Tšoara Lentsoe la Molimo ka Nepo
1 Ha a ne a pakela e mong ea boholong, “Filipi a ahlamisa molomo ’me, ha a qala ka Lengolo [le itseng], a mo bolella litaba tse molemo mabapi le Jesu.” (Lik. 8:35) Filipi o ne a ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Tim. 2:15) Leha ho le joalo, kajeno balebeli ba tsamaeang ba hlokometse hore bahoeletsi ba bangata ba sebelisa Bibele ka seoelo ha ba paka. Na u sebelisa Bibele tšebeletsong ea hao?
2 Lentsoe la Molimo ke mohloli oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e lumelang le eo re e rutang. (2 Tim. 3:16, 17) Ke lona le hulelang batho ho Jehova le le ba fang thuto e phelisang. Ke ka lebaka leo e leng habohlokoa hore re sebelise Bibele tšebeletsong ea rōna ho e-na le hore re qoqe ka litaba tseo re li thahasellang feela. (Baheb. 4:12) Kaha batho ba bangata ha ba tsebe Bibele hakaalo, ho hlokahala hore re e bale ho ba bontša tataiso e sebetsang eo e fanang ka eona le bokamoso boo e bo tšoaretseng moloko oa batho.
3 Bala Bibele ka ho Toba: U ka ’na ua leka ho bolela u sa nka mokotlana oa libuka. U ka ’na ua kenya lingoliloeng tseo u batlang ho li tsamaisa ka mokotlaneng o monyenyane ebe u tšoara Bibele ka letsoho kapa u e kenye ka pokothong. Joale, ha u buisana le motho, u ka ntša Bibele hantle u sa fe motho eo maikutlo a hore u leka ho mo bolella litaba tsa bolumeli. E-ba pel’a momameli oa hao e le hore a ka bala le uena Bibeleng ea hao. Mohlomong u ka mo kōpa hore a bale temana ka lentsoe le phahameng. E tla ba ho ipiletsang haholoanyane ho eena ha a bona seo Bibele e se bolelang ho e-na le ho utloa feela seo uena u se buang. Ho hlakile hore ho mo thusa ho utloisisa se boleloang ke temana eo, u lokela ho hatisa mantsoe a jereng mohopolo.
4 Nehelano ea Lengolo le le Leng: Ka mor’a ho ipolela lebitso, u ka ’na ua re: “Batho ba talima mehloling e sa tšoaneng bakeng sa tataiso bophelong ba bona. U nahana hore mohloli o molemohali oa tataiso e sebetsang ke ofe? [Mo lumelle ho arabela.] U nahana’ng ka polelo ee? [Bala Liproverbia 2:6, 7, ’me u mo lumelle ho arabela.] Ho bonahetse hore bohlale ba batho bo haelloa haholo, e leng se nyahamisang batho ba bangata. Leha ho le joalo, kamehla bohlale ba Molimo bo bonahetse bo tšepahala bo bile bo le molemo.” Joale mo bontše sengoliloeng seo u se tsamaisang, ’me ho sona u totobatse mohlala o le mong oa bohlale ba Molimo bo sebetsang.
5 Jesu o ne a sebelisa Mangolo ho thusa ba lipelo li tšepahalang. (Luka 24:32) Pauluse o ne a paka bonnete ba lintho tseo a neng a li ruta ka Mangolo. (Lik. 17:2, 3) Kholiseho ea rōna le thabo tšebeletsong li tla eketseha ha re ntse re e-ba le tsebo e eketsehileng ea ho tšoara Lentsoe la Molimo ka nepo.