Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/10 leq. 1
  • Ruta ka Tsela e Susumetsang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ruta ka Tsela e Susumetsang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mangolo a Sebelisitsoe Hantle
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Na U Buella Lentsoe la Molimo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Bontša Boiphihlelo ha U Sebelisa “Sabole ea Moea”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Mokhoa oa ho Susumetsa ba Bang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
km 4/10 leq. 1

Ruta ka Tsela e Susumetsang

1. Hangata ho sebelisa Lentsoe la Molimo ka tsela e atlehang tšebeletsong ho bolela’ng?

1 Joaloka moapostola Pauluse, baboleli ba atlehang baa utloisisa hore ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo’ ha ho bolele feela ho qotsa Mangolo a Halalelang. (2 Tim. 2:15) Re ka sebelisa Lentsoe la Molimo joang ho “susumetsa” bao re ba rutang?—Lik. 28:23.

2. Re ka etsa joang hore batho ba hlomphe Lentsoe la Molimo haholoanyane?

2 E-re Lentsoe la Molimo le Ipuelle: Ntlha ea pele, kenyelletsa Bibele ka tsela e tla etsa hore motho eo u buang le eena a bone hore e fupere bohlale ba Molimo. Ha re bontša hore re tšepa Lentsoe la Molimo, sena se ka etsa hore ba re mametseng ba hloaee tsebe ha re bala lengolo. (Baheb. 4:12) Mohlomong re ka re: “Ke bona ho le molemo hore re utloe hore na Molimo o re’ng tabeng ena. Ke kōpa u utloe hore na Lentsoe la hae le re’ng.” Neng le neng ha ho khoneha, e-re Lentsoe la Molimo le ipuelle ka hore u le bale ka ho toba.

3. Ha u qeta ho balla motho lengolo, u ka etsa’ng ho mo thusa hore a le utloisise?

3 Ntlha ea bobeli, hlalosa lengolo leo u le balileng. Batho ba bangata ba thatafalloa ho utloisisa temana ha e baloa ka lekhetlo la pele. Hangata ho hlokahala hore re hlalose hore na e amana joang le taba eo re buang ka eona. (Luka 24:26, 27) Totobatsa lintlha tsa bohlokoa temaneng eo. Ho ka ba molemo ho mo botsa potso ho bona hore na o utloisisa ntlha.—Liprov. 20:5; Lik. 8:30.

4. Mohato oa ho qetela o hlokahalang e le hore re rute ka tsela e susumetsang ke ofe?

4 Beha Mabaka ka Mangolo: Ntlha ea boraro, leka ka hohle hore u finyelle kelello le pelo. Thusa mong’a ntlo hore a bone kamoo a ka sebelisang temana eo kateng. Ho behela motho mabaka ka Mangolo ho ka mo susumetsa hore a nahane ka tsela e ’ngoe. (Lik. 17:2-4; 19:8) Ka mohlala, ka mor’a hore u bale Pesaleme ea 83:18 u ka mo bontša hore ho tseba lebitso la motho ke habohlokoa e le hore re be metsoalle. Ka mor’a moo, u ka ’na ua re, “Na u bona eka ho tseba lebitso la Molimo ho tla etsa hore lithapelo tsa hao li tsoe botebong ba pelo?” Ha u sebelisa tsela ena ho thusa mong’a ntlo hore a bone kamoo lengolo le sebetsang kateng bophelong ba hae, u mo bontša hore ke la bohlokoa. Ho ruta Lentsoe la Molimo ka tsela e susumetsang joalo ho hulela batho ba thahasellang borapeling ba Jehova, Molimo oa ’nete le ea phelang.—Jer. 10:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela