Thabela ho Fana ka Bopaki bo Phethahetseng
1 Kaofela ha rōna re thabela ho etsa lintho tseo re li etsang hantle. Mareka 7:37 e bolela hore matšoele a ile a phatlalatsa sena mabapi le Jesu: “o entse lintho tsohle hantle.” Ha ho makatse hore Jesu o ne a thabela ho etsa thato ea Jehova! (Bapisa le Pesaleme ea 40:8.) Ka ho nahanisisa ka litlhahiso tse latelang, le rōna ka ho tšoanang re tla fumana thabo ha re mamela taelo ea Jesu ea ho ‘bolella batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng.’ (Lik. 10:42) Ka January re nehelana ka buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela kapa ea Moloko oa Batho o Batla Molimo. Re ka sebelisa likhatiso tsee joang ho fana ka bopaki bo phethahetseng?
2 Kaha hangata batho ba amehile ka hore ba se ke ba kula, u ka bua se latelang:
◼ “Ho sa tsotellehe se finyeletsoeng lefapheng la tsa meriana, ho na le mahlomola a mangata ka lebaka la ho kula. Ka pono ea hao, ke hobane’ng ha ho le tjee? [Emela karabelo.] Jesu Kreste o boletse hore mafu a seoa e ne e tla ba tšobotsi ea matsatsi a ho qetela. [Luka 21:11] Leha ho le joalo, Bibele e boetse e hlalosa nako eo ka eona ho kula ho ke keng ha hlola ho e-ba teng. [Bala Esaia 33:24.] Hlokomela kamoo buka ena e fanang ka tšepo kateng thutong eo ea Bibele ea motheo.” Totobatsa litlhaloso tse loketseng Thutong ea 46 kapa ea 57 le ho nehelana ka buka ka monehelo oa R12,00.
3 Bopaking bo sa reroang haufi le mabenkele, u ka lumelisa ebe joale u re:
◼ “Na ho uena ho bonahala eka theko ea lintho e ntse e nyoloha haholo matsatsing aa hoo ho leng thata ho fumana litlhoko tsa bophelo? [Emela karabelo.] Na u nahana hore ho tla ke ho tle nako eo ka eona ho tlang ho ba le botsitso ba sebele ba moruo?” Emela karabelo. Joale totobatsa Thuto ea 52, “Jesu o Fepa Likete ka Mohlolo,” ’me u lebise tlhokomelo setšoantšong le likarolong tse loketseng. Nehelana ka buka ka R12,00. U ka bolela kamoo u thabetseng moqoqo ’me joale u botse: “Na ho na le tsela leha e le efe eo ka eona re ka ntšetsang moqoqo ona pele nakong e ’ngoe?” Ka tsela ena u ka ’na ua fumana linomoro tsa motho eo tsa thelefono kapa aterese ea lapeng.
4 Mohlomong u ka ba le monyetla oa ho leka nehelano ena ha u buisana le motsoali kapa mocha:
◼ “Bacha ba bangata ba batla mehlala eo ba ka e etsisang, empa ho thata ho fumana e metle. Jesu Kreste o behile mohlala o phethahetseng bakeng sa motho e mong le e mong. [Bala 1 Petrose 2:21.] Bophelo ba hae bohle bo ne bo likoloha borapeling ba Ntate oa hae oa leholimo. U nahana hore ho ne ho tla ba joang haeba batho ba eketsehileng ba ne ba ka leka ho mo etsisa?” Emela karabo. Bua ka serapa sa 3 leqepheng la buka le etellang la ho qetela pele, le hlalosang litšobotsi tsa hae tse khethehileng. Hlalosa kamoo buka ea Motho e Moholo e ka re thusang kaofela ho ba Bakreste ba molemo haholoanyane. Nehelana ka buka ka monehelo oa R12,00 le ho etsa litokisetso tse tiileng tsa ho khutla.
5 Ha u khutlela ho ba bontšang thahasello, u ka leka ho qalisa thuto ea Bibele ka ho feto-fetola katamelo ena:
◼ “Nakong e fetileng ha re ne re buisana, ho na le ntho ea bohlokoa eo u ileng ua e hlokomela. [Bua ka tlhaloso ea motho eo.] Ke ’nile ka nahana ka seo, ’me ke rata ho arolelana le uena seo ke se fumaneng phuputsong eo ke ileng ka e etsa ka taba ena. [Mo bontše lengolo le loketseng.] Re ithaopela ho khannela batho thuto e sa lefelloeng e nolofalelitseng batho ba limilione ho hlahloba lithuto tsa motheo tsa Bibele ka nako e khutšoanyane. Tlhahlobo e joalo e haha tšepo ea hao bonneteng ba ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo.” Totobatsa tse ling tsa lipotso tse tlang ho arabeloa. Haeba motho eo a hana thuto ea Bibele, mo hlalosetse hore re boetse re na le thuto e khethehileng e khutšoanyane e nkang feela metsotso e 15 ka beke ka nako ea libeke tse 16. Mo bontše bukana ea Seo a se Hlokang, phetla thutong ea 1, ’me u botse haeba u ka mo bontša kamoo thuto ea pele e tšoaroang kateng.
6 Hopola ho Sebelisa Limemo: Li ka sebelisoa hamolemo kenyelletsong ea hao ho tsosa thahasello litabeng tsa moea, kapa li ka siuoa haeba mpho ea buka e hanoa. Moo ho nang le thahasello, sebelisa molaetsa o hatisitsoeng karolong e ka morao ea sememo ho khothalletsa motho eo ho amohela thuto ea lehae ea Bibele le ho tla libokeng tsa rōna.
7 Tseba mosebetsi oa hao, ’me u tla o thabela. Falimehela ho nehelana ka bopaki bo phethahetseng, ’me u thabele ho phetha litšobotsi tsohle tsa tšebeletso hantle.—1 Tim. 4:16.