Na U Sebetsa U E-na le Morero?
1 Jehova ke Molimo oa morero. (Esa. 55:10, 11) Re khothalletsoa ho mo etsisa. (Baef. 5:1) Ka sebele sena se lokela ho tiisoa ke tsela eo re etsang tšebeletso ea rōna ka eona. Kahoo potso ena ke e loketseng: “Na u sebetsa u e-na le morero?”
2 Ho bolela ha hao ka ntlo le ntlo, ho paka ka mokhoa o sa reroang le ho aba libuka, kaofela ke karolo ea tšebeletso e nang le morero. Empa hopola hore thōmo ea rōna ha e akarelletse feela ho bolela empa le ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Ka mor’a ho jala lipeō tsa ’nete ea ’Muso, ho hlokahala hore re khutlele ho ea li nosetsa le ho li hlokomela kamehla ha re ntse re talimile ho Jehova hore a tlise keketseho. (1 Bakor. 3:6) Ho hlokahala hore re be hlokolosi ka ho etsa maeto a ho boela le ho qala lithuto tsa Bibele.
3 Atolosa Tšebeletso ea Hao: Kamehla ho ba le boikutlo bo monate ha u hetla morao ho seo u se entseng ’me u ipolella: “Ke phethile seo ke neng ke tsoile ho ea se etsa.” Joalokaha ho tlalehiloe ho 2 Timothea 4:5, Pauluse o ile a khothalletsa: “U phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.” Hoo ho akarelletsa ho atolosa boiteko ba hao ba ho latella thahasello eohle e fumanoeng. Kemisong ea hao ea tšebeletso ea beke le beke, behella nako e itseng ka thōko bakeng sa ho etsa maeto a ho boela. Sebeletsa ho finyella pakane ea ho qala lithuto tsa Bibele le bao ba sekametseng ho lokeng. Ona e lokela ho ba morero oa hao ha u kopanela tšebeletsong.
4 Botsa bahoeletsi ba bang hore na ba ile ba ikutloa joang ha ba bona liithuti tsa bona tsa Bibele li kolobetsoa kopanong. Ba ile ba thaba, mohlomong joaloka bao ba kolobetsoang. Ba finyelletse morero o moholohali! Moetsi e mong oa barutuoa o ile a itlhalosa ka tsela ena: “Ho etsa barutuoa ho bolela ho hlahisa barorisi ba eketsehileng ba Jehova. Ho bolela bophelo ho ba amohelang ’nete. Ke rata ho ruta ba bang ’nete—ke ntho e babatsehang! . . . Ba bangata ba ileng ba fetoha ba ratang Jehova e bile metsoalle ea ka e ratehang haholo.”
5 Inahanele u khona ho thusa motho ho ba mohlanka ea inehetseng oa Jehova! Ke mohloli o mokaakang oa thabo! Litholoana tse joalo li hlaha ka mora ho sebetsa u e-na le morero tšebeletsong.—Bakol. 4:17.