Aba Tsebo e Nepahetseng ka Jesu Kreste
1 Tšebeletsong ea rōna ea tšimo ka December, re tla buella buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. U tla re’ng ho qala puisano ea Bibele e nakong, hona u tla kenyeletsa khatiso ee e ntle joang?
2 Ho Nehelana ka Eona ho ba Bang: Tse ling tsa lintlha tse thahasellisang tseo re ka li buellang bukeng ee ke life? Khaolo 5 e phahamisa potso e loketseng bakeng sa nako ena ea selemo, “Tsoalo ea Jesu—Hokae Hona Neng?” U ka hapa thahasello ea mocha ka tlaleho e thabisang ea khaolo 44, “Ho Khutsisa Sefefo se Tšosang.” Motho ea kulang kapa ea sa pheleng hantle ka sebele o tla tšelisoa ke khaolo 57, “Kutloelo-bohloko ho ba Saretsoeng.” Khaolo 90, “Tšepo ea Tsoho,” e lokela ho ipiletsa ho motho leha e le ofe ea kileng a utloisoa bohloko ke ho lahleheloa ke motho eo a mo ratang. Ho buisana ka maemo a lefatše a bakang tsieleho ho ka lebisa ho khaolo 111, “Pontšo ea Mehla ea Qetello.”
3 Ka mor’a tumeliso e loketseng, u ka re:
◼ “Re botsa batho hore na ba ne ba ke ke ba lumela hore Jesu Kreste e ne e le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. [Emela karabo.] Ha e le hantle, banna ba bangata ba ’nile ba ama tsela eo litaba tsa batho li bileng ka eona, ’me ba bang ba bile le tlatsetso khatelo-peleng ea moloko oa batho, empa hlokomela hore na ke eng se khethollang Jesu Kreste ho ba bang bohle. [Bala Johanne 17:3.] Ha ho motho e mong ea nang le matla a ho fa batho bophelo bo sa feleng. [Phetla khaolo 111 bukeng ea Motho e Moholo.] Ha Jesu a le mona lefatšeng, o ile a hlalosa liketsahalo tse neng li tla etsahala pele ho bofelo ba lefatše lena. Empa o boetse a khothaletsa barutuoa ba hae hore ba nyakalle hobane liketsahalo tsena li ne li tla bolela hore topollo e ne e atametse.” Ka mor’a ho buisana hakhutšoaane ka tse ling tsa litšobotsi tsa pontšo ea ho ba teng ha Kreste, ’montše lintlha tse ling tse khōlō tsa buka. Nehelana ka buka ka monehelo oa R8,00.
4 Ka mor’a tumeliso, katamelo e ’ngoe e ka ba:
◼ “Ka December batho ba nahana ka Jesu ebile ba bua haholo ka eena. Ke ka litsela life re ka etsisang mohlala o behiloeng ke Jesu, motho e moholo ka ho fetisisa lefatšeng? [Emela karabo, ebe u lebisa tlhokomelo ho 1 Petrose 2:21.] O ile a ruta balateli ba hae hore ba rate baahisane ba bona, ba ipoloke ba hloekile boitšoarong, ’me ba rapelle hore ’Muso oa Molimo o tle. Poloko ea rōna e itšetlehile ka ho hlokomela le ho utloa Jesu e le Mopholosi oa rōna. [Bala Johanne 14:6.] Jesu e ne e se motho feela ea tloaelehileng. Buka ena e mo hlalosa e le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. Khaolo 59 e tiisa sena, e mo khetholla e le ‘Kreste, Mora oa Molimo o phelang.’ Kaha re itšetlehile ka eena bakeng sa poloko, na ha u ikutloe hore ho hlokahala hore re ithute kahohle kamoo re ka khonang ka mosebetsi oa hae le seo a se rutileng? Buka ena e lokisitsoe ka ho khetheha bakeng sa morero ona, ’me nka thabela ho u fa kopi ena ka monehelo oa R8,00.”
5 Rala Motheo Bakeng sa Ketelo e Latelang: Ha e le hantle, ebang re tsamaisitse buka Motho e Moholo, limakasine tse peli, pampitšana, kapa re bile le moqoqo o monate feela, re ka re: “Lekhetlong le hlahlamang ha ke tla, ke tla thabela ho abelana le uena taba e thahasellisang e mabapi le motse oo Jesu a tsoaletsoeng ho ’ona.” Tiisa hore u ngola ka hloko puisano eo le thahasello e bontšitsoeng.
6 ’Muso o fana ka tšepo feela ea sebele bakeng sa batho. E se eka re ka bontša takatso ea rōna e tiileng ea ho abelana le bohle bao re teanang le bona “tsebo e nepahetseng ea sephiri se halalelang sa Molimo, e leng, Kreste.”—Ba-Kol. 2:2, NW.