Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/97 leq. 4
  • Ho Tšoanelehela le ho Itlhomella ho Ruta ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšoanelehela le ho Itlhomella ho Ruta ba Bang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsebo ea Molimo oa ’nete e Isa Bophelong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Tsebo e Tsoang ho Molimo e Araba Lipotso Tse Ngata
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • “Sena se Bolela Bophelo bo sa Feleng”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Ho Hasa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 1/97 leq. 4

Ho Tšoanelehela le ho Itlhomella ho Ruta ba Bang

1 Ha Moshe a ne a khethoa joaloka moemeli oa Jehova, o ile a ikutloa a sa tšoanelehe ho bolella Faro lentsoe la Molimo. (Ex. 4:10; 6:12) Jeremia o ile a bontša ho haelloa ke ho itšepa ho sebeletseng joaloka moprofeta oa Jehova, a bolella Molimo hore ha a tsebe ho bua. (Jer. 1:6) Ho sa tsotellehe ho se itšepe ha bona qalong, baprofeta bana ka bobeli ba ile ba ipaka e le lipaki tsa Jehova tse sebete. Molimo o ile a etsa hore ba tšoanelehe ka ho lekaneng.

2 Kajeno, ka thuso ea Jehova, re na le seo re se hlokang ho phetha tšebeletso ea rōna ka sebete. (2 Bakor. 3:4, 5; 2 Tim. 3:17) Joaloka molokisi oa makoloi ea tšoanelehang ea nang le sete e feletseng ea lisebelisoa, le rōna re hlomeletsoe ka ho loketseng ho phetha ka tsebo mosebetsi oo re o abetsoeng. Ka January re tla nehelana ka buka ea Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U ka li Fumana Joang? Le hoja sesebelisoa sena sa moea se se secha, lihlooho tsa sona tsa Mangolo li ntse li le nakong ’me li tla thusa batho ho ithuta ’nete. Linehelano tse latelang tseo ho entsoeng litlhahiso ka tsona li ka feto-fetoloa ho lumellana le maemo a atileng tšimong ea rōna.

3 Taba ea thuto e ka sebelisoa ho tsosa thahasello bakeng sa Lentsoe la Molimo. U ka qalisa moqoqo ka ho re:

◼ “Kajeno ho hatelloa bohlokoa ba thuto ea boleng bo phahameng. Ho latela maikutlo a hao, ke thuto ea mofuta ofe eo motho a lokelang ho e phehella bakeng sa ho fumana thabo e khōlō ka ho fetisisa le katleho bophelong? [Emela karabo.] Ba ithuisang tsebo ka Molimo ba ka fumana melemo ea ka ho sa feleng. [Bala Liproverbia 9:10, 11.] Buka ena e nyenyane e nang le sehlooho se reng Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U ka li Fumana Joang? e thehiloe Bibeleng. E bontša mohloli o le mong feela oa tsebo o ka lebisang khotsong ea ’nete le tšireletseho.” Joale bua ka serapa sa 8 leqepheng la 6 ho bontša hore Bibele e fana ka tsebo eo re e hlokang. Nehelana ka buka ka monehelo oa R4,00 ’me u etse tokisetso ea ho khutla.

4 Ha u khutlela ho mong’a ntlo eo u buisaneng le eena ka bohlokoa ba thuto ea Bibele, mohlomong u ka re:

◼ “Ketelong ea ka e fetileng, re buisane ka hore Bibele ke eona mohloli oa thuto e ka fanang ka tiiso ea bokamoso ba rōna ba ka ho sa feleng. Ha e le hantle, ho hloka boiteko ho ithuta seo ho hlokahalang hore re se tsebe ka Mangolong. [Bala Liproverbia 2:1-5.] Batho ba bangata ba thatafalloa ho utloisisa likarolo tse ling tsa Bibele. Ke rata ho u bontša ka bokhutšoanyane mokhoa oo re o sebelisitseng ka ho pharaletseng ho thusa batho ho ithuta haholoanyane ka lithuto tsa motheo tsa Bibele.” U sebelisa buka eo u e siileng, phetla karolo e loketseng ’me ka bokhutšoanyane u bontše kamoo ho khannoang thuto ea Bibele kateng. Haeba mong’a ntlo a rata ho ba le thuto ea kamehla, hlalosa hore u tla khutla u mo tšoaretse thuso ea rōna ea ho ithuta, Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.

