Ho Thusa Malapa ho Fumana Bokamoso bo Sireletsehileng ba ka ho sa Feleng
1 Ralichelete e mong o ile a bolella sehlopha sa koleche se neng se abeloa mangolo: “Meharo ea thusa,” ’me a phaella: “U ka ba meharo empa ua ’na ua ikutloa u e-na le seriti.” Eo ke tsela eo ka eona lefatše le ntšetsang pele boithati e le tsela ea ho tiisa bokamoso bo sireletsehileng ba motho. Ka ho fapaneng, Jesu o ile a ruta hore Mokreste o lokela ho ‘itatola . . . etsoe molemo e tla ba ofe ho motho haeba a rua lefatše lohle empa a lahleheloa ke soule ea hae?’ (Mat. 16:24-26) Hore motho a fumane bokamoso bo sireletsehileng ba ka ho sa feleng, bophelo ba hae bohle bo lokela ho likoloha ho etseng thato ea Molimo—e leng pakane ea bohlokoa ka ho fetisisa ea malapa kajeno. (Pes. 143:10; 1 Tim. 4:8) Molaetsa oo o fetisoa khaolong ea ho qetela ea buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Buka ena e ncha e thusa batho ho bona seo e leng sa bohlokoa e le kannete bophelong le kamoo ba ka itšoarang ka tsela e ruisang ba malapa a bona molemo kateng. Ha re ntse re tsoela pele ho bolela litaba tse molemo hohle, ke’ng seo re ka se buang se tla khothalletsa bao re kopanang le bona ho bala buka ea Thabo ea Lelapa? Litlhahiso tse ’maloa ke tsena:
2 Ka ntlo le ntlo le seterateng, u ka leka ho sebelisa pampitšana “Thabela Bophelo ba Lelapa” ho qalisa lipuisano. U ka ’na ua botsa: ◼ “Ka lebaka la matšoenyeho ’ohle ao bophelo ba mehleng ea kajeno bo re tlisetsang ’ona, na u ikutloa hore ho ka khoneha ho ba le bophelo bo thabileng ba lelapa e le kannete? [Emela karabo.] Pampitšana ena e re tiisetsa hore ho ka khoneha. Na u ka rata ho e bala?” Haeba e amoheloa, u ka tsoela pele ka ho re: “Kaha u thahasella taba ena, mohlomong u ka boela ua thabela buka ena e fanang ka makolopetso ’ohle mabapi le ho fumana thabo lapeng.” Mo bontše lethathamo la tse ka hare bukeng ea Thabo ea Lelapa. Mo bontše lihlooho tsa likhaolo tse ’maloa tse hapang tlhokomelo. Phetla leqepheng la 10, ’me u bale ho tloha polelong ea ho qetela serapeng sa 17 ho fihlela qetellong ea serapa sa 18. Nehelana ka buka ka monehelo oa R4,00. Hlalosa hore u na le ho hongata hoo u ka ho abelanang le eena ’me u botse hore na u ka khutla neng hape.
3 U ka ntšetsa pele puisano ea lōna ea pele ka bophelo bo thabileng ba lelapa ka ho re:
◼ “Ho na le ntho eo ke ratang ho u bontša eona bukeng eo u ileng ua e fumana eo ke nahanang hore u tla e ananela. Khaolo ea ho qetela e bontša lekunutu la sebele la thabo ea lelapa. [Bala serapa sa 2 leqepheng la 183.] Hlokomela hore ho sebetsa hammoho ho etsa thato ea Molimo ke sona senotlolo. Re khothalletsa malapa ho ithuta Bibele hammoho le ho ithuta seo e leng thato ea Molimo le kamoo e ka sebelisoang kateng lelapeng. Re fana ka thuto e sa lefelloeng ea Bibele e nkang likhoeli tse seng kae ho e qeta. Haeba u ntumella, ke tla u bontša kamoo e tsamaisoang kateng.” Khutlela teng u nkile bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa buka ea Tsebo, kapa leha e le efe ho tsona e loketseng.
