Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/07 leq. 1
  • Na U Buella Lentsoe la Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Buella Lentsoe la Molimo?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ruta ka Tsela e Susumetsang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Ho Sebelisoa ha Bibele ho Khothalelitsoe
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • “Lentsoe la Molimo . . . le Fana ka Matla”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Sebelisa Bibele Tšebeletsong ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 5/07 leq. 1

Na U Buella Lentsoe la Molimo?

1 Lefatšeng lena leo hangata batho ba sa lumeleng Bibele, Bakreste ba ’nete ba buella Lentsoe la Molimo ka cheseho. Kaha re kholisehile hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo,” re ema le Jesu Kreste, eo ha a rapela Jehova a ileng a paka a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (2 Tim. 3:16; Joh. 17:17) Ebe re ka buella Lentsoe la Molimo ka katleho joang?

2 Ithute Mangolo: Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a khothaletse ho ithuta Lentsoe la Molimo. Sena se ile sa mo thusa hore tšebeletsong eohle ea hae a rute se tsoang ka Mangolong. (Luka 4:16-21; 24:44-46) Ebe re ka etsa joang hore re hopole litemana tse ngata ka hlooho? Re ka etsa sena ka ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ebe re thuisa ka temana e itseng e re khothalitseng haholo kapa e tla re thusa tšebeletsong. Ha re lokisetsa liboka, re lokela ho phetla litemana tse bontšitsoeng ’me re li bale ka ho toba Bibeleng mohlomong re be re lokisetse ho li hlalosa. Ha re le libokeng, ha sebui se bala temana, re lokela ho bala le sona Libibeleng tsa rōna. Ho ithuta litemana tsa Bibele ho tla re hlomella ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’—2 Tim. 2:15.

3 E-re Bibele e Ipuelle: Ha re le tšimong, re lokela ho fa Bibele sebaka sa ho bua. Ka mohlala, ha maemo a lumela, re lokela ho leka ho balla mong’a ntlo temana ea Bibele le ho bua le eena ka eona. Ha a botsa potso, kapa a hanyetsa, ho molemo ho sebelisa Bibele ha u fana ka karabo. Ha mong’a ntlo a phathahane, re ka ’na ra khona ho hlakisa seo Bibele e se buang ka ho re, “Pele ke tsamaea, ke kōpa ho u balla temana e le ’ngoe feela.” Neng le neng ha ho khoneha, bala Bibeleng ka ho toba, u fana ka sebaka sa hore motho eo u buang le eena a bone temana eo u e balang.

4 Ha mong’a ntlo e mong a ne a bontšoa litemana tse hanyetsang thuto ea Boraro-bo-bong, o ile a khotsa, “Ke kene kereke bophelo bohle ba ka, ’me ka sebele ke ne ke sa tsebe hore Bibele e bua taba ena!” Ntle ho tšenyo ea nako o ile a lumela ho rutoa Bibele. Jesu o ile a re linku tsa hae li ne li tla mamela lentsoe la hae. (Joh. 10:16, 27) Tsela e molemohali ea hore batho ba tšepahalang ba lemohe ’nete ke hore ba e bone ka ho toba Mangolong. Kahoo, a re beng babuelli ba ’nete ea Lentsoe la Molimo!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela