Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/96 leq. 1
  • Na U Tšoara Lentsoe la Molimo ka Nepo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tšoara Lentsoe la Molimo ka Nepo?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Tšoara Lentsoe la Molimo ka Nepo’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Tšoara Lentsoe la Molimo ka Nepo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Bontša Boiphihlelo ha U Sebelisa “Sabole ea Moea”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Sebelisa Lentsoe la ’nete ho Latela Tsebo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 11/96 leq. 1

Na U Tšoara Lentsoe la Molimo ka Nepo?

1 Jesu Kreste e ne e le tichere e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea phela lefatšeng. O ne a bua ka tsela e amang lipelo tsa batho, o ne a sisinya maikutlo a bona ’me a ba susumelletsa ho etsa mesebetsi e metle. (Mat. 7:28, 29) Kamehla o ne a sebelisa Lentsoe la Molimo e le motheo oa thuto ea hae. (Luka 24:44, 45) O ile a neha Jehova Molimo tlotla bakeng sa sohle seo a neng a se tseba le seo a neng a khona ho se ruta. (Joh. 7:16) Jesu o behetse balateli ba hae mohlala o motle haholo oa ho tšoara Lentsoe la Molimo ka nepo.—2 Tim. 2:15.

2 Moapostola Pauluse le eena o sebelelitse e le mohlala o ikhethang oa ho tšoara Lentsoe la Molimo ka katleho. O ile a etsa ho fetang feela ho balla ba bang Mangolo; o ile a hlalosa le ho beha mabaka ka seo a se balileng, a fana ka bopaki bo tsoang Lentsoeng la Molimo ba hore Jesu e ne e le Kreste. (Lik. 17:2-4) Ka ho tšoanang, morutuoa Apolose ea kheleke puong “o ne a rutehile haholo Mangolong,” ’me o ile a a sebelisa ka nepo ho nehelaneng ka ’nete ka mokhoa o matla.—Lik. 18:24, 28.

3 E-ba Tichere ea Lentsoe la Molimo: Baboleli ba ’Muso ba mehleng ea kajeno ba thabetse katleho e babatsehang ea ho ruta batho ba lipelo li tšepahalang ka ho ba lebisa Bibeleng le ho behelana mabaka le bona ka eona. Boemong bo bong, mor’abo rōna e mong o ile a khona ho sebelisa Ezekiele 18:4 hammoho le litemana tse ling ho behelana mabaka le moruti le litho tse tharo tsa kereke ea hae mabapi le qetello ea batho ba khopo le ba lokileng. E le phello ea seo, tse ling tsa litho tsa kereke li ile tsa qala ho ithuta, se seng sa tsona qetellong se ile sa amohela ’nete. Boemong bo bong, morali’abo rōna e mong o ile a kōptjoa ho hlalosetsa monna ea hanyetsang oa mosali ea thahasellang lebaka leo ka lona Lipaki tsa Jehova li sa ketekeng Keresemese le matsatsi a tsoalo. Ha a ntse a bala likarabo tsa Mangolo ka ho toba bukeng ea Ho Bea Mabaka, monna eo o ile a lumellana le eena. Mosali oa hae o ne a thabetse ho amohela ha hae likarabo tsena hoo a ileng a re: “Re tla tla libokeng tsa lōna.” ’Me monna o ile a fela a lumela!

4 Sebelisa Thuso e Fumanehang: Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso le lenaneo la Seboka sa Tšebeletso li fana ka tataiso e molemo ea ho re thusa ho tšoara Lentsoe la Molimo. Bahoeletsi ba bangata ba boletse kananelo ea bona bakeng sa linehelano tse fapa-fapaneng tse hatisitsoeng le tseo ho etsoang lipontšo ka tsona molemong oa rōna le tse ipakileng li le nakong ebile li sebetsa. Ho Bea Mabaka ka Mangolo e na le likhopolo tse ngata mabapi le ho qaqisa ka nepo lihlooho tse khōlō tse fetang 70 tse tšohloang ka Lentsoeng la Molimo. Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng e nehelana ka kakaretso e tobileng ea lithuto tsohle tsa motheo tsa Bibele tseo ho hlokahalang hore ba bacha ba li utloisise. Thuto ea 24 le ea 25 ho Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo li bontša kamoo matichere a nang le tsebo a ka kenyelletsang, a bala le ho sebelisa mangolo ka ho loketseng kateng. Re lokela ho sebelisa hamolemo thuso ena eohle e fumanehang habonolo.

5 Ha re tšoara Lentsoe la Molimo ka nepo, re tla fumana hore “lea phela ’me le fana ka matla . . . ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso tsa pelo” tsa batho bao re ba bolellang. (Baheb. 4:12) Katleho eo re e thabelang ka lona e tla re susumelletsa ho bolela ’nete ka sebete haholoanyane!—Lik. 4:31.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela