Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/97 leq. 4
  • Ho Abela ba Bang Lekunutu la Thabo ea Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Abela ba Bang Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thusa Malapa ho Fumana Bokamoso bo Sireletsehileng ba ka ho sa Feleng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Nehelana ka Buka ea Thabo ea Lelapa ho Batho ba Lilemo Tsohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Na ho na le Lekunutu la Thabo ea Lelapa?
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Linehelano Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 9/97 leq. 4

Ho Abela ba Bang Lekunutu la Thabo ea Lelapa

1 Lelapa ke karolo ea motheo ea mokhatlo oa batho, ’me lelapa le tsoala metsana, metse e meholo, liprofinse le lichaba tse feletseng. Kajeno, malapa a imetsoe ho feta leha e le neng pele. Ho na le litšusumetso tse matla tse sebeletsang tšokelo ea ho felisa bophelo ba lelapa. Re leboha hakaakang hore ebe Jehova, Moetsi oa tokisetso ea lelapa, o lokiselitse hore re fuoe litaelo e le hore re ka finyella thabo ea lelapa! Ba latelang tataiso ea hae ba fumana hore mathata aa fokotseha ’me sena se fella ka malapa a momahaneng. Ka September re na le tokelo ea ho abela ba bang buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Nka bohato ba ho atamela batho ka taba ea bophelo ba lelapa. E-ba le botsoalle, maikutlo a matle le temoho. Ebe u ka re’ng?

2 U ka qala ka ho botsa potso e kang ena:

◼ “Na u hlokometse hore malapa a mangata a thatafalloa ke ho mamella likhatello tsa bophelo? [Emela karabelo.] Litlaleho li bontša hore batho ba bangata ba na le mathata ka malapeng. U lumela hore malapa a ka thusoa ke eng hore a tsitse haholoanyane a be a thabe? [Emela karabelo.] Kaha Molimo ke eena ea thehileng tokisetso ea lelapa, na e ke ke ea e-ba ho utloahalang ho hlahloba tataiso eo a faneng ka eona? [Bala 2 Timothea 3:16, 17.] Taeo e molemo joalo e akarelitsoe bukeng ena ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa.” Ebe joale u botsa motho eo hore na o nahana hore ke bothata bofe bo atileng ka malapeng, u mo bontše khaolo e buang ka bothata boo, ’me u nehelane ka buka ka R4,00.

3 Leetong la ho boela, u ka ntšetsa pele pakane ea ho qalisa thuto ea Bibele ka ho re:

◼ “Ke nahanne ka seo u ileng ua se bua ka taba ea bophelo ba lelapa, ’me ke u tliselitse ntho e ’ngoe eo ke nahanang hore u tla e thabela. [Mo bontše bukana ea Seo a se Hlokang, phetla leqepheng la 16, ’me u bale lipotso tse tšeletseng tse holimo leqepheng.] Ho hlakile hore e mong le e mong ka lapeng o lokela ho phetha karolo ea hae hore a kenye letsoho thabong ea lelapa. Haeba u na le metsotso e seng mekae feela, ke tla u bontša hore na u ka fumana molemo o moholohali joang boitsebisong bona.” Ebe u qalisa thuto ea 8.

4 Tsela e ’ngoe ea ho qalisa puisano ke ka ho bolela bothata, mohlomong ka ho re:

◼ “Le hoja motho e mong le e mong a batla ho ikutloa a khotsofetse ’me a sa belaele, ho bonahala eka malapa a mangata a hlōlehile tabeng ena. Ebe u nahana hore ke eng e ka a thusang hore a fumane thabo ea ’nete? [Emela karabelo.] Khale Bibele e ile ea senola hore na re ne re tla bona mathata a mofuta ofe kajeno ka malapeng. [Bala 2 Timothea 3:1-3.] Leha ho le joalo, Bibele e boetse e bolella malapa hore na a etse joang e le hore a rarolle mathata ana le ho fumana thabo e sa feleng. Melao-motheo ea eona e ngotsoe bukeng ena ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa.” Ebe u mo bontša lebokose la tlhahlobo le qetellong ea khaolo e loketseng, le bale ’me u nehelane ka buka ka monehelo oa R4,00.

5 Ha u boela, qalisa thuto ka ho sebelisa bukana ea “Seo a se Hlokang.” U ka re:

◼ “Ke ile ka khahloa ke ha u ithaopela ho hlahloba melao-motheo ea Bibele e sebetsang bophelong ba lelapa. Phihlelo e bontšitse hore litholoana tse molemohali li finyelloa ha ho lateloa keletso e sebetsang e fumanoang ka Bibeleng. Tlhaloso e bonolo ea hore na ke hobane’ng ha ho le joalo, ke ena.” Bala serapa sa pele sa thuto ea 1 bukaneng ea Seo a se Hlokang, akarelletsa Pesaleme ea 1:1-3 kapa Esaia 48:17, 18. Ha ho lumelleha, hlahlobang karolo e saletseng ea thuto ena. Bolela hore u ka rata ho khutla ho tla ithuta thuto e latelang le eena.

6 Ho Sebelisa Lingoliloeng Tsohle Tsa Rōna Hamolemo: Lingoliloeng tsohle tsa rōna li na le boitsebiso bo molemo bakeng sa ho thusa batho hore ba ithute ’nete. Ka lebaka lena, Mokhatlo o theotse theko ea lingoliloeng tse ’maloa tsa khale ka boiteko ba hore li finyelle matsohong a batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Liphuthehong tsohle ho romeletsoe lethathamo la lingoliloeng le lipuo tseo li fumanehang ka tsona. Khoeli ea September le ea October li bula monyetla o babatsehang oa ho fana ka lingoliloeng tsena tšimong e sa abuoang le e sa sebetsoeng kamehla. Sehlopha se Busang le sona se fane ka tumello ea ho fana ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka lipuo tse hlano tsa koano, ka monehelo o theotsoeng oa R4,00. U ka etsa joang hore u kenyelletse Mangolo a Segerike a Bakreste ha u nehelana ka buka ea Thabo ea Lelapa?

7 Ha u bua le batho ba buang Seafrikanse, Sesotho, Setswana, Sexhosa, kapa Sezulu, fana ka buka hammoho le Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R8,00. Ba bangata ha ba tsebe “Mangolo a Segerike,” kahoo u ka sebelisa poleloana “Testamente e Ncha.” Totobatsa molemo oo Phetolelo ea Lefatše le Lecha e nang le oona. U ka ’na ua qoolla se seng sa lihlooho karolong ea “Lihlooho Tsa Bibele Tsa Puisano” ebe u se matahanya le se bukeng ea Thabo ea Lelapa. Kapa u ka ’na ua mo bontša molemo oa tlhahlamano ea mantsoe a Bibele ka ho mo supisa hore na e nolofalletsa ’mali ho fumana litemana tse tloaelehileng joang. Mangolo a Segerike a Bakreste a ka boetse a fanoa le buka e le ’ngoe kapa tse peli tsa R1,00 tse fellang ka pokothong.

8 A re ikitlaetseng ka hohle kamoo re ka khonang kateng hore re abele ba bang lekunutu le isang thabong ea lelapa—re ntse re latela litaelo tse ngotsoeng ka Lentsoeng la Molimo.—Pes. 19:7-10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela