Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/92 leq. 1
  • Ho Sebetsa ka Katleho ka Ntlo le Ntlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebetsa ka Katleho ka Ntlo le Ntlo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlokomela Thuto Ea Hao Ka Mehla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo—Ka Limakasine Tšimong e Akaretsoang Khafetsa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Na U Phetha Bosebeletsi ba Hao ka Botlalo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Haeba ea Atleha, e Sebelise!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 8/92 leq. 1

Ho Sebetsa ka Katleho ka Ntlo le Ntlo

1 Kajeno “litaba tse molemo” li boleloa lefatšeng lohle. (Matt. 24:14, NW) Sena se phethoa haholo-holo ka tšebeletso ea ntlo le ntlo.—Lik. 20:20, 21.

2 Linehelano tsa rōna li tlameha ho ba le moelelo oa sebele ho batho bao re teanang le bona. Banna, basali, le bacha ba thahasella lintho tse sa tšoaneng. Kahoo ho tla ba molemo ho ba le litaba tse sa tšoaneng tsa Mangolo tseo ho ka etsahalang hore li ipiletse ho batho ba leng tšimong ea rōna.

3 Sebelisa Likhatiso ka ho Felletseng: Ho tloaelana ka ho felletseng le litaba tse kahare ho buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ho tla re thusa hore re bue ka tsela e atlehang le batho ka lihlooho tse fapa-fapaneng. Litšoantšo le lipapiso, ke lithuso tse atlehang. U ka hapa thahasello ea mocha ka tlaleho e thabisang e ho khaolo 44, “Ho Khutsisa Sefefo se Tšosang.” Motho ea kulang ’meleng kapa ea nang le boloetse ka sebele o tla tšelisoa ke khaolo 57, “Kutloelo-bohloko ho ba Saretsoeng.” Khaolo 90, “Tšepo ea Tsoho,” e lokela ho ipiletsa ho motho leha e le ofe ea kileng a siama ka baka la ho shoeloa ke motho eo a mo ratang. Puisano ka maemo a lefatše a bakang ho tsieleha e ka lebisa ho khaolo 111, “Pontšo ea Mehla ea Qetello.”

4 E le hore re atlehe tšebeletsong, ho hlokahala hore re bontše thahasello ea sebele ea botho. (Ba-Fil. 2:4) Leka ho tsepamisa puisano sehloohong sa ’Muso se amang motho le litlhoko tsa hae. Leka ho utloisisa seo motho a se nahanang ka ho mo etsa hore a itlhalose ka ho sebelisa lipotso tse tobileng. Mamela likarabelo tsa hae ka hloko. Litlhaloso tsa hae li ka u thusa hore u lemohe hore na o tla thahasella taba efe. Re batla ho thusa batho hore ba hlokomele bohlokoa ba molaetsa oa ’Muso le ho ba bontša kamoo ba ka ithutang ho eketsehileng ka ’ona. Banyalani ba bang ba ile ba hlalosa hore ba lumetse ho ba le thuto ea Bibele hobane moena ea ileng a ba etela a ile a ba bontša thahasello ea sebele ea botho.

5 Tšimong e Sebetsoang Khafetsa: Ho hlaolela katleho ho bohlokoa ka ho khethehileng tšimong e sebetsoang khafetsa. Tšebeletso e atlehileng haholoanyane e re thusa hore re atolose tšimo ea rōna. (wSU88 7/15 maq. 15-20) Ho e-na le ho iketsa eka ha re e-s’o ka re tla lehaeng leo, re ka hopola boikutlo ba mong’a ntlo ba nakong e fetileng ’me ra bo sebelisa molemong oa rōna. Re ka bua ka ketelo ea rōna ea nako e fetileng ebe re haha ho seo ho ileng ha buisanoa ka sona ka nako eo. Linehelano tse hlahisitsoeng litokollong tse fetileng tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso le bukeng ea Ho Bea Mabaka li ka etsoa hore li lokele litlhoko tsa tšimo.

6 Ka mamello Jehova o sa butse monyako bakeng sa hore batho ba eketsehileng ba rue molemo mahlohonolong a ’Muso. Tšebeletso ea Jesu e ne e atleha ka baka la lerato la hae ho batho. (Mar. 6:34) Na re etsa sohle se matleng a rōna hore re latele mohlala oa hae? (1 Pet. 2:21) A re se keng ra qea-qea ho kopanela ka ho felletseng le ka katleho tšebeletsong ea ntlo le ntlo.—2 Tim. 4:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela