Balebeli ba Etellang Pele—Mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa
1 Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova, ke tokisetso e ka sehloohong ea “lekhoba le tšepahalang le le masene” bakeng sa ho re abela lijo tsa moea “ka nako e tšoanetseng.” (Mat. 24:45) Moholo ea khannang Thuto ea Molula-Qhooa o na le boikarabelo ba bohlokoa joaloka mosuoe ea nang le bokhoni ea behang mohlala o motle oa bophelo ba Bokreste.—Baroma 12:7; Jak. 3:1.
2 E le hore a rute ka tsela e atlehang, mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa o lokela ho etsa boiteko bo tiileng ba ho lokisetsa beke e ’ngoe le e ’ngoe. O etsa joalo ka thapelo le ka hloko. Ho thahasella ha hae phutheho ka matla ho bonahatsoa ke boiteko ba hae bo tiileng ba ho re finyella lipelo ka boitsebiso bo ithutoang. O tsepamisa mohopolo oa hae lintlheng tse khōlō tsa sehlooho se ithutoang ’me o re thusa ho bona kamoo li amanang le sehlooho se seholo kateng.
3 Ho lokisetsa ka botlalo ho akarelletsa hore a shebe mangolo esale pele e le hore a tsebe kamoo a sebetsang kateng. O etelletsa pele Lentsoe la Molimo ka ho khothalletsa phutheho ho sebelisa Bibele hamolemo nakong ea thuto. Ha ntlha ea bohlokoa e sa kenyelletsoa litlhalosong tsa phutheho kapa tšebeliso ea lengolo la sehlooho e hlokomolohiloe, o phaella ka ho botsa potso e tobileng ho hlahisa boitsebiso boo. Ka tsela ena, o re thusa ho fihla sephethong se nepahetseng le ho tseba kamoo re ka sebelisang seo re ithutang sona bophelong kateng.
4 Mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa o tsoela pele ho loanela ho ntlafatsa tsebo ea hae ea ho ruta. Ha a hlalose taba lolololo empa o re khothalletsa ho fana ka litlhaloso—ka mantsoe a rōna, ka bokhutšoanyane le ka ho toba taba. Ka linako tse ling a ka ’na a re hopotsa hore ea qalang ho fana ka tlhaloso serapeng o lokela ho fana ka karabo e khutšoanyane, e tobileng potsong e ngotsoeng. Litlhaloso tse eketsehileng tsa bamameli li ka ’na tsa lebisa tlhokomelo tšebelisong ea mangolo, mabakeng a tšehetsang taba, kapa tseleng eo boitsebiso boo bo ka sebelisoang ka eona. Ka ho khothalletsa batho ka bomong le malapa ho lokisetsa, mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa o sebeletsa ho susumelletsa e mong le e mong ho ba le takatso ea ho nka karolo.
5 Joaloka “batho ba rutoang ke Jehova,” re ananela “limpho [tseo e leng] banna,” tse kang bakhanni ba Thuto ea Molula-Qhooa, ba “sebetsang ka thata . . . ho ruteng.”—Esa. 54:13, NW; Baef. 4:8, 11; 1 Tim. 5:17.