5 Batho ba bangata ba khathatsoa ke mahlomola a bana ba lefatše ba limilione. Mohlomong u ka thusa mong’a ntlo ho bona kamoo Molimo a talimang tlokotsi ena kateng ka ho re:

◼ “Ha ho pelaelo hore u bone litlaleho tsa litaba tse mabapi le bana ba lapileng, ba kulang le ba hlokomolohiloeng ho pota lefatše. Ke hobane’ng ha mekhatlo e amehileng e hlōlehile ho ntlafatsa boemo? [Emela karabo.] Molimo o batla feela se leng molemo bakeng sa batho. Hlokomela seo a se tšepisang bana le batho ba baholo joalokaha se tlalehiloe ka Bibeleng. [Bala Tšenolo 21:4.] Buka ena e nang le sehlooho se reng Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U ka li Fumana Joang? e fana ka boitsebiso bo eketsehileng ka lefatše la Molimo moo bohloko bo tla fela.” Phetla setšoantšo sa Paradeise se leqepheng la 98 ’me u bue ka sona. Nehelana ka buka ka monehelo oa R4,00 ’me u lokisetse leeto le leng.

6 Haeba pele u ne u buile ka mahlomola a bana, leetong le latelang mohlomong u ka ntšetsa puisano pele ka ho re:

◼ “Haufinyane ha ke ne ke le mona, u boletse ka kameho ka mahlomola a bana ba utloang bohloko ka lebaka la malapa a qhalaneng, tlala, ho kula le pefo. Ke ho tšelisang ho bala ka Bibeleng ka lefatše leo ho lona bana kapa batho ba baholo ba ke keng ba kula, ba utloa bohloko kapa ho shoa. Boprofeta bo bukeng ea Esaia bo hlalosa bophelo bo molemo haholoanyane bo tla tla lefatšeng.” Bala le ho tšohla Esaia 65:20-25. Isa taba moo e tla lebisa thutong ea Bibele ka buka ea Tsebo.

7 Kaha taba ea tšireletseho ea botho e likelellong tsa batho ba bangata ka lebaka la keketseho ea tlōlo ea molao, u ka qalisa puisano sehloohong sena ka ho re:

◼ “Re buisana le baahisani ba rōna mabapi le tšireletseho ea botho. Re pota-potiloe ke tlōlo e ngata ea molao, ’me e ama bophelo ba rōna. Tharollo ke efe? Na u nahana hore ho na le motho ea ka felisang mathata aa lefatšeng?” Emela karabo. Ho itšetlehile ka karabelo u ka tsoela pele ka ho re: “Ho thoe’ng haeba ’musi a ne a e-na le litšobotsi tse tšoanang le tse boletsoeng mona ho Esaia 9:6, 7? [E bale.] Na ha u nahane hore sena se tla lebisa lefatšeng le sireletsehileng haholoanyane?” Totobatsa lintlha tse bontšang hore lengolo lena le bua ka Jesu Kreste. “Buka ena e nang le sehlooho se reng Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U ka li Fumana Joang? ka ho hlakileng e bua ka tšepo feela ea rōna bakeng sa tšireletseho le polokeho le kamoo ‘Morena oa Khotso’ a tla tlisa khotso lefatšeng ka bophara mehleng ea rōna. Na u ka rata ho ithuta ho eketsehileng ka lefatše leo le lecha le tšepisitsoeng?” Nehelana ka buka ka monehelo oa R4,00.

8 Ha u latella puisano ea nakong e fetileng e mabapi le tšireletseho ea botho, u ka leka katamelo e latelang:

◼ “Ke ile ka thabela puisano ea rōna mabapi le tšireletseho ea botho. Joalokaha re ile ra buisana, Jesu ke eena feela ’musi ea ka tlisang tšireletseho ea ka ho sa feleng lefatšeng. U tla thahasella ho utloa lintho tse ling tseo a tlang ho li finyella molemong oa batho nakong ea puso ea hae.” Bala le ho tšohla serapa sa 20 leqepheng la 42 bukeng ea Tsebo, ’me u botse haeba u ka mo bontša kamoo ho ka ithutoang Bibele ka thuso ea buka ena.

9 Tabeng ea ho nehelana ka tsebo ea Molimo ho ba bang, re ka botsa, “Ke mang ea tšoanelehang ka ho lekaneng bakeng sa lintho tsee?” Mangolo aa arabela: “Ke rōna.”—2 Bakor. 2:16, 17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela