Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp19 no. 2 maq. 6-7
  • Ha re Hlokahalloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha re Hlokahalloa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U KA THUSOA KE ENG?
  • Nka Phela le ho Sareloa ha ka Joang?
    Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa
  • U ka Mamella ho Sareloa Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Se ka Thusang ba Saretsoeng
    Tsoha!—2011
  • “Ke Joang Nka Mamellang Bohloko ba ho Shoeloa?”
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
wp19 no. 2 maq. 6-7
Banyalani ba siameng ba hakane ba le leoatleng

Ha re Hlokahalloa

’Mè Vanessa oa Australia o re:

“Ke ile ka ikutloa ke se na thuso ka mor’a hore abuti oa ka a hlokahale ka tšohanyetso. Esita le ha ho se ho fetile likhoeli tse ngata a hlokahetse, ke ne ke kula ha ke mo hopola. Ka linako ke ling ke ne ke halefa, ke bile ke ipotsa hore na ke hobane’ng a hlokahetse. Ekare nka be ke ile ka qeta nako e ngata ke e-na le eena.”

MOTHO e mong le e mong ha a hlokahalloa o utloa bohloko, mohlomong le uena u hloname, u jeoa ke bolutu hape u ikutloa u se na thuso. Ka linako tse ling u ka ’na oa ipeha molato, oa utloa u tšohile kapa u halefile. Ho ka etsahala hore ebe u ntse u ipotsa hore na ho sa na le thuso ea hore ebe oa phela.

Ho utloa bohloko ha ho bontše hore u lekoala empa ho bontša hore u ne u hlile u rata motho eo. Na ebe ho na le ntho e ka u thusang ho kokobetsa bohloko?

U KA THUSOA KE ENG?

Lintlha tse latelang li ka u thusa ho mamella bohloko boo u bo utloileng:

NTŠA BOHLOKO

Batho ha ba siame ka tsela e tšoanang ebile ba bang ba nka nako e telele ho feta ba bang. Ho lla ho ka u thusa hore u se ke oa bipetsa bohloko. ’Mè Vanessa o re: “Ke ne ke lla ha ke batla ho ntša bohloko.” ’Mè Sofía eo le eena moena oa hae a ileng a hlokahala ka tšohanyetso o re: “Ke utloa bohloko ha ke nahana ka taba ena, ekare ke tšetsoe ka moriana o lomang leqebeng. Le hoja ho se monate, ka mor’a hore ke ntše bohloko ho ba betere.”

QOQA LE BATHO BA BANG

Ke ’nete hore ka linako tse ling u ka utloa u batla ho ba mong empa bothata bona u tlameha ho bo jarisana le motho e mong. Ka mor’a hore moshanyana e mong ea lilemo li 17 ea bitsoang Jared a hlokahalloe ke ntate, o ile a re: “Ke ne ke bolella batho hore na ke ikutloa joang. Ho bua ho ile ha nthusa le hoja ke nahana hore batho bao ke neng ke bua le bona ba ne ba sa utloisise le hore na ke ntse ke re’ng.” ’Mè Janice eo ho builoeng ka eena sehloohong se qalang o re: “Ke ne ke utloa le litsebeng ka mor’a hore ke hlalose bothata ba ka. Ke ne ke tseba hore batho ba bang ba utloisisa mathata a ka le hore ba batla ho nthusa.”

U SE KE OA HANA THUSO

Ngaka e ’ngoe e re: “Ha e re ha u qeta ho hlokahalloa ebe oa lumela ha batho ba bang ba u thusa, ho ba bobebenyana ho mamella bohloko.” Batho ba bang ba ka batla ho u thusa, bothata ebe hore ha ba tsebe na ba ka qala kae, kahoo ba bolelle hore na ba ka u thusa joang.​—Liproverbia 17:17.

RAPELA MOLIMO

’Mè Tina o re: “Mohats’a ka o ile a hlokahala a tšoeroe ke kankere. Kaha ho ne ho se na motho eo nka buang le eena, ke ile ka itloaetsa ho bolella Molimo ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Hoseng ho hong le ho hong ke ne ke mo kopa hore a be le ’na letsatsing leo. Ha ke tsebe hore na nka be ke le hokae ha e ne e se ka eena.” Ngoanana e mong ea bitsoang Tarsha ea lilemo li 22 o ile a hlokahalloa ke ’mè eaba ka mor’a moo o re: “Ke ne ke thobeha letsatsi le leng le le leng ha ke bala Bibele. Ke lula ke e-na le ntho e nkhothatsang eo nka nahanang ka eona.”

NAHANA HORE NA HO TLA BA JOANG

’Mè Tina o re: “Qalong taba ea hore bafu ba tla tsoha e ne e sa nkhothatse hobane ke ne ke hloka monna oa ka, le bana ba ka ba ne ba hloka ntate oa bona. Ho se ho fetile lilemo tse ’nè, ’me hona joale ho tseba hore bafu ba tla tsoha ke eona feela ntho e nkhothatsang. Ke eona feela tšepo ea ka. Ke nahana feela ke se ntse ke mo bona, taba eo e etsa hore ke thabe.”

Bohloko bo ke ke ba fela ka ho panya ha leihlo, leha ho le joalo pale ea ’mè Vanessa e ka re khothatsa. O ile a re: “Qalong u ka utloa eka ho felile ka uena, empa hoa loka ha nako e ntse e e-ea.”

Le hoja u tla ’ne u hloloheloe motho eo, u ntse u ka thabela bophelo. Molimo a ka u thusa hore u thabele ho ba le metsoalle ea hao le ho ba le khotso bophelong. Haufinyane Molimo o tla tsosa bafu. O batla hore u thabele bophelo le batho bana bao u ba ratang. Bohloko boo u bo utloang hona joale e tla ba pale ea maobane.

Litemana Tse ka U Thusang

Molimo oa u tsotella le ha u siame.

Lengolo le leng la Bibele le re ka Molimo: “U tšele meokho ea ka ka lekukeng la hao. Na ha e bukeng ea hao?”​—Pesaleme ea 56:8.

Phetlela Molimo sefuba.

“Ka tsoela pele ho bolela mahlomola a ka ka pel’a [Molimo] . . . Ka hoeletsa ho uena, Jehova,a ho kopa thuso.”​—Pesaleme ea 142:​2, 5.

E-ba le tšepo.

“Ho tla ba le tsoho.”​—Liketso 24:15.

Molimo o tšepisa hore o tla tsosa bafu ebile o labalabela ho etsa joalo.b​—Jobo 14:​14, 15.

a Bibele e re Jehova ke lebitso la Molimo.

b Ha u batla ho tseba haholoanyane ka taba ena u ka bala khaolo ea bosupa ea buka ea Re ka Ithuta Eng Bibeleng? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. U ka e fumana le ho www.jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela