Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/95 leq. 4
  • Ho Sebelisa Libuka tsa Rōna Hamolemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebelisa Libuka tsa Rōna Hamolemo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Sebelisa Libukana Tsee?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Bolela ka Temoho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Linehelano Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Tsela ea ho Tsamaisa Buka ea Seo Bibele e se Rutang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 1/95 leq. 4

Ho Sebelisa Libuka tsa Rōna Hamolemo

1 Jehova o re file lijo tse ngata tse enneng tsa moea. Boitsebiso bo bongata ba tsona bo bile ka sebōpeho sa libuka tse maqephe a 192. Ka January re tla be re fana ka e ’ngoe ea libuka tsena tse maqephe a 192, e leng, Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang? Haeba u se na likopi tsa buka ena lapeng, ka kōpo iphumanele tse ’maloa deskeng ea libuka. Ho ka ba molemo ho hlahloba lintlha tseo u ka li buellang nehelanong ea hao.

2 Ha u fana ka buka “Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?,” phetla Bibele ea hao ho Tšenolo 21:3, 4 ’me ha mong’a ntlo a bula monyako, u ka re:

◼ “U ne u ka rata joang ho phela lefatšeng leo ho ke keng ha hlola ho e-ba le lefu kapa masoabi? Ena ke tšepiso e tlalehiloeng bukeng ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo. Hlokomela se boleloang mona ho Tšenolo 21:3, 4. [Bala lengolo.] Na u nahana hore re tla ke re bone ho phethahatsoa ha mantsoe ana?” Emela karabo. Phetla leqepheng la 102 bukeng ea Khotso le Tšireletseho ’me u bale serapa sa 20. Totobatsa kamoo Taolo e Ncha ea Molimo e leng eona feela e tla felisa ho kula le lefu ’me e tlise khotso ea ’nete le tšireletseho. Tsebisa mong’a ntlo hore u ka thabela ho mo siela buka ka monehelo oa R3,50 le ho khutla ho ntšetsa puisano pele.

3 Katamelo ena ke e ’ngoe eo u ka e lekang:

◼ “E mong le e mong o rata ho phela lefatšeng le nang le khotso le tšireletseho. Ka masoabi, ha re e-so ho be le phihlelo e joalo nakong ea bophelo ba rōna. U nahana hore re hloka ho etsa eng hore khotso le tšireletseho e be tsa sebele? [Emela karabo.] Molimo o na le matla a ho tlisa khotso lefatšeng lena, ’me u tšepisitse hore u tla ho etsa.” Phetla setšoantšo se leqepheng la 98, ’me u bale Mikea 4:3, 4. Haeba ho na le karabelo e ntle, hlalosa ho eketsehileng ka tšepo ea ’Muso, fana ka buka, ’me u etse litokisetso tsa leeto la ho boela.

4 U ka ’na ua khetha ho sebelisa bukana e lekanang le makasine “Na Ruri Molimo oa re Tsotella?” Haeba ho joalo, u ka bolela sena:

◼ “Batho ba bangata ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola a mangata hakaale lefatšeng. Kaha a le matla ’ohle, ke hobane’ng ha a sa etse ho hong ho felisa matšoenyeho a rōna? U ikutloa joang ka taba ena? [Emela karabo.] Bibele e re tiisetsa hore Molimo ha aa re lahla.” Phetla leqepheng la 27, serapa sa 22, ’me u bale Pesaleme ea 37:11, 29. Supa setšoantšo se ipiletsang se bontšang seo re ka se lebellang. Haeba bukana e lekanang le makasine e amoheloa, ithaopele ho khutla le ho ’montša kamoo e sebelisoang kateng bakeng sa thuto ea Bibele.

5 Lingoliloeng tsa rōna li khothallelitse ba bangata ho hlahloba Bibele ka hloko haholoanyane. Seo ba ithutileng sona se ba tliselitse tšepo ea bokamoso bo thabileng. (Pes. 146:5) Ke tokelo ea rōna ho ba thusa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela