Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/95 leq. 1
  • Re Leboha Seo re Nang le Sona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Leboha Seo re Nang le Sona
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le Iponahatse le e-na Le Teboho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • “Le Iponahatse le le ba Lebohang”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10000
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Iponahatseng le le ba Lebohang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 4/95 leq. 1

Re Leboha Seo re Nang le Sona

1 “Moo Molimo o totisitseng lerato la oona ho rōna teng, ke ka hore, re sa le baetsalibe, Kreste o bile a shoa sebakeng sa rōna.” (Ba-Roma 5:8) Kaofela ha rōna re lokela ho leboha hakaakang sehlabelo se phahameng ka ho fetisisa se entsoeng ke Jehova Molimo le Mora oa hae molemong oa rōna! Ka mali a Kreste a tšolotsoeng, re fuoa monyetla oa bophelo bo sa feleng, e leng ntho eo ho seng motho ea ka re fang eona.

2 Re ka bontša kananelo ea rōna joang? Ho na le batho ba bangata ba nyoretsoeng tsebo ea ’nete, e ka fumanoang feela Lentsoeng le Halalelang la Molimo. Ke thato ea Jehova hore ba tsebe ’nete. (1 Tim. 2:4) Re bontša kananelo bakeng sa ’nete ka ho ‘bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.’ (Luka 4:43) Ho kopanela mosebetsing ona ka pelo eohle ho bontša hore re ananela hore Kreste o re shoetse le hore re batla ho mo etsisa ka hore ka botšepehi re utloe taelo ea hae ea ho etsa ba bang barutuoa.—Matt. 28:19, 20.

3 Re bulehetsoe ke litsela life tsa ho bolela? Na re ka khona ho ngolisa joaloka bo-pula-maliboho ba thusang nako le nako? Ka mor’a ho lekanyetsa litšenyehelo, ba bang ba ka ’na ba khona ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla. Ka ho sebelisa menyetla ena e metle hamolemo, re ka eketsa nako eo re e qetang re phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso. Mohlomong u ile ua nahanela ho ngolisa nakong e fetileng, empa ha ba le litšitiso. Mohlomong maemo a hao a fetohile. Haeba ho joalo, na u nahanne ka botebo ka ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho kapa ho sebeletsa u le pula-maliboho ea thusang?

4 Teboho ea rōna ea eketseha ha re sheba se etsahalang ho re potoloha. Ho na le pefo e ntseng e eketseha, lehloeo, le lintoa lefatšeng ka bophara. Pauluse o hlalosa linako tsa rōna hantle ha a re li “mahlonoko” ’me ho “thata ho sebetsana le tsona.” (2 Tim. 3:1, NW) Har’a maemo ana a sithabetsang, re na le litaba tse ngata tse molemo tseo re ka li abelang ba bang. Re na le limakasine tse peli tse ntle, Molula-Qhooa le Tsoha! Ka April re tla buella lipeeletso tsa makasine oa Molula-Qhooa. Moo batho ba hanang peeletso, re ka ba siela limakasine tse peli. Re boetse re na le libukana tse lekanang le makasine tse amang lihlooho tse ngata. Lingoliloeng tsena li ka tlisa khatholoho ea sebele ho ba li balang. Ho leboha seo re nang le sona ho lokela ho re susumelletsa ho li abela ba bang ka seatla se bulehileng.—Ba-Heb. 13:16.

5 Ho ka etsahala hore sebakeng seo u lulang ho sona, batho ba bontša thahasello e fokolang linthong tsa moea. Ho fapana le sena, ho na le masimo a behang litholoana. Ho fumanoa thahasello e ngata tšimong ea rōna ea batho ba batšo. Haeba u khona ho bua lipuo tse eketsehileng tsa batho ba batšo, na u ka khona ho sebeletsa sebakeng se seng naheng ena moo thuso ea hao e hlileng e hlokahalang? Molebeli oa hao oa potoloho a ka ba le litlhahiso tse ling litabeng tsena, kapa u ka ngolla ofisi ea lekala.

6 Ho na le mabaka a mangata a ho leboha seo re nang le sona, ka sebele matletse-tletse a lintho tse molemo. Re ka leboha Jehova hamolemo ka ho fetisisa ka ho tsebahatsa lebitso la hae le merero ea hae ho ba bang.—Esa. 12:4, 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela