Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp19 no. 2 leq. 3
  • Bophelo bo Naka li Maripa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo bo Naka li Maripa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha U Utloa Bophelo bo le Boima Hoo ho Leng Thata ho Mamella
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Ha re Hlokahalloa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Ha re Hlaheloa ke Likoluoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Ha Tlokotsi e Hlaha
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
wp19 no. 2 leq. 3
Ausi o lla a le mosebetsing

Bophelo bo Naka li Maripa

HA LINTHO li tsamaea bothebelele, bophelo bo ba monate empa boemo boa fetoha ha ho nyolosetsa.

’Mè Sallya o ile a lahleheloa ke lintho tse ngata haholo ka mor’a hore leholiotsoana le otle sebaka seo a lulang ho sona Amerika. O ile a re: “Ke ne ke sa khone ho mamella bohloko boo ke bo utloileng, e ne eka nka qhashoha.”

Ntho e ’ngoe e re utloisang bohloko ke lefu. ’Mè Janice oa Australia o re: “Ha bara ba ka ba babeli ba hlokahala, ke ile ka utloa bohloko bo otlang pelo. Ka rapela ka re: ‘Ntate, ha ke sa khona ho mamella, ke kopa u ntlohele ke iphomolele. Hee! ho lekane.’ ”

Ntate Daniel eena o ne a utloisitsoe bohloko ke hore mosali oa hae o ne a mo tsoile tlaase. O re: “Ha a mpolella, ke ile ka utloa eka ke hlajoa ka lerumo. Ke qetile likhoeli ke kula ebile pelo ea ka e le bohloko.”

Molula-Qhooa ona o tla re thusa ho hlokomela hore na ke eng e ka re thusang ho thabela ho phela le ha:

  • re hlaheloa ke likoluoa

  • re hlokahalloa

  • molekane a sa tšepahale

  • re kula

  • ho nyolosetsa

A re qale ka hore na re ka etsa’ng ha re hlaheloa ke koluoa.

a Makasineng ena mabitso a mang a fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela