Sebelisa Bibele Tšebeletsong ea Tšimo
1 Mantsoe a bululetsoeng a Bibele a ka ba le phello e matla ho batho. Ka lebaka lena, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sebelisa Mangolo hamolemo ha ba bolela litaba tse molemo. Pauluse ‘o ne a beha mabaka ka Mangolo,’ a hlalosa le ho paka lintlha tsa hae ka litšupiso. (Lik. 17:2, 3, NW) Apollose, ha a pakela Bajode, o ile “a ba bontša ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.”—Lik. 18:24-28.
2 Kajeno Lipaki tsa Jehova li latela mohlala ona. Joalokaha ho bontšitsoe ho Molula-Qhooa oa March 1, 1986, leqephe 26: “Ha li kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa, li batla hore batho ba hlokomele hore molaetsa oo li o bolelang hase oo li iqapelang oona empa o tsoa Lentsoeng la Molimo. Kahoo li sebelisa Bibele ka ho toba, li hlile li e balla ba bang neng le neng ha ho khoneha.” Na u sebelisa Bibele ka botlalo tšebeletsong ea hao?
LEBAKA LEO KA LONA E ATLEHANG
3 Ke hobane’ng ha Bibele e atleha hakaale? Ke hobane ke Lentsoe la Molimo ’me e “ahlola maikutlo le mehopolo ea pelo.” (Ba-Heb. 4:12) Maikutlo a ’nete a batho aa hlahella ha a pepesoa ka ’nete ea Mangolo. Batho ba lipelo li tšepahalang ba hoheloa ke eona. Ka mohlala, banyalani ba bang ba bacha ba ileng ba tsoela pele ka potlako tšebeletsong ea Jehova ba ile ba botsoa hore na ke hobane’ng ha ba ile ba arabela ka potlako e khōlō litabeng tse molemo. Karabelo ea bona e bile efe? “Ke Bibele.” Ha bahoeletsi ba neng ba ba etetse ba lebisa tlhokomelo ea bona Bibeleng, ba ile ba utloa lentsoe la “molisa ea molemo.”—Joh. 10:14; wSU78 12/1 maq. 19-20.
4 Na ka linako tse ling u ikutloa u fokola ha u sebelisa Bibele ea hao tšebeletsong ea tšimo? Lenaneo le letle la thuto ea botho, ho akarelletsa le ho lokisetsa liboka tsohle tsa phutheho le ho ba teng ho tsona, ho tla u hlomella bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o motle le ho u fa kholiseho e eketsehileng. (2 Tim. 3:16, 17, NW) Batho bao u sebetsang le bona tšebeletsong le litho tsa lelapa ba ka ikoetlisa ka ho pheta-pheta Sehlooho sa Puisano hammoho. Hape, likenyelletso tse ngata tse bukeng ea Ho Bea Mabaka maqepheng 9-15 li akarelletsa ho bala lengolo qalong ea puisano. Ke hobane’ng ha u sa ithute a mang a ’ona? Sebelisa se tšoanelang le se hapang thahasello ea batho ba leng tšimong ea heno.
SEBELISA KAHLOLO E MOLEMO
5 Ho na le linako tseo ka tsona re tla batla ho khothalletsa mong’a ntlo ho tlisa kopi ea hae ea Bibele le ho phetla lengolo le itseng hammoho le rōna. Sebelisa kahlolo e molemo maemong a joalo. (Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqephe 347, serapa 2.) Ha ho hlokahala hore re bue hakhutšoanyane, mohlomong re ka etsa qeto ea ho bala temana e le ’ngoe feela e leng Sehloohong sa rōna sa Puisano. Kapa haeba ho bonahala hore mong’a ntlo o phathahane, mohlomong re ka mpa ra qotsa poleloana e loketseng, re etse hore mong’a ntlo a tsebe hore e tsoa ka Bibeleng. Jesu le baapostola ba ne ba sa nke likopi tsa Mangolo a Seheberu ha ba bolela. Empa ba ne ba a qotsa ka ho pharalletseng. Le rōna re lokela ho etsa boiteko ba ho hopola mangolo ka hlooho e le hore re hopole ho a sebelisa tšebeletsong ea rōna.
6 Pauluse o ile a khothalletsa Timothea ho ‘sebelisa lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Tim. 2:15, NW) Keletso eona eo ea sebetsa ho rōna kajeno. Re batla ho etsisa Jesu le baapostola ka ho sebelisa Bibele khafetsa tšebeletsong ea rōna ea tšimo. Neng le neng ha ho khoneha e bale, empa ha ho hlokahala, e qotse ka hlooho. Ha re etsa sena ka katleho ho tla hlaka hore re basebeletsi ba Molimo le hore molaetsa oa rōna o theiloe ka ho tiea Lentsoeng la oona.