Molaetsa o Nakong
Joalokaha ho entsoe tsebiso tokollong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 1993, puo e khethehileng ea phatlalatsa bakeng sa nako ea Sehopotso selemong sena e tla fanoa liphuthehong tse ngata ka March 28. Molaetsa oa eona o nakong o na le sehlooho “‘Liketso tsa Molimo’—U li Talima Joang?” Ho lokela ho etsoa boiteko bo khethehileng ba ho mema batho bohle ba thahasellang. Ba bang teng ba ka khothaletsoa ho ba teng moketeng oa Sehopotso ka April 6.