Ho Nehelana ka Taba tse Molemo—Ka ho Bula Menyetla ea ho Fana ka Bopaki bo sa Reroang
1 Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba khantše leseli la bona. (Matt. 5:14-16) O ne a batla hore ba bolelle ba bang ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka nako e ’ngoe le e ’ngoe e loketseng. Jesu o ile a beha mohlala tabeng ena. Mohlala oa sena e ne e le ha a sebelisa monyetla oa ho bolella mosali oa Mosamaria ’nete selibeng sa Sikare. (Joh. 4:5-30) Ho thoe’ng ka rōna? Na re bula menyetla e joalo ea ho fana ka bopaki?
2 Hase e mong le e mong oa rōna ea ka tsebang ho kopanela tšebeletsong ea tšimo letsatsi le leng le le leng. Empa hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng ho ka ’na ha ba le linako tseo ka tsona re ka fanang ka bopaki. Ka tsela efe? Ka bopaki bo sa reroang. Ba likete-kete ba tsebile ’nete ka tsela ena. Haeba re le hlokolosi ho hlokomela menyetla ’me ebe re etsa boiteko, re ka finyella batho ba bangata.
KE BO-MANG BAO RE KA BA PAKELANG?
3 Ho phaella bopaking bo tloaelehileng ba ntlo le ntlo, maeto a ho boela, le lithuto tsa Bibele, re ka pakela basebetsi-’moho, bao re kenang sekolo le bona, bao re kopanetseng khoebo le bona, beng ka rōna, le ba bang bao re tloaelaneng le bona motheong o sa reroang. Ha re tsamaea ka bese, ka terene, kapa ka sefofane, mohlomong re ka tseba ho qalisa puisano le bao re tsamaeang le bona. Ha re le phomolong, re ka abelana litaba tse molemo le batho ba sebetsang hoteleng le meahong ea marobalo, ba sebetsang libakeng tseo ho tšeloang petrole ho tsona, ba sebetsang mabenkeleng ao ho jeloang ho oona, le bakhanni ba litekesi. Re ka ’na ra bua le ba bang ha re ntse re eme ofising ea ngaka kapa libakeng tsa batho bohle tsa ho hlatsoetsa liphahlo. Ha re le hae, mohlomong re ka pakela baahisani, barekisi, kapa batho ba tlisitseng thepa lapeng. Esita leha re le sepetlele, re ka pakela lingaka, baoki, le bakuli ba bang.
KAMOO RE KA QALISANG KA TENG
4 Haeba re entse tokisetso ea ho kopana le motho e mong ’me re tseba hore re tla lokela ho qeta nako e itseng re eme, re ka nka limakasine tsa morao-rao ’me re ikemisetse ho buisana ka sehlooho se thahasellisang le e mong eo re teanang le eena. Kapa re ka sebelisa pampitšana kapa bukana e lekanang le makasine e le motheo oa ho qalisa puisano. Boemong bo joalo, ba bang ba fumane e le ho atlehang ho qalisa puisano ka ho bua ho hong ho ipiletsang ho theiloeng ketsahalong ea morao-rao ebe ba botsa maikutlo a motho eo. Ba bang ba fumane hore ho botsa potso e susumetsang monahano mabapi le ketsahalo e ’ngoe ea morao-rao ho ka lebisa bopaking bo botle. Maemong ’ohle, ho hlokahala hore ho nkuoe bohato ba pele ho etsa hore lintho li etsahale.
HO PAKA MOSEBETSING
5 Ba sebetsang ba ka bula menyetla ea ho pakela bao ba sebetsang le bona. Bo-khaitseli ba babeli ba ile ba ngola lethathamo la batho bao ba sebetsang le bona bao ba neng ba nahana hore ba ka ’na ba thahasella ’nete. Ka ho bua le ba neng ba ngotsoe lethathamong le ba bang ba ’maloa, ba ile ba tseba ho tsamaisa libuka tse fetang 65 tsa Tšenolo le ho hlaolela thahasello e ngata.
6 Boemong bo bong, moena o ile a etsa qeto ea hore o tla pakela motho oa pele ea tla lula pel’a hae nakong ea khefu ea hae ea metsotso e 15 mosebetsing. Monna eo a ileng a bua le eena o ne a tseba ’nete empa o itse o ne a sa batle ho tsoela pele ka taba eo. Ho sa tsotellehe hoo, moena oa rōna o ile a siea buka moo monna eo a neng a ka e fumana habonolo. Nakong ea likhoeli tse tšeletseng monna eo le lelapa la hae ba ile ba kolobetsoa kaofela.
7 Joaloka “leseli la lefatše,” Jesu o ile a bula menyetla ea ho fana ka bopaki bo sa reroang. (Joh. 8:12) Haeba re le hlokolosi ’me re ikemiselitse ho abelana tšepo ea rōna e theiloeng Bibeleng le ba bang, le rōna re ke ke ra fetoa ke menyetla ea ho fana ka bopaki. Ka hona, joaloka barutuoa ba Jesu, re tla ‘khanya joalo ka maseli lefatšeng.’—Ba-Fil. 2:15, 16.