Batlang ’Muso oa Molimo Pele—Ka Hore Kamehla le Nyehele Mahlabelo a Thoriso
1 Ba batlang ’Muso pele kamehla ba hopola ho bua ka Jehova le ho bua ka ’Muso oa hae. (Pes. 145:11-13) Letsatsi le leng le le leng ho na le menyetla ea ho rorisa lebitso la hae le ho bua ka litaba tse molemo. (Pes. 96:2) Ho rorisa Jehova ho ne ho thabisa mopesaleme ea itseng: “Re ithorisa ka Molimo ka matsatsi ’ohle.” (Pes. 44:8) Haeba re ikutloa ka tsela e tšoanang, re tla laba-labela ho ba le karolo kamehla tšebeletsong ea ’Muso.
2 Jehova ha aa theha litekanyetso tse tobileng mabapi le hore na re lokela ho qeta nako e kae tšebeletsong, empa o re khothalletsa hore re mo rorise “ka mehla.” (Ba-Heb. 13:15) Haeba maemo a rōna a botho a lumela, re lokela ho iketsetsa pakane ea ho qeta nako e itseng re rorisa Jehova beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ba seng ba ntse ba etsa joalo ba ka khona ho lokisa litaba tsa bona hore ba sebeletse e le bo-pula-maliboho ba thusang nako le nako kapa esita le ka mokhoa o tsoelang pele. Ba bang ba ’nileng ba thabela tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang ba ka khona ho ngolisa e le bo-pula-maliboho ba kamehla.
3 Ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna a botho ke afe, na ho ka etsahala hore re eketse sehlabelo sa rōna sa thoriso? Cheseho e susumetsoa ke kananelo. Thuto ea botho ea Lentsoe la Molimo e etsa hore ho be le kananelo. Liboka tsa phutheho li re susumelletsa ho bontša kananelo ea rōna ka litsela tse sebetsang. Botsoalle bo haufi le barorisi ba bang ba chesehang bo ka ‘re isa mesebetsing e metle.’ (Ba-Heb. 10:24) Ka ho sebelisa ka botlalo litokisetso tse etsoang ke phutheho, re ka khona ho eketsa sehlabelo sa rōna sa thoriso.
4 Moprofeta oa mosali Anna o ile a beha mohlala o motle tšebeletsong ea Jehova. Le hoja a ne a le lilemo li 84, “o ne a sa tlohe tempeleng, empa o na a sebeletsa Molimo . . . bosiu le motšehare.” (Luka 2:37) Ho ameha ha hae ka moea oohle mesebetsing ea phutheho ho ile ha mo tlisetsa khotsofalo e khōlō ea botho. Tlaleho ea Bibele ea tšebeletso ea hae e tšepahalang ea re khothatsa kajeno.
5 Pauluse o ile a etsa tlhahiso ea hore ‘ba matla ba tšoanetse ho jara mefokolo ea ba fokolang.’ (Ba-Roma 15:1) Ho ka etsahala hore ebe ho na le ba bang phuthehong ea heno ba ka ruang molemo ka thuso ea hao e mosa le khothatso. Ho ba memela ho tsamaea le uena tšebeletsong ea tšimo e ka ’na ea e-ba sona feela se hlokahalang. Mohoeletsi a ka ’na a hloka sepalangoang kapa motho eo a tla sebetsa le eena. E mong a ka ’na a ba le bothata ba ho nyahama, ’me e ka ’na ea ba uena ea ka fanang ka tšehetso e hahang e hlokahalang ho tsosolosa cheseho ea motho eo bakeng sa tšebeletso ea ’Muso. (1 Ba-Thess. 5:14) Boikemisetso ba hao ho ‘siela bahalaleli ha ba hloka’ bo bonahatsa takatso ea hao e tebileng ea ho eketsa thoriso e eang lebitsong la Jehova.—Ba-Roma 12:13.
6 Re ke ke ra khona ho thathamisa lintho tsohle tseo Jehova a re etselitseng tsona le tseo e leng hona a tla re etsetsa tsona. Ha ho tsela eo re ka mo buseletsang bakeng sa litlhohonolofatso tsena. Ho na le mabaka a susumetsang hakaakang a hore ‘tse phefumolohang kaofela li rorise Jehova’!—Pes. 150:6.