Tsoelang Pele le Beha Litholoana ka Mamello
1 Ha moapostola Pauluse a ngolla phutheho ea Kolosse ka tlaase ho lilemo tse 30 ka mor’a lefu le tsoho ea Jesu Kreste, o ne a ka bolela hore ’nete ea litaba tse molemo e ne e beha litholoana le ho eketseha lefatšeng lohle. (Ba-Kol. 1:5, 6) Kajeno ka tekanyo e khōloanyane, Lipaki tsa Jehova li finyelletse ka sebele “likarolo tse hōle tsa lefatše” ka litaba tse molemo tsa ’Muso. (Lik. 1:8, NW; Joh. 14:12) Selemong sa tšebeletso sa 1989, ho bile le keketseho ea 5,6 lekholong karolelanong ea lenane la bahoeletsi ba ’Muso lefatšeng lohle, ’me re finyelletse tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 3787 188 linaheng tse 212!
2 Linaheng tseo ho boleloa ha ’Muso oa Molimo ho thibetsoeng ho tsona le moo ho sa fanoang ka litlaleho tse felletseng, ho tlalehiloe keketseho e khōloanyane ea 7,6 lekholong! Ho sa tsotellehe mathata a mangata a leng linaheng tseo, bahoeletsi ba tsoela pele ho “beha litholoana ka mamello.” (Luka 8:15, TLP) Libakeng tse ling likhatello lia fokotseha, empa maemo a thata a tsoela pele a sa fetohe linaheng tse ling.
3 Linaheng tseo ho nang le tokoloho e khōloanyane ea ho ntšetsa pele mesebetsi ea ho bolela ka ’Muso, re talimana le mathata a fapaneng. Re thulana le ho iphapanya ho hoholo ha batho, haholo-holo moo ho nang le katleho ea lintho tse bonahalang. Bahlanka ba Jehova ba tlameha ho itebela hore ba se nke maikutlo a joalo. Ha re batle hore lithahasello tsa lintho tse bonahalang, menyaka, boikhathollo, le litšitiso tse ling li kenelle mesebetsing ea rōna ea puso ea Molimo. Ho seng joalo re tla fetoha ba iphapanyang ’me re hlōlehe ho utloisisa bohlokoa ba ho tsoela pele re beha litholoana ka mamello.—Luka 21:34-36.
HO HLOKAHALA MAMELLO LE BOIKITLAETSO
4 Mamello ea hlokahala ebang re talimane le ho hanyetsoa ha litaba tse molemo kapa re na le tokoloho e lekanyelitsoeng ea ho phetha mesebetsi ea rōna ea Bokreste. Linaheng tse ling, baena ba rōna ba ’nile ba sebetsa tlas’a maemo a bohloko ka lilemo tse ngata. Ho mamella ha bona litsietsi tse joalo ho hlahisitse boemo bo amohelehang, ’me hona joale ba kotula litlhohonolofatso tse enneng. (Ba-Roma 5:3-5; Ba-Gal. 6:9) Ho sa tsotellehe mathata leha e le afe ao re ka thulanang le ’ona, re batla ho tsoela pele re mamella. Bopaki ba ’Muso bo tlameha ho fanoa, ’me kaofela ha rōna re tlameha ho tsoela pele re bontša botšepehi ba rōna. Haeba re mamella, re tla boloka meea ea rōna, kapa bophelo.—Mar. 13:10; Luka 21:19.
5 Re ka bontša hore ha re nke lintho tsa moea habobebe ka ho ikitlaetsa ka matla tšebeletsong ea Jehova, re se felloe ke matla mosebetsing oa boboleli. Linaheng tse ling moo ho nang le bothata ba lipalangoang, moo litlhoko tsa lintho tse bonahalang li haellang, le moo ho nang le mathata a moruo, ho boleloa ha litaba tse molemo ha ho khaotse. Linaheng tse joalo tse ’maloa, bahoeletsi ba phutheho ka mehla ba etsa karolelano ea lihora tse 14 ho ea ho tse 17 tšebeletsong ea tšimo khoeli ka ’ngoe. Manane a bona a bo-pula-maliboho le ’ona a eketseha ka mokhoa o tsitsitseng. Sena se etsa hore rōna ba nang le lintho tse ngata tse bonahalang re nahane. Na re ka eketsa ho kopanela ha rōna ka mehla mosebetsing oa bohlokoa ka ho fetisisa oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa?
NA RE KA ETSA HO EKETSEHILENG?
6 Ho sebelisa nako e eketsehileng tšebeletsong ea tšimo ho ka ’na ha hloka hore re fetole likemiso tsa rōna ho se hokae. Haeba re ntse re sebetsa hora e le ’ngoe tšebeletsong ea tšimo ka Sontaha, na mohlomong re ka eketsa nako eo ka ho sebetsa hora e ’ngoe re etsa maeto a ho boela kapa re khanna thuto ea Bibele? Kapa haeba re khanna thuto ea Bibele, na re ka kopanyelletsa hora e le ’ngoe kapa tse eketsehileng mosebetsing oa ntlo le ntlo kapa re etse maeto a ho boela a ’maloa pele re qalisa thuto? Hoba re sebelise lihora tse peli mosebetsing oa limakasine ka Moqebelo, mohlomong re ka isa limakasine ho ba leng tselaneng ea limakasine eo re e entseng kapa re leke ho etsa maeto a ho boela a ’maloa. Ba lulang libakeng tsa litoropo ba ka ho fumana e le ho loketseng ho sebelisa nako e itseng bopaking ba seterateng. Ka ho sebelisa litsela tsena kapa tse ling, re ka tseba ho eketsa ho kopanela ha rōna tšebeletsong ea tšimo. Liphello tse ntle li tla eketseha ka mokhoa o lekanang.
7 Ha ho pelaelo hore ho sebelisa nako e ngata tšebeletsong ea tšimo re etsa maeto a ho boela ho tla fella ka lithuto tse ngata tsa Bibele tse khannoang. Ha nako e ntse e tsamaea sena se tla bolela hore batho ba bangata ba tla tla ’neteng ’me ba re thuse ho phetha mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso.—Matt. 28:19, 20.
THAPELO KE EA BOHLOKOA
8 Haeba re tla tsoela pele ho beha litholoana ka mamello, re tlameha ho batla tlhohonolofatso ea Jehova ’me re iphaphathe le tataiso ea moea oa hae. Re tlameha ho rapela Jehova ka tšebeletso ea rōna. Ha re rapela Jehova ka mosebetsi oa rōna oa tšimo, re tla hopotsoa hore re basebetsi-’moho le eena. (1 Ba-Kor. 3:9) Ka thuso ea Jehova, re ka mamella tšebeletsong ea rōna esita leha re sa bone litholoana kapele. Libakeng tse ling, keketseho e bile teng feela ka mor’a lilemo tse ngata tsa ho mamella ho tšepahalang ha baboleli ba ’Muso. Ha re ntse re talimile pele nakong e tlang, ke habohlokoa hore ka linako tsohle re batle tataiso le thuso ea Molimo e le hore re se tele empa re phethe tšebeletso ea rōna ka botlalo. (2 Tim. 4:5) Ho sa ntse ho e-na le litholoana tse ngata tse hlahisoang mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa.
9 Jesu o ile a hatella bohlokoa ba hore re rapele ka linako tsohle. (Luka 18:1) Pauluse o ile a khothatsa: “Se phetseng ho rapela.” (1 Ba-Thess. 5:17) Ho na le mabaka a potlakileng a hore re tiisetse thapelong hona joale. Ho etsoa mosebetsi o mongata ho hlokomela mohlape o hōlang selemo le selemo. Re batla ho thusa ba bang ho beha litholoana ka mamello. Tlhokomelo e lokela ho lebisoa litlhokong tse sa tšoaneng tsa bahoeletsi ka bomong le tsa mokhatlo o hlophisitsoeng kaofela. Hobane re bona bohlokoa ba menehelo ea ho tšehetsa mosebetsi le ho etsa hore ho hatisoa ha libuka tse theiloeng Bibeleng ho tsoele pele, re tla rapela hore Jehova a tsoele pele ho susumetsa batho ba tšabang Molimo ho ba ba fanang ntlheng ena.—2 Ba-Kor. 9:8-11.
10 Ha likarolo tse ling tsa tšimo ea lefatše lohle li ntse li buleha bakeng sa ho hōlisa puso ea Molimo ka tekanyo e khōloanyane ho feta pele, sena se etsa hore khothatso ea Mangolo e ho Bakolosse 4:2 e be ea bohlokoa ka ho fetisisa: “Tiisetsang thapelong, ’me le e falimehele ka teboho.” Re lokela ho rapella baena ba rōna ba leng libakeng tsohle hore ba tsoele pele ho beha litholoana, re thuse ba bang ba kang linku ba leng masimong ao ho ’ona ho paka ho ’nileng ha e-ba thata nakong e fetileng.
BONTŠANG TEBOHO
11 Re leboha hakaakang nala ea lijo tsa moea eo re e thabelang hakana! Re batla ho leboha Jehova ka lintho tsena, ’me hape re batla ho rapela hore tlhohonolofatso ea hae e tsoelang pele e be mosebetsing o etsoang ke lekhoba le khabane le Sehlopha se Busang sa lona. Boiteko ba bona bo itekanetseng, le bo sa khathaleng molemong oa rōna le oa batho ba kang linku ho pota lefatše bo ananeloa haholo.
12 Ha ho jaloa peō ea ’Muso, ho tsamaisoa libuka tse ngata haholo. (Matt. 13:3-8, 18-23) Empa, ho na le tlhokahalo e tsoelang pele ea Libibele le libuka tsa Bibele tšimong. Tlaleho ea lefatše e bontša hore ho se ho entsoe mosebetsi o moholo oa ho hlaola le ho nosetsa ka maeto a ho boela le ka lithuto tsa mahae tsa Bibele. Ha re ntse re tsoela pele ho etsa karolo ea rōna litšobotsing tsena tsa bohlokoa tsa tšebeletso ea rōna, re leboha Jehova ka tlhohonolofatso ea hae e tsoelang pele e etsang hore lintho li hōle. Ka sebele, re rapella tlhohonolofatso eo.—1 Ba-Kor. 3:6, 7.
LITLHOKO TSE LING
13 Hobane Bakreste ba le lefatšeng empa e se karolo ea lona, ba tla tsoela pele ho talimana le liteko, ’me li tla ’ne li eketsehe matsatsing ana a ho qetela. Hona joale ba bang ba mamella tlhoriso kapa mathata a mang. Ba bang ba tlameha ho tsoela pele ka mesebetsi ea bona ea Bokreste linaheng tse tletseng ntoa. Baena ba rōna ba ’nile ba hlaheloa ke likoluoa tse kang litšisinyeho tsa lefatše, leholiotsoana, le lifefo tse matla. Ha sena se etsahala, re lokela ho rapella baena ba rōna ba leng libakeng tse joalo. (Bapisa Liketso 12:5; 2 Ba-Korinthe 1:11.) Ka linako tse ling ho ee ho hlokahale ho iteanya kapa ho ngolla ba boholong mabapi le ho thibeloa ha mosebetsi oa rōna, ho hlorisoa ha baena ba rōna, kapa litaba tse ling tse amang lithahasello tsa ’Muso. Tlas’a maemo a joalo, re etsa sohle seo re ka se etsang ka borōna, ’me re rapella batho bana hore ba tšoare bahlanka hammoho le rōna hantle.—1 Tim. 2:1, 2.
14 Ho na le likhatello tse ngata tse tlisetsoang malapa a phelang lefatšeng le khopo la Satane. (2 Ba-Kor. 4:4) Mohlomong banyalani ba talimane le mathata a tebileng. Ba lokela ho khothalletsoa ho rapella tataiso ea Molimo, ’me le rōna re lokela ho ba rapella. (1 Ba-Kor. 7:5; 1 Pet. 3:7) Lihlooho tsa malapa li lokela ho utloisisa hore Jehova o tla mamela lithapelo tsa bona tse tšepahalang tse kōpang tataiso ea ho okamela hantle malapa a tsona. (Baahl. 13:8; Ba-Fil. 4:6, 7) Ba banyenyane le ba baholo ba talimane le maemo a lekang. E ka ’na ea e-ba sekolong, mosebetsing oa boipheliso, ha ba tsamaea, kapa maemong a mang. Thapelo e re thusa ho hanela moea oa lefatše lena le khopo le ho tsoela pele re beha litholoana ha re ntse re tsoela pele ho etsa ho hotle mahlong a Molimo.—Matt. 6:13; Ba-Ef. 6:13-18; 1 Joh. 3:22.
15 Jehova ke Moutloi e moholo oa thapelo. (Pes. 65:2) ’Me re lokela ho lahlela lipelaelo tsa rōna ho eena ka linako tsohle. (Pes. 55:22) Re na le menyetla e mengata ea ho sebelisa thapelo ho bontša kameho ea rōna ka lithahasello tsohle tsa ’Muso le katleho ea baena ba rōna libakeng tsohle. Ha re nahanisisa ka mosebetsi oa ba etelletseng pele ka phuthehong le ba tsamaisang lenaneo la katoloho ea lefatše lohle, ha re sebelisana le ba kulang moeeng, kapa ha re sebetsana le mathata a mang a manyenyane kapa a maholo, kaofela ha rōna re lokela ho isa litaba tse joalo ho Jehova ka thapelo. (1 Ba-Thess. 5:25; Jak. 5:14-16) E, re lokela ho lahlela lipelaelo tsa rōna ho Jehova re e-na le tšepo e felletseng ea hore ho sa tsotellehe hore na re kōpa eng tumellanong le thato ea hae, o tla re utloa. (1 Pet. 5:7; 1 Joh. 5:14) E se eka re ka ba mafolo-folo tšebeletsong ea ’Muso ’me ka linako tsohle re ee ho Jehova ho re thusa ho tsoela pele re beha litholoana ka mamello.