Sebelisa Lentsoe la ’nete ho Latela Tsebo
1 Tsebo ea rōna ha re sebelisa Lentsoe la Molimo e ka ama tsela eo batho ba arabelang ka eona litabeng tse molemo. Ka hona, Pauluse o ile a khothalletsa ho hlaolela ho ba hloahloa tšebeletsong, a re: “Ikitlaetse ka matla hore u itlhahise u le ea amohelehang ho Molimo, mosebetsi eo ho se nang letho leo a hlajoang ke lihlong ka lona, ea sebelisang lentsoe la ’nete ka nepo.”—2 Tim. 2:15, NW.
2 Re tlameha ho hlaolela tsebo ea ho sebelisa Bibele. Ho behella nako ka thōko bakeng sa thuto ea botho le ho ba teng libokeng tsa Bokreste ke habohlokoa. Leha ho le joalo, re tlameha ho sebelisa lintho tseo re ithutang tsona ka ho sebelisa Bibele ka mehla tšebeletsong. Sena se hloka boiteko bo sa khaotseng ha re ntse re batla thuso le tataiso ea Molimo.—1 Joh. 3:22.
3 Lebisa Tlhokomelo Lentsoeng la Molimo: Ke habohlokoa hore batho ba hlokomele hore molaetsa oa rōna ha se o itsoelang ho rōna empa o tsoa Lentsoeng le ngotsoeng la Molimo. (Joh. 7:18) Ho bontša motho se boleloang ke Molimo tabeng e itseng e ka hare ho Bibele ho ka ba le tšusumetso e khōlō. Batho ba lipelo li lokileng ba haptjoa ke molaetsa o matla oa Bibele. Ha re ntse re sebelisa Mangolo haholoanyane, re ba hloahloa haholoanyane ’me re tla etsa hore batho ba bang ba tloaelane le Lentsoe la Molimo haholoanyane, e leng ho tla ba tsoela molemo.
4 Batho ba bangata ha baa tloaelana le Bibele. Ha re e sebelisa, re tlameha ho etsa ho eketsehileng ho feta feela ho bala litemana. Tokisetso e etsoang ka ho nahanisisoa ea hlokahala bakeng sa ho rera kamoo re ka kenyelletsang lengolo ka teng. Lipotso kapa bothata bo hlahisitsoeng li ka sebelisoa ho tsosa thahasello. Hape, re tlameha ho lebisa tlhokomelo ho seo re se buang ka mor’a ho bala lengolo le itseng. Motho a ka ’na a hlōleha ho utloisisa se boleloang ka mor’a ho le bala hanngoe feela. Ho hatisa mantsoe a sehlooho le ho bontša kamoo a sebetsang ka teng ho tla lumella mehopolo hore e thophothele.—Bona Buka ea Tataiso ea Sekolo, lithuto 24 le 25.
5 Mpho ea Khoeli: Ka November re tla be re nehelana ka buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Re ka atamela batho joang re sebelisa mpho ee? Ka mor’a ho itsebisa mohlomong re ka re: “Kajeno, batho ba bangata ba talimile ho batho kapa likhatisong tse fapa-fapaneng bakeng sa tataiso. U nahana hore mohloli o molemohali oa tataiso e sebetsang ke ofe? [Emela karabo.] Hlokomela seo Bibele e se buang ka mohloli oa ’nete oa bohlale. [Bala Liproverbia 2:6, 7.] Bohlale ba motho bo ipakile e le bo haelloang ka ho soabisang, bo lebisa mahlomoleng le tsielehong. Leha ho le joalo, ka mehla bohlale ba Molimo bo ’nile ba ipaka bo tšepahala ’me bo le molemo. [Bala Esaia 48:17, 18.] Kahoo, re lokela ho talima ho Molimo, o fanang ka tataiso e hlokahalang ho sebetsana le mathata ao re tobaneng le ’ona.” Joale re ka phetla khaolo 12 bukeng ea Lentsoe la Molimo ’me ra lebisa tlhokomelo serapeng sa 2. Ka mor’a moo, re ka akarelletsa ntlha e sebetsang ho tsoa khaolong eo.
6 Ka mor’a ho sebelisa Liproverbia 2:6, 7 ho totobatsa bophahamo ba bohlale ba Molimo, hlalosetsa mong’a ntlo lebaka leo u hlomphang le ho nka Bibele e le ea bohlokoa ka lona. Mo tsebise hore lithuto tsa eona li tla mo tsoela molemo ’me li mo fe tšepo e tiileng ea bokamoso. Puisano e joalo e bula menyetla ea ho lebisa tlhokomelo likeletsong tse ling tse bohlale tsa Bibele mathateng a letsatsi le letsatsi ’me e ka lebisa thutong ea Bibele.
7 Ka mehla Jesu o ne a bua ka Mangolo ho thusa batho ba lipelo li tšepahalang le ho fetola bahanyetsi ba hae. Pauluse o ne a tloaetse ho ‘hlalosa le ho netefatsa ka litšupiso’ lintho tseo a neng a li ruta. (Lik. 17:2, 3, NW) Tšepo ea rōna le thabo ea rōna tšebeletsong li tla eketseha ha re ntse re loanela ka tieo ho sebelisa Lentsoe la ’nete ka tsebo e khōloanyane.