4 Ha u buisana le liithuti-’moho sekolong kapa bacha ba leng tšimong; mohlomong u ka fumana karabo ea potso ena:
◼ “Ke habohlokoa hakae hore batsoali le bana ba bona ba boloke mecha ea puisano e bulehile? [Emela karabo.] Hlokomela seo buka ena e mabapi le bophelo ba lelapa e se bolelang ka taba ea ‘Puisano e Etsoang ka Botšepehi le ka Bolokolohi.’ [Bala serapa sohle sa 4 le polelo ea pele serapeng sa 5 leqepheng la 65 bukeng ea Thabo ea Lelapa.] Lirapa tse latelang li fana ka litlhahiso tse sebetsang tsa kamoo ho ka ntlafatsoang puisano kateng lapeng. Buka ena e na le sehlooho Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Haeba u lakatsa ho e bala, u ka iphumanela kopi ena ka monehelo oa R4,00.” Hlalosa hore u tla khutla hamorao ho tla utloa litlhaloso tsa hae mabapi le seo a se balileng.
5 U ka haha holim’a puisano ea hao ea pele le mocha mabapi le puisano mahareng a motsoali le ngoana ka ho re:
◼ “Ke ile ka ananela thahasello eo u ileng ua e bontša mabapi le bohlokoa ba ho ba le puisano e molemo lapeng la hao. U ka re ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo batsoali le bana ba lokelang ho buisana ka eona ke efe?” Emela karabo. Joale phetla leqepheng la 68 bukeng ea Thabo ea Lelapa ’me u bale karabo e fumanoang karolong e qalang ea serapa sa 11 ho isa bohareng ba sona. “Ho ba le thuto ea beke le beke ea Bibele ke tsela e babatsehang ea ho fumana tsebo ka Molimo.” Nehelana ka bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Hlalosa hore lithuto tsa eona tse 16 li fana ka kemiso ea motheo ea molaetsa oa Bibele. Bala selelekela leqepheng la 2 ’me le buisane ka thuto ea pele hammoho. Nehelana ka bukana ka monehelo oa R1,20.
6 Haeba u kopana le motsoali mosebetsing oa ntlo le ntlo, kapa mohlomong serapeng sa boikhathollo kapa setsing sa mabenkele, u ka tsosa thahasello ka ho re:
◼ “Ke kholoa hore u tla lumela hore ho hōlisa bana kajeno ke phephetso ea sebele. U nahana hore ke eng se ka sireletsang lelapa la hao litšusumetsong tse senyang? [Emela karabo.] Keletso e babatsehang eo ke ileng ka e ananela ke ena.” Pheta papiso e leng serapeng sa 1 ’me u bale serapa sa 2 leqepheng la 90 bukeng ea Thabo ea Lelapa. Hlalosa kamoo e fanang ka tataiso e leka-lekaneng kateng e hlileng e sebetsang ho sireletsa malapa litšusumetsong tse senyang. Nehelana ka buka ka monehelo oa R4,00 ’me u iketse ea fumanehang bakeng sa ho araba lipotso leha e le life tse hlahang.
7 Ketelong ea hao ea bobeli ho motsoali ea ileng a amohela buka ea “Thabo ea Lelapa,” u ka ntšetsa puisano pele ka tsela ena:
◼ “Ha re ne re kopana ka lekhetlo la pele, ke ile ka hlokomela hore ka sebele u tsotella bana ba hao le hore u batla ho etsa sohle se matleng a hao ho ba sireletsa litšusumetsong tse mpe. Mohlomong ha u e-s’o e bale, empa ho na le taba ea bohlokoa haholo eo ke e hlokometseng bukeng eo ke u sietseng eona eo u lokelang ho e bona. [Bala serapa sa 19 leqepheng la 59.] Ho hōlisa kamano le Molimo ho hloka hore re mo tsebe ka ho bala Lentsoe la hae le ngotsoeng, Bibele. Na u ka rata ha ke u bontša kamoo re ithutang Bibele kateng joaloka lelapa?”
8 Baeletsi ba lefatše ba ke ke ba bontša malapa tsela e isang thabong empa ka sebele ba tla a tlohela masoabing. A re abeng buka ea Thabo ea Lelapa ka ho pharaletseng e le hore hohle batho ba ka thusoa ke Lentsoe la Molimo ho fumana bokamoso bo sireletsehileng ba ka ho sa feleng.—1 Tim. 6:19.