Lenaneo le Lecha la Kopano ea Letsatsi le Khethehileng
1 Ke hobane’ng ha re lokela ho phatlalatsa litaba tse molemo re sa phetse? Litlhokahalo tsa ho ba ’moleli oa litaba tse molemo ke life? Ke joang ba lihlong kapa ba boi ba ka nkang khato ea pele ea ho abela ba bang litaba tse molemo? Lipotso tsena le tse ling tse susumetsang motho ho nahana ka ho teba li tla arajoa lenaneong la kopano ea letsatsi le khethehileng ho tloha ka September, ka sehlooho se reng “Basebeletsi ba Tšoanelehang ba Litaba Tse Molemo.”—Bapisa le 2 Ba-Korinthe 3:5.
2 Joaloka batho ba Jehova, re tlameha ho ba seli boitšoarong ba rōna. Bacha ba tlang ho pheta kamoo ba hanetseng khatello ea lithaka ba tla fana ka liphihlelo tse khothatsang. Batsoali ba tla fuoa khothatso e lerato mabapi le tlhokahalo ea ho koetlisa bana ba bona ho ba basebeletsi ba Molimo. Bohle re tla thusoa ho ananela tlhokahalo ea ho bolela le litlhohonolofatso tseo re tla li fumana ’me li be li fumanoe le ke ba re utloang.—1 Tim. 4:16.
3 Ka sebele kolobetso e tla ba ntlha e khōlō ea letsatsi. Pele ho ketsahalo ena, puo e thehiloeng Bibeleng e tla lebisoa ka ho toba ho batho ba sa tsoa inehela. Ka ho hlakileng, bohle ba leng teng ba tla batla ho mamela ka hloko ha ho tšohloa taba ea kolobetso ’me moelelo oa eona o hlakisoa. Leha e le ofe ea lakatsang ho kolobetsoa kopanong ea letsatsi le khethehileng o lokela ho tsebisa molebeli ea okamelang sena nako e telele esale pele e le hore a be le nako e lekaneng ea ho lokisetsa hore ho be le baholo ba tlang ho hlahloba lipotso tse lokiselitsoeng ba eang kolobetsong.
4 Ntlha e ’ngoe e khōlō e tla ba puo ea sehlooho e tla nehelanoa ke sebui sa moeti. E na le sehlooho se reng “Ho Tšoaneleha le ho Hlomelloa Joaloka Basebeletsi ba Molimo.” Ho tla tšohloa litokisetso tse ’nè tsa sehlooho tse re hlomellang joaloka basebeletsi, ’me puo e tla qetella ka liphihlelo tse hahang tumelo.
5 Lenane le ’nile la fokotseha la ba bang teng kopanong ea letsatsi le khethehileng lilemong tse seng kae tse fetileng, kahoo lokisetsa hona joale hore u be teng lenaneong lohle. Tiisa hore u mema batho ba thahasellang le liithuti tsa Bibele e le hore le bona ba ka rua molemo letsatsing lena la thuto ea puso ea Molimo. Ka tsela ena re tiisa hore re “tšoaneleha ka ho loketseng” joaloka basebeletsi ba litaba tse molemo.