Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/99 leq. 1
  • Ba Memele ho Tla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Memele ho Tla
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Libokeng Kamehla?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Kamehla Libokeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Liboka Tsa Lipaki Tsa Jehova li ka U Tsoela Molemo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • “A re Eeng ka Tlung ea Jehova”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 3/99 leq. 1

Ba Memele ho Tla

1 Memo e entsoeng makholong a lilemo a fetileng hona joale e etsoa linaheng tse 233 ho pota lefatše: “Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.” (Esa. 2:3) Ho lebisa batho mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ke e ’ngoe ea litsela tseo ka tsona re ka ba thusang ho tsoela pele moeeng e leng ho isang bophelong bo sa feleng.

2 Bahoeletsi ba bang ba ka ’na ba qeaqea ho memela batho Holong ea ’Muso ho fihlela ba tsoetse pele haholo thutong ea lehae ea Bibele. Leha ho le joalo, ka linako tse ling batho ba bang ba ee ba tle libokeng tsa phutheho le pele ho qalisoa thuto ea Bibele le bona. Ha rea lokela ho lieha ho mema batho ka mofuthu le ho ba khothalletsa ho tla libokeng.

3 Se ka Etsoang: Sebelisa limemo hamolemo ho tsebisa batho ka liboka tsa rōna tsa phutheho. Bolela hore ho kenoa mahala libokeng ’me ha ho mohla ho fetisoang sekotlolo sa koleke. Hlalosa hore na liboka li tsamaisoa joang. Bontša hore ha e le hantle ke thupelo ea Bibele le hore boitsebiso bo ithutoang bo fuoa bohle hore ba bo latele. Lebisa tlhokomelo limelong tse sa tšoaneng le maemong a bophelo a sa tšoaneng a ba bang teng. Bolela hore ba bang teng ke batho ba lulang sebakeng seo le hore bana ba lilemo tsohle baa amoheloa. Re lokela ho mema bao re ithutang le bona, re ithaopele ho ba thusa ka tsela leha e le efe hore ba be teng.

4 E ’ngoe ea lintho tsa ho qetela tse tlalehiloeng ka Bibeleng ke memo e mofuthu ea ho thabela litokisetso tsa Jehova tsa bophelo: “’Me moea le monyaluoa ba ntse ba tsoela pele ho re: ‘Tloo!’ . . . ’Me mang kapa mang ea nyoriloeng a a tle; mang kapa mang ea lakatsang a a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšen. 22:17) Ha ho letho le ka nkang sebaka sa ho memela ba bang libokeng tsa rōna.

5 Esaia 60:8 ka tsela ea boprofeta e bontša barorisi ba bacha ba likete tse makholo bao hona joale ba tlang liphuthehong tsa batho ba Molimo joaloka maeba a “fofang joalo ka maru le joalo ka maeba a rurelang matlung a ’ona.” Kaofela ha rōna re ka memela ba bacha libokeng tsa rōna ’me ra etsa hore ba ikutloe ba amohelehile. Ka tsela ena, re tla be re sebelisana le Jehova ha a potlakisa mosebetsi oa ho bokella.—Esa. 60:22.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela