Ho Qalisa Lithuto tsa Bibele ka Buka Phela ka ho sa Feleng
1 Ho rata batho ho lokela ho re susumelletsa ho khutlela hang-hang ho ea thusa ba lapetseng le ho nyoreloa ’nete. (Matt. 5:6) Re tlameha ho hlokomela le ho hlaolela tlhase leha e le efe ea thahasello eo re ka e fumanang haeba re sa batle hore e time. Tokiselletso ke senotlolo se isang katlehong.
2 Pakane ea rōna e lokela ho ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. (Matt. 28:20) Likopi tsa pele tsa buka Phela ka ho sa Feleng li ne li e-na le litlhaloso tsena tsa selelekela: “Ka sebele ena ke buka e ntle haholo bakeng sa ho e sebelisa ho ithuta le e mong le e mong, e monyenyane kapa e moholo, ho sa tsotellehe thuto ea bona ea sekolo.” E ngotsoe ka tsela e etsang hore ho be bonolo ho khanna lithuto, e leng ho nolofalletsang esita le bahoeletsi ba sa tsoa kopanela hore ba be le karolo. Katleho ea rōna ho qaliseng lithuto tse ncha e itšetlehile ka hore ebe rea atleha ho etseng maeto a ho boela.
3 Re ka Qalisa Lithuto Joang? Ha re khutlela, hangata ho molemo ho hokahanya puisano ea rōna le ntlha e itseng kapa potso e boletsoeng ketelong ea rōna ea pele. Mohlomong le buisane ka boemo ba bafu, ua siea potso, “Ho na le tšepo efe bakeng sa baratuoa ba rōna ba shoeleng?” Hlalosa hore tsoho hase tšepo e se nang mabaka; Bibele e tlaleha mehlala e mengata e etsahetseng ea ho tsosoa ha bafu. Hlahloba litšoantšo tse leng maqepheng a 167-9. Ebe u tšohla se boletsoeng lirapeng tsa 1 le 2 leqepheng la 166. Haeba ho bontšoa thahasello, bolela hore u tla khutla ’me u ntšetse puisano pele.
4 Mohlomong u buisane le motsoali ea bontšitseng kameho ka mathata a ntseng a eketseha a ho hōlisa bana. Mohlomong, ka mantsoe a hao, u ka bua mantsoe a kang ana:
◼ “Batsoali bohle ba batlela bana ba bona se molemohali. Bibele e na le taeo e ka thusang batsoali ho koetlisa bana ba bona hore ba fumane bophelo bo khotsofatsang bo nang le morero le sepheo. Ka lebaka leo, re khothalletsa ka matla hore malapa a ithute Bibele hammoho. [Bua ka serapa sa 23 leqepheng la 246.] Tsebo e fumanoeng e ka tlisetsa lelapa lohle litlhohonolofatso tse sa feleng.” Bala Johanne 17:3. Bolela boikemisetso ba hao ba ho khutla ho tla bontša lelapa kamoo le ka qalang thuto ea lona.
5 Haeba u mohoeletsi e mocha lilemong kapa ea sa tsoa kopanela ’me u buile ka bokhutšoanyane ka tšepo ea Paradeise ketelong ea pele, u phetlile buka leqepheng la 3, ka bonolo feela bua mantsoe a kang ana:
◼ “Bibele e tšepisa hore ba etsang thato ea Molimo ba ka lebella ho phela lefatšeng le tšoanang le lena, moo ho tla ba teng thabo le khotso. Buka ena e bontša seo re tlamehang ho se etsa e le hore re ka thabela tlhohonolofatso ena.” Ka bokhutšoanyane hlalosa mokhoa oo re ithutang ka oona, ’me u ithaopele ho ’montša hore na o etsoa joang.
6 Joaloka barutuoa ba Jesu, re na le boikarabelo ba ho thusa batho. (Ba-Roma 10:14) Haeba re tsamaisitse sengoliloeng kapa re bile le puisano e monate feela, re na le boikarabelo ba ho hlaolela thahasello. (Matt. 9:37, 38) Haeba re phetha kabelo ena hantle, bohle ba ka fumana litlhohonolofatso tse tla ba teng.—1 Tim. 4:16.