Ke Batla Thuto ea Bibele!
1 Boholo ba rōna re bontšitse takatso ea ho ba le thuto ea Bibele, ’me e le ka lebaka le letle. Mosebetsing oa lithuto tsa Bibele ke hona moo re finyellang pakane ea rōna ea ho etsa barutuoa ba bacha. (Mat. 28:19, 20) Leha ho le joalo, boholo ba rōna bo tsamaile likhoeli, mohlomong lilemo, re sa latsoe thabo e khethehileng e tlisoang ke ho ruta motho e mong ’nete. Re ka etsa eng mabapi le see ka November? Kaha ho nehelanoa ka buka ea Tsebo khoeling ena, re ka etsa boiteko bo khethehileng ba ho e sebelisa hore re qale lithuto tsa Bibele tse ncha.
2 Behella ka Thōko Bofelo ba Beke e le ’Ngoe Kapa ho Feta: Re khothalletsa e mong le e mong hore a behelle nako e itseng ka thōko khoeling ena hore a nahanisise ka ho qalisa thuto ea Bibele. Bakhanni ba Thuto ea Buka ba lokela ho khetha mafelo-beke a tla sebelisetsoa morero ona ka ho khetheha ’me ba hlophise lihlopha tsa bona hore li etse boiteko bo kopanetsoeng mosebetsing oa maeto a ho boela.
3 Tloo le litlaleho tsa hao tsa maeto a ho boela libokeng tsena tsa tšebeletso ea tšimo. Ebe joale u etela bohle ba bontšitseng thahasello, ba nkileng lingoliloeng, kapa ba bileng teng libokeng. Etsa leeto ka leng ka morero o khethehileng oa ho qalisa thuto.
4 Etsa Pontšo ea Thuto ea Bibele: Libokeng tse khethiloeng tsa tšebeletso ea tšimo ho lokela hore ho etsoe pontšo e lokiselitsoeng hantle, e bontšang kamoo ho qalisoang thuto leetong la ho boela. U ka ’na ua re: “Batho ba bangata ba na le Bibele, empa ha ba hlokomele hore e na le likarabo lipotsong tsa bohlokoa tseo bohle re talimanang le tsona bophelong. [Bontša lethathamo la tse ka hare bukeng ea Tsebo, ’me u bale lihlooho tsa khaolo ea 3, 5, 6, 8 le 9.] U sebelisa thuso ena ea ho ithuta ka nako e etsang hora beke ka ’ngoe, u ka fumana kutloisiso ea motheo ea Bibele ka likhoeli tse seng kae feela. Haeba u rata ho khetha se seng sa lihlooho tsena, ke tla thabela ho u bontša kamoo lenaneo lena le sebetsang kateng.” Haeba motho eo a qeaqea ho ithuta ka lebaka la kemiso e phathahaneng, hlalosa hore re boetse re na le lenaneo le khutsufalitsoeng. Kenyelletsa bukana ea Seo a se Hlokang, ’me u buelle ho ithuta thuto e le ’ngoe e khutšoanyane ka beke ka metsotso e 15-30.
5 Haeba kaofela re etsa boiteko bo kopanetsoeng ba ho qalisa lithuto, re bile re rapella tlhohonolofatso ea Jehova boitekong ba rōna, ka sebele re tla fumana lithuto tse ncha! (1 Joh. 5:14, 15) Haeba u batla thuto ea Bibele, ona e ka ’na ea e-ba monyetla oa hao oa hore u e qale.