Ho Khanna Lithuto Tsa Lehae Tsa Bibele Tse Hatelang Pele
1 Ke eng se tšoanang mahareng a mooki oa Tanzania, mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 oa Argentina, le ’mè oa Latvia? Buka ea Selemo ea 1997 (maq. 8, 46 le 56) e tlaleha hore batho bana ba bararo kaofela ba ile ba hatela pele ka sekhahla lithutong tsa bona tsa lehae tsa Bibele ka lebaka la boikemisetso ba bona ba ho tšoareloa thuto ka makhetlo a fetang le le leng beke le beke ka buka ea Tsebo. Ho entsoe tlhahiso ea hore neng kapa neng moo ho khonehang, bahoeletsi ba etse boiteko ba ho tšohla khaolo e le ’ngoe ea buka lekhetlo ka leng ha ho tšoaroa thuto. Leha ho le joalo, ba bang ba fumane sena e le phephetso. Le hoja ho hongata ho tla itšetleha ka maemo le bokhoni ba seithuti ka seng, matichere a nang le phihlelo a fumane katleho ka ho sebelisa litlhahiso tse latelang.
2 Joalokaha ho bontšitsoe kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996, ho hlokahala hore u koetlise liithuti tsa hao hore li lokisetse thuto. Qalong feela, ho tla ba molemo ho li hlalosetsa le ho li bontša kamoo sena se etsoang kateng. Li bontše kopi ea hao ea buka ea Tsebo. Lokisetsang thuto ea pele hammoho. Thusa liithuti ho fumana mantsoe a sehlooho kapa lipoleloana tse arabelang potso e hatisitsoeng ka ho toba ebe li li thalla mola. Bahoeletsi ba bang ba bile ba nehile liithuti tsa bona ntho ea ho tšoaea kapa pene e takang ka ’mala o hlakileng. Li khothalletse ho sheba mangolo ’ohle ha li ntse li lokisetsa thuto. Ka ho etsa joalo, u tla be u boetse u li koetlisetsa ho lokisetsa ho ba teng Thutong ea Buka ea Phutheho le Thutong ea Molula-Qhooa.—Luka 6:40.
3 Tichere e molemo e tla etsa hore seithuti se bue ka bolokolohi eseng hore e be eona e buang haholo. E qoba ho khelosoa ke lintlha tse fokolang. Ke ka seoelo e kenyelletsang boitsebiso bo ka thōko. Ho e-na le hoo, e totobatsa lintlha tsa sehlooho tsa thuto. Ba bang ba ile ba neha liithuti lingoliloeng tse eketsehileng ho li thusa ho fumana likarabo tsa lipotso. Ho feta moo, ba thahasellang ba tla fumana boitsebiso bo bong bo qaqileng ka ho tla libokeng tsa phutheho.
4 Mohlomong ho ka ’na ha se hlokahale hore ho phetloe mangolo ’ohle a bontšitsoeng thutong. Tse ling tsa lintlha tsa sehlooho li ka hlalosoa mangolong a qotsitsoeng serapeng. Nakong ea tlhahlobo, hatella mangolo a sehlooho a ileng a tšohloa le ho khothalletsa seithuti hore se a hopole.
5 Thuto ka ’Ngoe e Lokela ho Nka Nako e Kae?: Ha ho hlokahale hore thuto e lekanyetsoe ho hora e le ’ngoe. Beng ba matlo ba bang ba na le nako e ngata ’me ba ka lakatsa ho ithuta ka nako e teletsana. Kapa mohlomong seithuti se ka lakatsa ho ithuta ka makhetlo a fetang le le leng ka beke. Sena se ka ba molemo ho ba ka khonang ho etsa joalo.
6 Joalokaha Esaia 60:8 e bontša, kajeno barorisi ba bacha ba Jehova ba likete tse makholo ‘ba fofa joalo ka maru le joalo ka maeba a rurelang matlung a ’ona’ liphuthehong tsa batho ba hae. E se eka kaofela re ka phetha karolo ea rōna ka ho sebetsa haufi-ufi le Jehova ha a ntse a potlakisa mosebetsi oa ho bokella batho ba kang linku.—Esa. 60:22.