Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/99 leq. 7
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • A re Bolokeng Sebaka sa Rōna sa Borapeli se le Boemong bo Botle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Re ka Hlokomela Holo ea Rōna ea ’Muso Joang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
  • Sena ke Sebaka sa Rōna sa Borapeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Litokisetso Tsa ho ba le Libaka Tsa Borapeli
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 11/99 leq. 7

Lebokose la Lipotso

◼ Ke mang ea ikarabellang bakeng sa ho hloekisa Holo ea ’Muso?

Holo ea ’Muso e hloekileng le e bohehang e fa molaetsa oo re o bolelang seriti. (Bapisa le 1 Petrose 2:12.) Ke habohlokoa ho boloka holo e hloekile e le makhethe, ’me e mong le e mong a ka kopanela ho etseng hore e lule e le boemong bo botle. Ha rea lokela ho lebella hore e be batho ba seng bakae feela ba jarang boikarabelo bona bohle. Hangata, ho hloekisa ho hlophisoa ho ea ka litsi tsa Thuto ea Buka ea Phutheho, ’me mokhanni oa thuto kapa motlatsi oa hae ke bona ba etellang pele. Liholong tseo ho kopanelang liphutheho tse fetang e le ’ngoe ho tsona, baholo ba tla hlophisa hore liphutheho tsohle li kopanele ho e bolokeng e le boemong bo botle.

Re ka hlokomela boikarabelo boo ka tsela e molemohali joang? Holo ea ’Muso e lokela ho hloekisoa ho latela kemiso ea kamehla. Thepa le lisebelisoa li lokela ho fumaneha haufi e le hore li sebelisoe ha ho hloekisoa. Ho lokela hore ho etsoe lethathamo la lintho tse lokelang ho etsoa ’me le behoe moo basebetsi ba ka le bonang bakeng sa ho sheba litaelo. Ho ka ’na ha e-ba le mathathamo a mabeli a fapaneng, le leng bakeng sa tlhoekiso e bobebe ea ka mor’a seboka se seng le se seng ’me le leng bakeng sa tlhoekiso e feletseng e etsoang hanngoe ka beke. Mokhanni oa thuto ea buka o lokela ho hlophisa letsatsi le nako e loketseng bohle ba abetsoeng ho hloekisa ka ho feletseng. Mohloa, lipalesa le seratsoana sa lipalesa le tsona li lokela ho fuoa tlhokomelo kamehla. Litselana tsa maoto le sebaka sa ho emisa likoloi li lokela ho lula li se na matlakala. Selemo se seng le se seng ho lokela ho hloekisoe ka ho feletseng, mohlomong pejana ho Sehopotso. Sena se ka ’na sa akarelletsa ho hlatsoa lifensetere le mabota, ho hlatsoa k’hapete le ho hloekisa lintho tse kang likharetene.

Ka sebele, kaofela ha rōna re ka bebofatsa mosebetsi ka ho se lahlele lichepisi kapa matlakala ka hare ho holo kapa ka ntle ho eona. Re ka siea ntloana e le makhethe, e hloekile bakeng sa motho ea tla latela ha re qeta ho e sebelisa. E-ba hlokolosi ho qoba ho roba lisebelisoa kapa ho senya thepa. Ela hloka matheba a k’hapeteng, litulo tse senyehileng, mathata a lipeipi tsa metsi, mabone a felileng le tse ling tse joalo, ’me kantle ho tieho u tlalehe lintho tsena ho mor’abo rōna ea ikarabellang bakeng sa ho boloka Holo ea ’Muso e le boemong bo botle.

Kaofela ha rōna a re ikemisetseng ho etsa karolo ea rōna. Hona ho etsa hore ntlo ea borapeli e be e khathollang ’me ho re khetholla re le batho ba hloekileng ba hlomphang Jehova Molimo.—1 Pet. 1:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela