mo tsamaele hantle.—Josh. 1:7, 8.
Le rona re thulana le maemo a boima haholo ‘matsatsing ana a ho qetela.’ (2 Tim. 3:1) Haeba re mamela keletso eo Jehova a ileng a e fa Joshua, lintho li tla re tsamaela hantle. Re lokela ho bala Bibele kamehla ebe re sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona ha re thulana le mathata.
Leha ho le joalo, boholo ba rona rea lumela hore ha re liithuti tse hloahloa hakaalo ebile ha ho bonolo ho ithuta. Empa ho ithuta Bibele ho bohlokoa haholo. Kahoo, sheba lebokose le reng “Leka Lintlha Tsena” e le hore u fumane lintlha tse ka u thusang hore ho bala Bibele ho u natefele ho be ho u tsoele molemo.
Mopesaleme o ile a re: “Etsa hore ke hate tseleng ea litaelo tsa hao, etsoe ke khahliloe ke eona.” (Pes. 119:35) U tla thaba haholo ha u ithuta Lentsoe la Molimo. U tla boela u fumane matlotlo a patiloeng.
Le hoja u sa tl’o tataisa sechaba joaloka Joshua, u na le mathata ao u thulanang le ’ona. Kahoo, ha u ntse u ithuta, hlokomela hore na ke lintho life tse ka u thusang. Ha u etsa joalo, u tla etsa lintho ka bohlale ’me u atlehe.