Pampitšana e Nakong ea Litaba Tsa ’Muso e Tla Abuoa Lefatšeng Lohle
1 Ka Sontaha sa la 23 April, ho tla fanoa ka puo e khethehileng ea phatlalatsa tlas’a sehlooho se hapang tlhokomelo se reng, “Bofelo ba Bolumeli ba Bohata bo Haufi.” Qetellong ea seboka letsatsing leo, ho tla lokolloa pampitšana e maqephe a mane e susumetsang motho ho nahana ka ho teba e bitsoang Litaba Tsa ’Muso. Molaetsa oa eona o nakong o tla abuoa lefatšeng lohle ka libeke tse tharo ho tloha ka la 24 April ho ea ho la 14 May.
2 Likarolong tsohle tsa lefatše, batho ba tsietsoe. Ho sa tsotellehe hore na ba phela hokae, ba hlasetsoe ke mathata. Pampitšana ea Litaba Tsa ’Muso e tla thahasellisa haholo ho ba amehileng ka tieo ke se etsahalang, kaha e tla ba lebisa Lentsoeng la Molimo joaloka mohloli o sa foseng ho tataisa motho. (Pes. 119:105) Bohle re lebeletse ho ba le kopi ea Litaba Tsa ’Muso ha e lokolloa ka la 23 April. Khabareng, ho na le ho hongata ho ka etsoang ho itokiselletsa phutuho ena e matla ea libeke tse tharo.
3 Khothaletsa Bohle ho Kopanela ka Cheseho: Ke bo-mang ba ka kopanelang mosebetsing oo? Ka sebele e mong le e mong eo e seng e ntse e le mohoeletsi o tla laba-labela ho etsa joalo! Ho thoe’ng ka liithuti tsa Bibele tse bang teng kamehla libokeng tsa phutheho? Ba bang ba ’nile ba kopanela le rōna ka nako e teletsana ’me ba etsa khatelo-pele e tiileng. Haeba ba entse hore bophelo ba bona bo lumellane le melao-motheo ea Mangolo, na baa tšoaneleha ho nkoa e le bahoeletsi ba ’Muso? Mohoeletsi ea khannang thuto ea Bibele a ka ’na a buisana le seithuti ka taba ena, ’me haeba seithuti se lakatsa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo, baholo ba babeli ba tla hlahloba le sona boitsebiso bo leng maqepheng a 98 le 99 bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna. Sena se lokela ho etsoa kapele kamoo ho ka khonehang e le hore ba tšoanelehang ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba ka kopanela ka botlalo phutuhong ena. Liithuti tsa Bibele tseo hona joale li e-song ho tšoanelehe ho nkoa e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang li ka ’na tsa khothaletsoa ho abelana pampitšana e nakong ea Litaba Tsa ’Muso le metsoalle kapa litho tsa lelapa.—Bona Molula-Qhooa oa November 15, 1988, leqepheng la 17, serapeng sa 8.
4 Mosebetsi ona ha o boima; e mong le e mong a ka ba le seabo. Batsoali ba ka kopanyeletsa ho ba le mananeo a ho ikoetlisa ka pampitšana ena ea Litaba Tsa ’Muso e le karolo ea thuto ea Bibele ea lelapa ea beke le beke e le hore litho tsohle tsa lelapa li ka lokela hantle ho nehelana ka eona ka ntlo le ntlo. Hangata nehelano e bonolo e molemohali. Ka mor’a kenyelletso e khutšoanyane, nehelana ka pampitšana ea Litaba Tsa ’Muso ho mong’a ntlo, ’me u mo khothaletse ho e bala. Ha beng ba matlo ba bontša thahasello, etsa tlaleho ea sena e le hore u ka khutlela ho ea hlaolela thahasello. (1 Ba-Kor. 3:6, 7) Senotlolo sa katleho ke ho etsa nehelano e bonolo, e lokiselitsoeng hantle.
5 Ho tla ba le ho “hongata hoo le ho etsang” ka April le May. Tokollong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea khoeli e tlang, ho tla fanoa ka boitsebiso bo eketsehileng ho kenyelletso e nang le sehlooho se reng “Ho Hongata Hoo le ho Etsang Mosebetsing oa Morena.”—1 Ba-Kor. 15:58, NW.